Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Jesu O Nehelana Ka Bopaki

    Letsatsi la ea joalo, barutuoa ba Johanne ba bona ‘me ba utloa tsohle. Qetellong Jesu A ba bitsetsa ho Eena, ‘me A ba laela ho ea bolella Johanne tsohle tseo ba li boneng. A ba A eketsa ka ho re, “Ho lehlohonolo ea sa khoptjoeng ka baka la ka!” Bopaki ba bo-Molimo ba Hae ba bonoa; ‘me khanya ea Hae ea bonahatsoa ka ho theohela ha Hae boemong ba rōna bo tlase.EN 142.5

    Barutuoa ba isa molaetsa, eaba ho lekane. Johanne a hopola boporofeta bo buang ka Mesia, bo reng: “Molimo...o ntlotselitse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthōmetse ho thoba pelo tsa ba soabileng, ho phatlalletsa bathōpuoa tsa tokoloho le hore ba chankaneng ba tla lokolloa.” Esaea 61:1. Mesebetsi ea Kreste e ne e Mo phafa hore ke Mesia. Jesu O ne A lokela ho phetha mosebetsi oa Hae, e seng ka ho loana ka libetsa kapa ho ketola marena le mebuso, empa e be ka ho buisana le lipelo tsa batho ka bophelo bo tletseng mohau le boinehelo.EN 143.1

    Molao o tsamaisang bophelo ba Mokolobetsi e ne e le molao oa ‘Muso oa Mesia. Empa seo ho eena e neng e tla ba bopaki bo kholisang ba bo-Molimo ba Kreste, ho baetapele ba Iseraele e ne e se bopaki ho hang. Johanne o ile a elelloa hore tšebetso ea Mopholosi, ho bona e ka tlisa feela lehloeo le tsuo. Eena, e le selekela, o ne a noela senoelong seo Kreste ka bo-Eena A neng A lōkela ho noela ho sona, A be A se menyeletse.EN 143.2

    Taeo ea Mopholosi e bonolo, e ne e sa lahleha feela ho Johanne. Joale a utloisisa hantle sebōpeho sa mosebetsi oa Kreste, ‘me a inehela ho Molimo hore a tle a ntšetse pele mosebetsi oona oo a o ratang, leha ho ka mo qosa bophelo ba hae.EN 143.3

    Pelo ea Mopholosi e ile ea hlomohela paki ena e tšepahalang, e neng e le chankaneng ea Heroda. A sitoa hore A tlohelle feela, hore batho ba etse qeto ea hore Molimo O furalletse Johanne, kapa ba re tumelo ea hae e ile ea fela mohlang a neng a qosoa. A ba botsa, A re, “Le ne le il’o bona eng feelleng? Lehlaka le tsukutloang ke moea?”EN 143.4

    Baruti ba neng ba emetse ho nyatsa mosebetsi oa Mokolobetsi, ba ne ba tšoana le lehlaka le lelelele le pel’a nōka ea Jorodane, ba ne ba tsokoletsca koana le koana ke maikutlo a bongata; ‘me ka lebaka la ho tšaba batho, ba ne ba sitoa ho hanyetsa mosebetsi oa Hae phatlalatsa. Haele mohlanka oa Molimo, Johanne, eena e ne e se lekoala le joalo. O ile a bua ka ho totobala ho tšoanang ho Bafarisi, ho Basaduke, ho Morena Heroda le lekhotla la hae, ho mahosana le masole, le ho balekhetho le bafo. E ne e se lehlaka le tetemang. Le ka chankaneng o ne a tšepahetse ho Molimo ka mokhoa o tšoanang; a tšepahala molaong, a tiile joaloka lefika.EN 143.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents