Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Thuto Ea Johanne E Sa Tloaelehang

    Ho ea ka tšoanelo mor’a Sakaria o ne a tsoanetse ho rutoa likolong tsa borabbi. Empa lithuto tseo tsa borabbi li ne li ke ke tsa tsamaea-moho le mosebetsi oa hae. Molimo O ile a ‘mitsetsa naha-thote hore a tle a ithute lintho tsa tlholeho le tlholeho ea Molimo.EN 61.1

    Johanne a fumana lehae la hae lithoteng tse feela, liphuleng tse hlaha le mahaheng. Se mo pota-potileng sebakeng sena se ne se hlaolela litakatso tse ratehang, tse monate, tsa boitelo. Feelleng mona o ne a ka ithuta lithuto tsa tlholeho, tsa tšenolo ea ho itokisetsa nako e tlang. Ho tloha bongoaneng borumuoa ba hae bo ne bo beiloe ka pel’a hae ke batsoali ba hae ba tšabang Molimo, ‘me a amohela mosebetsi oo ka bokhethehi. Ho ba inotši lehoatateng e ne e le ntho e ntle e Mo tlosang sechabeng se silafalitsoeng ke ho hloka tumelo le bohloeki. O ile a tšaba ho thetsa bobe e le hore a se ke a lahleheloa ke kclello ea ho elelloa sebe.EN 61.2

    Empa bophelo ba Johanne ha bo ea qetoa bolutung moo a leng mong. Nako le nako o ne a ee a iteanye le batho ba bang ho buisana le bona, hape e le motho ea thahasellang ho boha se etsahalang lefatšeng. Ka tataiso ea Moea o Halalelang O ile A ithuta le ho utloisisa batho hore na a ka ba thusa joang hore ba amohele molaetsa oa leholimo. Moroalo oa thomo ea hae o ne o le mahetleng a hae. Boikhutsong le thapelong a ipeha pel’a Molimo hore A mo matlafatse mosebetsing oo a tlang ho o phetha bophelong ba hae.EN 61.3

    Ha a le feelleng ha a ka a qheleloa ka thoko ho liteko. O ile a hlaseloa ke moleki, empa pono ea moea oa hae e ne e hlakile, ‘me ka lebaka la Moea o Halalelang O ile A tseba ho bona le ho hanela lithetso tsa Satane.EN 61.4

    Joaloka Moshe ha a le har’a lithaba tsa Mediane, Johanne o ne a koaletsoe ke boteng ba Molimo. Lehae le lehoatateng le masoabi le chebahalo ea tlhaho li ne li bontša bocmo ba Iseraele. Tsimo ea morara ea Molimo e ne e fetohile lesupi. Empa holimo maru a matšo a bontša a potapotiloe ke mookoli oa tšepiso.EN 61.5

    Boinotsing, bosiung bo khutsitseng, a bala tšepiso ea Molimo eo a ileng a e fa leloko la Abrahama le se nang palo joaloka linaleli. Leseli la meso, la ‘molella ka Eo ea tlang ho ba joaloka “Leseii la meso, ha tsatsi le chaba ha meso e se na maru.” 2 Samuele 23:4. Har’a mpa ea motšeare a bona botlehali ba khanya ha “Khanya ea Jehova e tla bonahala, nama eohle e tla e bona hammoho.” Esaia 40:5.EN 62.1

    Ka boikokobetso ba hlompho, empa moea o phahame ke thabo,a batlisisa mangolong a boporofeta tšenolo ea ho tla ha Mesia. Shilo o ne a tsoanetse ho hlaha pele terone ea Davida e hloka eo eleng oa leloko la hae. Joale nako e fihlile. ‘Musisi oa Roma o lutse ntlong ea borena thabeng ea Sione. Ka lentsoe le tiileng le tsoang ho Jehova, Kreste O ne A se A hlahile.EN 62.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents