Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Thapelo Ea Nathanaele Ea Sephiri Ea Arajoa

    Nakong eo Filipi a neng a ‘mitsa, Nathanaele o ne a ile moo ho khutsitseng, ho ea nahana ka boporofeta bo amanang le Mesia. O ile a rapela hore haeba eo Johanne a neng a Mo supa ke Eena Mopholosi, a mpe a senoleloe. Moea o Halalelang O ile oa tlala ka ho eena, ‘me oa mo khothatsa hore Molimo O etetse sechaba sa Oona. Filipi o ne a tseba hore motsoalle oa hae o ntse a batlisisa Mangolong. Filipi a mo fumana moo a ntseng a rapela teng. Bane ba ile ba ‘na ba rapella moo ba tširuoe ke litlama.EN 88.2

    Molaetsa ona, “Re fumane eo Moshe a ngotseng ka eena Molaong, le boporofeta ba ngotseng ka eena,” o ile oa utloahala ho Nathanaele e le karabo ea thapelo ea hae. Filipi o ile a eketsa a re, “e leng Jesu, mor’a Josefa oa Nasaretha.” Ho se lumele ho ile ha hlaha ka pelong ea Nathanaele, ‘me a khotsa a re, “Na ho na le ho molemo ho ka tsoang Nasaretha?”EN 88.3

    Filipi a araba a re, “Tloo, u bone.” Jesu A bona Nathanaele a e-tla ho Eena, A ‘molella A re, “Bonang mo-Iseraele oa ‘nete, eo ho se nang mano ho eena!” Nathanaele a araba ka ho makala a re, “U ntsebella kae?” Jesu A araba A re, “Ke u bone pele Filipi a u bitsa u le katlas’a sefate sa feiee.”EN 88.4

    Karabo ena e ne e lekane, Moea oa Leholimo O neng O ile oa pakela Nathanaele thapelong ea hae ea sephiri, tlas’a sefate sa feiee, O ile oa bua le eena ka mantsoe a Jesu. Nathanaele o ne a tlile ho Kreste a na le takatso ea ho tseba ‘nete, ‘me takatso ea hae e ne e phethisitsoe. A re, “Rabbi, u Mora oa Molimo, u khosi ea Iseraele!”EN 88.5

    Hoja Nathanaele o ne a tšepile tataiso ea baruti, a ka be a sa fumana Jesu. E ile ea e-ba morutuoa ka ho ichebela le ho iketsetsa qeto. Ho joalo le kajeno. Ba bangata ba tšepile matla a batho. Joaloka Nathanaele, re tšoanela ho ithuta lentsoe la Molimo ka bo rona, me re rapele ho re Moea o Halalelang O re tataise. Ea ileng A bona Nathanele tlas’a sefate sa feiee, O tla re bona ha re rapela sephiring. Mangeloi a haufi le ba batlang tataiso ea leholimo ka boikokobetso.EN 88.6

    “Motheho oa kereke ea bokretse o qalile ka pitso ea Johanne, Andrease, Simone, Filipi, le Nathanaele. Johanne o ile a bontša barutuoa ba hae ba babeli Kreste. ‘Me e mong oa bona, Andrease a bitsa ngoan’abo. Joale ha bitsoa Filipi, ‘me eena a batla Nathanaele. Ena ke mehlala ea hore re tsoanetse ho bitsa bang ka rōna, metsoalle, le ba ahileng le rona. Ba bang ba teng, ba e-s’ong ho ikhathatse ho tlisa moea leha o le mong ho Mopholosi.EN 89.1

    Ba bangata ba ile tahlehong, ba ka beng ba pholohile hoja baahisani le bona, banna le basali, esita le batho feela ba ba sebeletsa. Re na le mosebetsi oo re tšoanetseng ho o phetha: malapeng, ho baahisani, le metseng eo re phelang ho eona. Motho ha a sokoloha ka hare ho eena ho ba le takatso ea ho bolella ba bang ka setsoalle sa hae le Jesu.EN 89.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents