Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 68—BAGERIKE BA BATLA HO BONA JESU

    [E itšetlehile ka Johanne 12:20-43.]

    Ho ne ho e-na le Bagerike ba bang har’a ba nyolohang ho ea khumamela Molimo moketeng. Ba tla ho Filipi....ba kōpa, ba re: Monghali, re rata ho bona Jesu. Andrease le Filipe ba ea bolella Jesu.”EN 419.1

    Ka nako ena, ho ne ho bonahala eka mosebetsi oa Kreste o hlolehile hampe haholo. O ne A ile A hlōla toantšanong e neng e le lipakeng tsa Hae le baprista le Bafarisi, empa ho ne ho totobetse hore ba ke ke ba Mo amohela e le Mesia. Karohano ea ho qetela e ne e fihlile. Ho ne ho bonahala eka ha ho sa na thuso. Empa ketsahalo e kholo, e neng e ama lefatše kaofela, e ne e le haufi le ho phethahala. Eare ha Jesu A utloa kōpo e reng, “Re rata ho bona Jesu,” e hoeletsa tlala e tšoereng lefatše, sefahleho sa Hae sa ela, ‘me A re, “Nako e fihlile ea hore Mor’a motho a tlotlisoe.”EN 419.2

    Banna bana ba ne ba tsoa Bophirima ‘me ba fumana Mopholosi matsatsing a ho qetela a bophelo ba Hae lefatšeng. Qalehong ea mosebetsi oa Hae banna ba bohlale bane ba ile ba hlaha Bochabela. Bagerike bana ba ne ba emetse mehlobo, merabe le lichaba tse lefatšeng. Batho ba linaha tsohle le ba mengoaha eohle, ba ne ba tla huloa ke sefapano sa Mopholosi.EN 419.3

    Bagerike ba ne ba lakalitse ho tseba ‘nete ka mosebetsi oa Kreste. Ha ba re, “Re rata ho bona Jesu,” O ne A le ka karolong ea tempele eo ho neng ho sa lumelloe batho ho kena, haese Bajuda feela, empa O ile A tsoa A teana le Bagerike bao ka karolong e ka ntle ea tempele, ‘me A ba le lipuisano le bona.EN 419.4

    Lipotso tsa Bagerike li ile tsa bontša Kreste hore, sehlabelo seo A neng A le haufi le ho iketsa sona, se tla tiisa bara le barali ba bangata ho Molimo. O ne a tseba hore haufi Bagerike ba tla ‘mona a le boemong boo ba neng ba sa bo nahane ho hang. Ba ne ba tla ‘mona a beiloe pel’a Barabase, oa lesholu le ‘molai. Potsong ena, e reng, “Joale ke etse joang ka Jesu?” Karabo e tlaba, e reng, “A thakhisoe.” Matheu 27:22. Ka ho iketsa sehlabelo sa sebe, Kreste O ne A tseba hoba ‘Muso oa Hae o tla phethahala ‘me o anele ka lefatše lohle. O ne A tla sebetsa e be ‘Museletsi, ‘me Moea oa Hae o ne o tla hlōla.EN 420.1

    Ka nakoana e seng kae, A utloa mantsoe ka nq’a tsohle tsa lefatše a hōoang a re, “Bonang Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše.” Johanne 1:29. Ho balichaba bana Kreste A bona tšepiso e tiileng ea kotulo e kholo. Tebellong ea taba ena e le ho phethahala ha tšepo ea Hae, ha utloahatsoa mantsoeng a reng, “Nako e fihlile ea hore Mor’a Motho a tlotlisoe.” Empa mokhoa oo tlotliso ena e neng e tla phethahala ka oona, o ne o sa hlakohe maikutlong a Kreste ka nako tsohle. Ke ka lefu la Hae feela lefatše le neng le tla pholosoa. Joaloka tlhaku ea koro, Mor’a motho One A tlameha ho liheloa fatše, ‘me A shoe, A patoe, A se ke a bonoa, A ntoo phela hape.EN 420.2

    “Kannete-nete, kea le bolella, ha tlhaku ea koro e oelang mobung, e sa shoe, e sala e le inotši, empa ha e e-shoa, e beha litholoana tse ngata.” Ha tlhaku ea koro e oela mobung ‘me e e-shoa, e tla mela hape ‘me e hlahise litholoana. Lefu la Kreste le ne le tla hlahisetsa ‘Muso oa Molimo litholoana ka mokhoa o joalo. Ho latela molao oa ‘muso oa limela, bophelo ke tholoana ea lefu la Hae.EN 420.3

    Selemo le selemo motho o ipolokela lijo ka hoo ekang ke ho lahla peo e khethehileng. Ka nakoana e se kae, e lula e ipatile ka mobong, e hlokometsoe ke Morena. E be e hlahisa lekhaba e etse tsebe, e qetelle ka ho beha liqoapi.EN 420.4

    Peō e kentsoeng mobung e beha litholoana, ‘me litholoana tseo li boele li jaloe hape. Ka hoo kotulo e ngatafale. Ka mokhoa o tšoanang, lefu la Kreste sefapanong le tla beha litholoana tse isang bophelong bo sa feleng. Ho nahana ka sehlabelo sena, e tlaba tlōtla ho bao, ba tla phela ka ho sa feleng e le ka lebaka la sona.EN 420.5

    Kreste O ne A ka ipholosa lefung, haeba A ne A ka ikhethela joalo. Empa hoja A etsa joalo, O ne A tla “sala A inotši”. Ke feela ka ho oela fatše, A e-shoa, A neng A ka fetoha peo ea kotulo e kholohali, e leng matšoele-tšoele A pholoselitsoeng ho Molimo.EN 420.6

    Thuto ena ea ho iketsa sehlabelo bohle ba tšoanetse ho ithuta eona, “Ea ratang bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela, ‘me ea hloeang bophelo ba hae lefatseng lena, o tla bo bōlōkela bophelo bo sa feleng.” Bophelo bo tšoanetse ho epeloa ka har’a bohloki ba lefatše. Haele boithati le boipaballo li lokela ho fela ka ha molao oa ho iketsa sehlabelo ke molao oa ho ipoloka. Ho fana ke ho phela. Bophelo bo tla bōlokeha ke bophelo bo iteletseng ho sebeletsa Molimo le motho ka bōlōkōlohi.EN 421.1

    Bophelo ba ho iphelela bo tšoana le peo e jeloeng. Ha bo na keketseho. Motho a ka ipokella ka tsohle ho ea kamoo a ka khonang, a ka iphelela, a nahana, a ba a rera ka bo-eena empa bophelo ba hae bo ea feta, ‘me a sale a se na letho. Molao oa ho iphelela ke molao oa ho ipolaea.EN 421.2

    Jesu O re, “Ha motho a ntšebeletsa, a ntatele, ‘me moo ke leng teng, le mosebeletsi oa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntšebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.” Bohle ba jereng sefapano sa sehlabelo hammoho le Jesu ba tla arolelana tlōtla le Eena. Ke basebetsi-’moho le Kreste ‘me Ntate O tla ba tlōtlisa joalokaha a tlōtlisa Mor’a Hae.EN 421.3

    Molaetsa oa Bagerike o ile oa tlisa khopolo kelellong ea Jesu, ea ho tloha nakong eo ho neng ho buuoa ka leano la Topollo mane leholimong, ho fihlela nakong eo eleng moo lefu la Hae le neng le se le atametse haholo. Ha bonahala eka Mora oa Molimo O koahetsoe ke leru la mohlolo. O ne A nkehile ke menahano. Qetellong a hōoa ka lentsoe le bohlōkō, A re, “Joale moea oa ka o ferekane. Ke tla re’ng? Na ke tla re: Ntate, u mpholose nakong ena?” Botho ba Kreste bo ne bo honyela bo tšaba nako ea ha A tla be A furalletsoe, ‘me bohle ba ‘mona A shapuoa, A otla ke Molimo, ‘me A hlōkōfatsoa. A tšaba ha A nahana ha A tla be A tšoaroa joaloka setlokotsebe se sebe ho feta tsohle A bile A shoa lefu la lihlong le tlontlollang. Ho nahana ka boima bo tšabehang ba litlolo tsa batho, le khalefo ea Molimo ka lebaka la sebe, tsa etsa hore moea oa Jesu o tetebele, ‘me serame sa lefu sa aparela sefahleho sa Hae.EN 421.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents