Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Thahasello Ea Mosali Ea Tsosolosoa

    Mokhoa oa mosali enoa oa mafeela, oa masaoana, oa fetoha. “Monghali, ha u na sekhello, le seliba se tebile; joale metsi a kollang u a nka kae? Na u moholo ho feta ntat’a rōna Jakobo ea re neileng seliba see, le eena a noa ho sona?” O ne a bona ka pele ho eena motsamai feela ea nyoriloeng. Kelellong ea hae o ile a mo bapisa le Jakobo. O ne a hetlile morao, nakong ea bontat’ae, le pele Mesia A e-tla, athe Mesia ka bo-Eena O pel’a Hae, ‘me o ne a sa Mo tsebe. Ke meea e mekae kajeno, e nyoriloeng empa e le haufi le seliba, empa e shebile hole moo e ka fumanang mohloli oa seliba sa bophelo!EN 117.4

    Ka qophello e mahlonoko Jesu A re, “E mong le e mong ea noang metsi ana, o tla nyoroa hape; athe mang le mang ea noang metsi ao ke tla mo fa ‘ona, a ke ke a hlola a nyoroa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa ‘ona a tla fetoha ka ho eena seliba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”EN 117.5

    Ka hohle, batho ba laba-labela ho fumana se ka kholisang meea ea bona. O mong feela ea ka tsebang ho etsa joalo -Kreste Eena takatso ea lichaba tsohle. Mohau oa bo-Molimo oo a fanang ka ‘ona, o joaloka metsi a bophelo, a hloekisang ‘me a tlatsa moea ka mafolofolo.EN 117.6

    Jesu ha A ka A hlahisa maikutlo a hore ho nka karolo e fokolang feela ea metsi a bophelo hang ho lekane. Ea latsoang lerato la Kreste o tla lula a lakatsa ho fumana ho feta; ‘me a ke ke a hlōla a batla ho hong hosele. Maruo, tlotla, le menyaka ea lefatše ha e sa mo hohela. Sello sa kamehla sa pelo ea hae ke hore, “Nkekeletse Morena.” Mopholosi oa rōna ke mohloli o sa cheng. Re ka noa, ra boela ra noa; ‘me re tla ‘ne re fumane metsi a macha kamehla.EN 118.1

    Jesu O ne A tsosolositse thahasello ea mosali ‘me A tsosolositse takatso ea ho fumana mpho eo A neng A buile ka eona ha mosali a tla re, “Monghali, ak’u mphe metsi ao, hore ke se ke ka hlola ke nyoroa, leha e le ho tla kha mona.”EN 118.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents