Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 53—LEETO LA HO QETELA LA HO TSOA GALELEA

    [E itšetlehile ka khaolo ea Luka 9:51-56; 10:1-24.]

    Eitse ha mosebetsi oa Kreste o ea pheletsong, ha bonahala ho na le phetoho ho mokhoa oo A sebetsang ka oona. O ne A lekile ho qoba ho pepesoa, A hanne thoriso eo batho ba Mo fang eona, ‘me A ba laea hore ho se be le ea mong oa bona ea bolelang hore ke Eena Kreste.EN 329.1

    Ke nako ea mokete oa litabanakele O ile A etela Jerusalema ka ho thoba, A kena motse-moholo ka lenyele. Empa ho ne ho se joalo leetong la Hae la ho qetela. Lekhetlong lena A tsamaea ka mokhoa o totobetseng haholo, A eteletsoe pele ka liphatlalatso tse tsebisang hore Oa tla, tseo pele li neng li sa etsoe. O ne A ea moo sehlabelo sa Hae se seholo se tla etsetsoa teng, ‘me A rata hore batho ba elelloe taba ena.EN 329.2

    “Joalokaha Moshe a ne a phahamise nōha felleng, eka khona Mor’a Motho a phahamisoe joalo.” Johanne 3:14. Mahlo ‘ohle a lōkela ho sheba ho Kreste, eleng sehlabelo se tlisang topollo lefatseng le lahlehileng.EN 329.3

    Barutuoa ba ne ba lakalitse ho Mo thibela ho nka leeto lena la ho ea Jerusalema. Ba ne ba tseba lehloeo le isang lefung, la batsamaisi ba tumelo. Ho Kreste e ne e le tšebetso e utloisang bohlōkō hore A ise barutuoa ba Hae ba ratehang Jerusalema, moo ba il’o fumana mahlomola le ho nyahama pelo. Joale Satane a kenella ka liteko tsa hae, tse kang tsena: Ke’ng ha A ea Jerusalema, moo A tsebang hantle hore o il’a bolauoa? Hohle ho ne ho tletse bakuli ba emetseng pholiso ea Hae. O ne A tletse matla le sehlaho joaloka monna. Ke hobaneng ha A sa pharalle le lefatše, A ise mantsoe a Hae a tletseng mohau, le matla a Hae a ho folisa? Ke’ng ha A sa fane ka leseli le thabo ho ba likete-kete ba lefifing le matšoenyehong? Ke hobaneng ha A ikisa lefung hona joale, ‘me A siea mosebetsi o sa le qalehong? Sera se ile sa hlasela Kreste ka liteko tse matla ‘me tse masene. Hoja Jesu O ile A ka fetola maikutlo ‘me A leka ho itopolla, lefatše lohle le ka be le lahlehile.EN 329.4

    Empa Jesu O ile “a ikemisetsa ho leba Jerusalema.” Molao o le mong bophelong ba Hae ea eba ho phetha thato ea Ntate. Bongoaneng ba Hae, O ile A re ho Maria, “Na le ne le sa tsebe hore ke tšoanetse ho ba mosebetsing oa Ntate?” Luka 2:49. Empa morerong o moholo oa Molimo, hora ea ho fana ka Eena bakeng sa libe tsa batho e ne e atametse. O ne A ke ke A hlōloa kapa hona ho fetoha. E ne e le khale lira tsa Hae li rerile ho nka bophelo ba Hae, ‘me ha joale e se e le hore A nehelane ka bona.EN 330.1

    ‘Me Eena “a rōma barōmuoa ho mo etella pele. Ba kena motseng o mong oa Basamaria ho mo lokisetsa.” Empa batho ba hana ho Mo amohela, hobane O ne A leba Jerusalema. Ba sitoa ho lemoha hore seo ba se lelekang matlung a bona, ke mpho ea bohlokoahali e tsoang leholimong. ‘Me Basamaria ba lahleheloa ke tsohle ka baka la litšekamelo le litloaelo tsa bona tse khethollang.EN 330.2

    Jakobo le Johanne, eleng baromuoa ba Kreste, ba teneha haholo ke thohako eo; ‘me ba tlala bohale hobane A ile A tšoaroa hampe ke Basamaria. Ba bolella Kreste hore batho ba hanne le ho ba fa boroko matlung a bona. Ha ba bona thaba ea Karmele sebakana, moo Eliea a neng a bolaele baporofeta ba bohata teng, ba re, “Morena, na u rata hore re re mollo o theohe leholimong, o ba felise?” Ba mpa ba makatsoa ke khalemelo ea Jesu, ha A re, “Ha le tsebe hoba le ba moea o joang! Hobane Mor’a motho O tlile, eseng ho timetsa meea ea batho, empa e le ho e pholosa.” A ntoo fetela motsaneng o mong.EN 330.3

    Kreste ha A qobelle batho hore ba Mo amohele. O lakatsa feela ho sebeletsoa ka boithalelo, le ho inehela ka boikhethelo ba pelo e khannoang ke lerato. Haeba re ka ba boemong ba ho hlōkōfatsa le ho timetsa ba sa amoheleng mosebetsi oa rōna, le ba loantšanang le maikutlo a rōna, re tla be re fana ka bopaki bo phethahetseng ba hore re tsamaisoa ke moea oa Satane. Ha ho letho le ka nyatsehang ho Molimo ho feta ha batho, ka tumelo ea litšekamelo, ba tlisa matšoenyeho ho bao ba rekiloeng ka mali a Mopholosi.EN 330.4

    Nako e ngata likhoeling tsa ho qetela tsa mosebetsi oa Kreste, ea e ba Berea, eleng motse o mose ho Jordane, ho tloha Judea. Sheba Mareka 10:1. Mona bongata ba boela ba bokana ho Eena ‘me A pheta bongata ba lithuto tseo A neng A ile A li ruta.EN 331.1

    Joalokaha A ne A rōmile ba leshome le metso e ‘meli, “a khetha ba bang ba mashome a supileng a metso e ‘meli, a ba rōma ka bobeli ho mo etella pele motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng moo a neng a hopotse ho ea teng.” Barutuoa ba ne ba ile ba koetlisetsoa mosebetsi oa bona, nako e itseng. Ba bile le monyetla oa ho ba haufi haholo le Eena, ‘me ba fumana le litaelo tse tobileng motho ka mong.EN 331.2

    Taelo e filoeng ba leshome le metso e ‘meli, ea hore ba se ke ba kena motseng ofe kapa ofe oa Balichaba, ena e ne e sa fanoa ho ba mashome a supileng. Le ha e le moo Kreste A ile A lelekoa ke Basamaria, lerato la Hae ho bona le ne le sa fetoha. Ba mashome a supileng, ba etetse metseng ea Basamaria pele, ka lebitso la Kreste.EN 331.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents