Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ha Leholimo Le Qaleha

    “Kannete-nete, kea le bolella, ea lumelang o na le bophelo bo sa feleng.” Eaba Jesu O re, “Ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.” Kreste O fetohile nama e le ‘ngoe le rōna, e le hore re fetohe moea o le mong le Eena. Ka molemo oa kopano ena re tla tsoa lebitleng hobane ka tumelo bophelo ba Hae bo fetoha ba rona. Ba bonang Kreste ‘me ba Mo amohela pelong, ba na le bophelo bo sa feleng. Ka moea, Kreste O aha ka har’a rona; ‘me Moea oa Molimo, O amohetsoeng ka tumelo, ke qaleho ea bophelo bo sa feleng.EN 260.3

    Manna ao bo-ntate ba a jeleng felleng ha a ka a thibela lefu leha e le ho fana ka tiiso ea ho se shoe, empa bohobe ba leholimo bo ka fepa moea ho isa bophelong bo sa feleng. Mopholosi A re, “Bona ke bohobe bo theohang leholimong, hore motho a bo je, ‘me a se ke a shoa.” Ke ka ho shoa feela Kreste A neng A ka abela batho bophelo, ‘me O supa lefung la Hae e le lona tekanyo ea pholoso: “Bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatše, ke nama ea ka.”EN 260.4

    Ka setšoantšo sa konyana ea Paseka Majuda ha a ka a lemoha ‘mele oa Morena. ‘Nete eona eo e ile ea rutoa ka mantsoe a Kreste, empa e ‘nile ea se ke ea lemohuoa.EN 261.1

    Joale baruti ba molao ba hōoa ka khalefo, “Eo a ka re nea nama ea hae joang, ra e ja?” Ka mohlomong ba ne ba elelloa se boleloang ke Jesu, empa ka ho nea mantsoe a Hae moelelo osele ba ne ba tšepile ho Mo qabanya le batho.EN 261.2

    Kreste A pheta ‘nete hape ka mantsoe a matla A re, “Kannetenete, kea le bolella, ha le sa je nama ea Mor’a Motho, le sa noe mali a hae, ha le na bophelo ka ho lōna. Ea jang nama ea ka, a e-noa mali a ka, o na le bophelo bo sa feleng, ‘me ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela. Nama ea ka ke sejo sa ‘nete, le mali a ka ke seno sa ‘nete. Ea jang nama ea ka, a e-noa mali a ka, o lula ka ho ‘na, le ‘na ka ho eena.”EN 261.3

    Seo sejo se leng sona ‘meleng, Kreste O tšoanela ho ba sona moeeng. Sejo se ke ke sa ba molemo ho rōna ntle le ha se fetoha boleng ba rōna. Ka hona tsebo e sa theoang holim’a liketso kapa taba e tsejoang e ke ke ea re thusa ka letho. Re tšoanetse ho feptjoa ho Kreste. Bophelo ba Hae, lerato la Hae, mohau oa Hae, li tšoanetse ho amoheleha e le karolo ea rōna.EN 261.4

    “Joalekaha Ntate ea phelang a nthōmile, ‘me ke phela ka Ntate, le ea ntjang o tla phela ka ‘na.” Jesu O ne A ineetse ka botlalo thatong ea Molimo hoo eleng Ntate feela ea neng A bonahala bophelong ba Hae. Leha A lekiloe lintlheng tsohle joaleka rōna, O eme A sa netoa ke bokhopo bo neng bo Mo potapotile. Ke ha joalo le rōna re lokelang ho hlōla joalekaha Kreste a hlōtse.EN 261.5

    A u molateli oa Kreste? Ha hole joalo sohle se ngoliloeng bakeng sa bophelo ba moea u ka se fihlela ka ho ikopanya ha hao le Jesu. A lerato la hao la pele le tapile? Amohela hape lerato la Kreste. Ja nama ea Hae, noa mali a Hae, ‘me u tla fetoha ntho e le ‘ngoe le Ntate le Mor’a.EN 261.6

    Ka molao oa moetlo Majuda a ne a hanetsoe ho latsoa mali, ‘me joale ba fana ka moelelo osele mantsoeng a Kreste ka hore ke a hlomphollang mesebetsi ea kereke. Bongata esita le ba -barutuoa ba re “Polelo ena e thata; ke mang ea ka e mamellang?”EN 261.7

    Mopholosi A ba araba A re, ‘’Na hoo hoa le khōpisa? Joale ho tla ba joang ha le bona Mor’a Motho a nyolohela moo a neng a le teng pele? Moea ke oona o phelisang, nama ha e thuse letho; lipolelo tseo ke li buileng ho lōna ke moea, ‘me ke bophelo.”EN 262.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents