Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kamoo E Mong Le E Mong A Tlang Ho Ikahlola

    Sefapanong sa Gologotha, lerato le boipatlo tsa tjamelana. Kreste O ile A phelela ho tšelisa le ho hlohonolofatsa feela, ‘me ka ho ‘molaea Satane o bontsise lehloeo la hae ho Molimo. Seo e neng e hlile ele sephèo sa hae e ne e le ho liha ‘muso oa Molimo le ho ripitla Eo lerato la Molimo le ileng la bontšoa ka Eena.EN 33.2

    Ka bophelo le lefu la Kreste menahano ea batho le eona e ea pepesoa. Bophelo ba Jesu e ne e le pitso ea boitelo le ho nka karolo mahlomoleng. Bohle ba neng ba mamela Moea o Halalelang ba ile ba huleloa ho Eena. Ba rapelang bo-’na e ne e le ba ‘muso oa Satane. Bohle ba ne ba tla bontša ka mekhoa ea bona hore na ba reng ka Jesu, me ka hona ba supe hore na ba lehlakoreng lefe. Ka mokhoa o joalo e mong le e mong o a ikahlola.EN 33.3

    Ka letsatsi la kahlolo ea ho qetela, sefapano se tla hlahisoa, ‘me moelelo oa ‘nete oa sona o tla chabela kelello ka ‘ngoe. Pel’a pono ea “Gologotha” le ea thakhisitsoeng teng, baetsalibe ba tla ema ba be molato. Batho ba tla bona seo khetho ea bona e bileng sona. Potso e ‘ngoe le e ‘ngoe e kileng ea botsoa ha ho ntse ho phehisanoa e tla be e hlakisitsoe hantle. Molimo O tla ema A hlakile, A se na letheba ka boteng ba sebe leha e le ho tsoela pele ha sona. Ho tla bontšoa hore ‘muso oa Molimo ha O a ka oa e-be le sepha, le ho se khotsofatse. Bohle ba tšepahetseng le ba Mo fetohetseng ba tla phatlalatsa, ba re, “Litsela tsa hao li lokile, ke tsa ‘nete, uena Khosi ea lichaba....Likahlōlo tsa hao li bonahalitsoe.” Tsenolo 15:3,4.EN 33.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents