Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 27—MOLEPERA OA PELE EA ILENG A NTLAFATSOA KE KRESTE

    [E itšetlehile ka Matheu 8:2-4; 9:1-8,32-34; Mareka 1:40-45; 2:1-12; Luka 5:12-28.]

    Har’a mafu a tsebahalang ka bochabela, lepera le ne le tšajoa haholo. Ho se phekolehe, le ho tšoaetsana ha lefu lena le tsela eo le senyang motho litšobotsi ka eona le ne le tšosa le tsona linatla haholo. Har’a Bajuda le ne le shejoa e le kotlo e fuoeng motho ka baka la sebe, ke kahoo ho neng mothoe ke “monoana oa Molimo.” Le ne le nkuoe e le sesupo sa sebe.EN 173.1

    Seka motho ea seng a shoele, molepera o ne a sa lumelloe ho phela le batho. Sohle seo a neng a se ama se ne se sa hloeka. Moea o ne o silafatsoa ke phefumoloho ea hae. Ea neng a belaelloa hore o tšoeroe ke lefu lena o ne a tlameha ho itlhahisa ka pele ho ba-prista. ‘Me ha ho fumanehile hore ke molepera, ho ne ho etsoa qeto ea hore a eo lula le ba tšoeroeng ke lefu leo. Molao o ne o sa fetohe. Marena le babusi le bona ba ne ba tlanngoa ke molao oo ha le ba tšoere.EN 173.2

    Molepera o ne a jara thohako a le hole le metsoalle le bang ka eena. O ne a tlameha ho phatlalatsa sekhobo sa hae ‘me a hōelehetse haholo hore batho ba balehele hole le eena, esere a ba tšoaetsa. Sello se reng, “ha kea hloeka! ha kea hloeka!” Se ne se utloahala ka lentsoe le hlomolang le tsoang ho molepera ea lelekiloeng har’a sechaba ‘me sello seo se ne se tlatsa ba se utloang ka tšabo le nyeliso.EN 173.3

    Litaba tsa mosebetsi oa Kreste li ile tsa fihla ho ba bang ba neng ba tšoeroe ke lepera, ‘me tsa hotetsa tlhasenyana ea tšepo. Empa haesale ho tloha mehleng ea Elisha ho ne ho e-s’o ka ho utloahala ka motho ea kileng a hloekisa ea tšoeroeng ke lefu lena. Ho ne ho e-na le monna a le mong, le ha ho le joalo, eo pelong ea hae tlhase ea tumelo e ileng ea kunkela. Empa o ne a ka itlhahisa joang ho Mofolisi? Ana Kreste O ne A ka mo folisa? Ana O ne A tla tsotella motho ea ahloloang ke Molimo? Na O ne A tla mo neha thohako?EN 173.4

    Molepera o ile a nahana ka tsohle tseo a ileng a li utloa ka Jesu. Ho ne ho se le ea mong ea kileng a batla thuso ea Hae eaba oa lelekoa. Monna oa batho a ikemisetsa ho fumana Mopholosi. Mohlomong o ne a ka tšoha a teana le Eena tseleng tse thabeng kapa moo A ntseng A ruta teng ka ntle ho metse. Ena e ne e le eona feela tšepo ea hae.EN 174.1

    Molepera o ile a tataisetsoa ho Mopholosi moo A ntseng A ruta lebopong la leoatle. A ema thokoana, ‘me a utloa mantsoe a se makae a tsoang molomong oa Mopholosi. A ‘Mona A beha matsoho A Hae holim’a ba kulang, lihlotsa, lifofu, ba shoeleng litho, le ba neng ba le makhatheng a lefu a ba bona ba tsoha ba rorisa Molimo Ea ba lopolotseng. Tumelo ea matlafala pelong ea hae. A atamela haufinyane. A lebala lithibelo tseo a li etselitsoeng, le tšabo eo batho bohle ba neng ba mo tšaba ka eona. O ne a nahanne ntho e le ‘ngoe feela e leng tšepo e lehlohonolo ea ho folisa.EN 174.2

    O ne a tšabeha ha u mo talima. ‘Mele oa hae o seng o ntse o bola o ne o tšabeha haholo. Ha batho ba ‘mona ba chechella morao ke tšabo, ba hatellana holimo e le ha ba leka ho baleha molepera eo hore a se ba thetse. Ba bang ba leka ho mo thibela ho tla ho Jesu, empa ha a ka a ba bona kapa ho utloa ha ba bua. O ile a bona Mora oa Molimo feela. A phehella ho ea ho Jesu, me a itihcla maotong a Hae a lla a re, “Morena, ha u rata, u ka ntlhoekisa.”EN 174.3

    Jesu A araba A re: “Kea rata, hloeka,” ‘me A otlolla letsoho A mo ama.EN 174.4

    Hang-hang phetoho ea tlela molepera. Letlalo la hae la e-ba le bophelo, methapo kutlo ea boela ea utloa, mesifa ea tiea. Mahoashe le ho khakhapeha ha let’alo tsa nyamela, ‘me ha hlaha letlalo le bonolo le benyang joaloka la ngoana ea atlehileng.EN 174.5

    Ka potlako Kreste O ile A supisa motho enoa hore a thole ‘me a phakise a sebetse. A mo laela, A re, “Hlokomela u se bolelle motho, u mpe u e’o itlhahisa ho moprista, u ntše nyehelo e laetsoeng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.” Ha baprista ba ne ba ka tseba linnete tse amang ho fola ha hae lehloeo la bona ho Kreste le ne le ka ‘na la ba etsa hore ba se shebisise litaba hantle. Jesu O ratile hore molepera a itlhahise tempeleng pele mafosisa a ka fihla ho bona. Ke tsela ena ho neng ho tla etsoa qeto e senang leeme, ‘me molepera o ne a tla lumelloa ho boela a kopana le ba lelapa le metsoalle ea hae.EN 175.1

    Mopholosi o ne a tsebile hore ha litaba tsa molepera ea folisitsoeng li ka tsejoa hohle, ba bang ba tšoeroeng ka lepera ba ne ba tla balehela ho Eena, ‘me sello se ne se tla phahama sa hore batho ba tla tšoaetsoa. Balepera ba bangata ba ne ba sa tl’o sebelisa mpho eo ea pholiso e le lehlohonolo la bona kapa la ba bang. ‘Me ka ho hulela balepera ho Eena, O ne A tla fana ka monyetla oa ho qosoa ka hore O tlotse molao. Kahoo mosebetsi oa Hae oa boruti ebe oa khineha.EN 175.2

    Letšoele la batho le ile la e-ba lipaki tsa pholiso ea molepera ‘me ba ile ba thahasella ho tseba ka qeto ea baprista. Ha molepera ea folileng a khutlela ho metsoalle ea hae, thabo e ile ea khaphatseha. Molepera o ne a sitoa ho pata ka pholiso ea hae. E ne e ke ke ea e-ba ntho e ka etsahalang ruri hore a ka pata taba ena, empa molepera o ile a phatlalatsa taba eo, a nka hore ho hloka boipatlo ha Jesu ke hona ho etsang hore Jesu A mo hanela ho phatlalatsa taba eo. O ne a sa utloisise hore ho hlahella ho hong le ho hong ha Jesu ho ne ho etsa hore baprista le baholo ba batle ka matla ho ripitla Jesu. Monna ea ntlafalitsoeng o ile a thabela matla a bonnna ‘me a utloa a sitoa ho ithiba ho isa tlotla ho ngaka ena e mo phekotseng. Empa ketso ea molepera ea ho hasanya taba ena e ile ea etsa hore batho ba bokellane ho Jesu ka bongata hoo A ileng A tlameha hore A khaotse mosebetsi oa Hae nakoana.EN 175.3

    Mosebetsi o mong le o mong oo Kreste A neng A o etsa oa borōmuoa ba Hae o ne o anela hohle ho phethahatsa leano la ona. Ha A ka A tlohela letho le sa sebelisoa leo ka lona, baprista le baruti ba koaletsoeng lesakeng la pelaello le lintho tse neanoang, ba ka fihleloang ka lona. Ka ho rōmela molepera ea folisitsoeng ho baprista, Jesu O ne A rerile ho ba fa bopaki bo neng bo tla ba hlokisa maqiti a ho loana ho hang. Bafarisi ba ne ba qositse Kreste ka hore O khahlanong le molao, empa taelo ea Hae ea hore molepera ea hloekisitsoeng a eo itlhahisa ka pel’a baprista ea shanofatsa qoso tseo. Jesu O fane ka bopaki ho bontša lerato la Hae ho motho, tlhompho ea Hae ea molao, le matla a hae a ho pholosa batho sebeng le lefung.EN 175.4

    Bona baprista ba ileng ba lelekella molepera nahathote ke bona ba phatlalalitseng hore o folile pepeneneng. Monna ea folisitsoeng, ea buselitsoeng ha hae a le kahar’a sechaba, e bile paki e phelang ea Ea mo folisitseng. Ka thabo e kholo a holisa lebitso la Jesu. Monyetla oa fuoa baprista hore ba tsebe ‘nete. Nakong ea ho phela ha Mopholosi, borōmuoa ba Hae bo ne bo bontša khohelo e nyenyane haholo ho baprista, empa kamora’ nyolohelo ea Hae “sehlophahali sa barista sa amohela tumelo.” Liketso 6:7.EN 176.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents