Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Moroalo Oa Sebe

    E ne e se hakaalo ho ntlafala bophelong ba nama hoo a neng a ho hloka, empa o ne a hloka hore moroalo oa sebe o tlosoe. Haeba a ne a ka fumana tiisetso ea hore o tšoaretsoe le hore khotso e teng pakeng tsa hae le leholimo, o ne a ka khotsofalla ho shoa. Monna ea makhatheng a lefu o ne a se na nako ea ho bapala. A kōpa metsoalle ea hae ho mo jara ka mealo ea hae, ho mo isa ho Jesu, ‘me bona ba thabela ho etsa mosebetsi oo. Sechaba se ne se petetsane haholo pel’a Mopholosi hoo ho neng ho le thata ho monna ea kulang hammoho le metsoalle ea hae ho atamela ho Eena.EN 177.3

    Jesu O ne A ruta lehaeng la Petrose, barutuoa ba Hae ba ‘Mokanetse. “Bafarisi le baruti ba Molao ba tsoang motseng o mong le o mong oa Galelea, Judea le Jerusalema, ba ne ba lutse moo” e le lihloela. Ka ntle ho phuthehile letšoele la batho, ka thahasello,le tlhompho le kelello e hapehileng, le ho se lumele.” Empa bafarisi le lingaka tsa molao ha ba ka ba hlokomela boteng ba Moea o Halalelang. Ha ba ka ba iphumana ba e-na le bohloki leha e le hona ho hloka pholiso. “A khōrisa ba lapileng ka tse molemo, a khutlisa ba ruileng ba se na letho.” Luka 1:53.EN 177.4

    Banna ba jereng monna ea shoeleng litho ba lekile ho peseletsa ba phunyeletsa, ho ea ho Jesu, empa ba hloloa. Ana monna ea kulang o lokela ho lahla tšepo? Ka tlhahiso ea hae, metsoalle ea hae ea mo jara ho mo hloesetsa holim’a ntlo, ba phunya marulelo, eaba ba mo lepelletsa maotong a Jesu.EN 178.1

    Mopholosi A bona sefahleho se kopang mohau. Mahlo a Mo shebile. A utloisisa kōpo ea hae. E ne e ile eare mokuli enoa a sa le lapeng Mopholosi A kenya tšepo pelong ea hae. Eare ha a baka libeng tsa hae, matla a Mopholosi a mohau, a fanang ka bophelo, a qala ho hlohonolofatsa pelo ea hae e laba-labelang pholiso. Jesu O ile A bona khanya ea pele ea tumelo e hola e ba matla haholo ka katamelo e ‘ngoe le e ‘ngoe e eang ho Eena.EN 178.2

    Joale mantsoe a Mopholosi a oela litsebeng tsa ea kulang joaloka pina ha Mopholosi A re, “Ngoan’a ka, u tšoaretsoe libe tsa hao.” Moroalo oa nyahamo oa theteha pelong ea mokuli; khotso ea tšoarelo ea khanya sefahlehong sa hae. Bohlōkō ba hae ba fela ‘me boeena bohle ba fetoha. Ea omeletlseng litho ‘me a se na thuso a fola ‘me moetsalibe ea molato a tšoareloa!EN 178.3

    A amohela mantsoe a Jesu ka tumelo e bonolo. Ha a ka a hlola a kōpa ho hong hape, empa a paqama a khotsofetse. Batho ba ne ba shebile, ba tsohile.EN 178.4

    Borabbi ba hopola kamoo monna enoa a neng a ile a ikōpela thuso ho bona, le kamoo ba ileng ba mo nyahamisa ba re a ke ke a fumana tšepo kapa kutloelobohlōkō, hobane o kulisoa ke thohako eo a e fuoeng ke Molimo ka baka la boetsalibe ba hae. Ba sheba thahasello eo batho ba nang le eona ha ba shebile ketsahalo ena, ‘me bona ba ikutloa ba na le tšabo e tšosang ea ho lahleheloa ke tšusumetso ea bona sechabeng. Ha ba talimana lifahlehong ba fumana ba ena le mehopolo e tšoanang -ho hong ho tsoanetse ho etsoa ho thibela maikutlo a batho bana ho se ee le Jesu. Jesu O ne A boletse hore libe tsa ea omeletseng litho li tšoaretsoe. Bafarisi ba ne ba ka hlahisa puo eo ele nyefolo, sebe se lōkeloang ke lefu. “Eo ke mang ea nyefolang? Ke mang ea ka tsebang ho tšoarela libe, haese Molimo a ‘notši na?”EN 178.5

    Jesu A ba talima A re “Ke ka baka la’ng le ipotsang tjee? Ho bonolo ke hofe, ho re ho ea shoeleng litho: ‘U tšoaretsoe libe tsa hao,’ kapa ho re: ‘Tsoha U nke liphate tsa hao, u tsamee?’ Joale hore le tle le tsebe hore Mor’a Motho o na le matla a ho tšoarela libe lefatseng,” a re ho ea shoeleng litho, “ke re ho uena: Tsoha, u nke liphate tsa hao, ‘me u ee hae.”EN 179.1

    Eaba ea neng a ile a nkoa ka lempara a isoa ho Jesu o phahama ka maoto a hae a tletseng matla joaloka a motho e mocha. Setho se seng le se seng sa ‘mele oa hae sa qala ho sebetsa ka matla a pakang bophelo. Khanya ea bophelo ea nka sebaka sa pulufalo ea lefu. “Hanghang a tsoha, a nka liphate tsa hae, a tsoa, bohle ba mo talimile, hoo ba ileng ba hlolloa haholo, ‘me ba tlotlisa Molimo, ba re: ‘Ha re e-s’o bone ntho e tjena!”EN 179.2

    Matla a tlholeho a khutliselitse bophelo ‘meleng o neng o bola. Lona lentsoe lela le neng le fane ka bophelo mothong mohla a bopjoang ka lerole la lefatše ke lona lena le tlisitseng bophelo mothong ea omeletseng litho. Kreste A laela ea omeletseng litho ho ema a tsamaea “hore le tle le tsebe hore Mor’a Motho o na le matla a ho tšoarela libe lefatseng.”EN 179.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents