Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Leeto La Bosiu

    Ho ne ho hlokahala hore leeto le nkuoe bosiu hore ba tle ba bone naleli. Tseleng, ha ba phomotse, batsamai bana ba ne ba phetla mangolo, ba batlisisa tsa boporofeta. Ba ‘na ba kholiseha hore ba tataisoa ke Molimo. Leeto leha le ne le le le lelele le ne le le monate.EN 36.3

    Ba fihla naheng ea Iseraele, Jerusalema ea bonahala. Ke ha ba bona naleli e ema holim’a tempele. Ka likhato tse tatileng ba hatela pele, ka tšepo e tiileng ba lebeletse ho utloa motho e mong le e mong a bua ka tsoalo ea Mesia. Empa ho makaleng ha bona ba fumana lipotso tsa bona li sa tlisetse ba utloang thabo, e bile batho ba botsoang ba ne ba makala, ba tšoha, ba bile ba teneha.EN 36.4

    Baprista ba ne ba rorisa tumelo le litšebeletso tsa bona, feela ba re Bagerike le Baroma ke baetsalibe. Ba bohlale ba bochabela ba ne ba sa rapele melimo ea bohata, ‘me mahlong a Molimo ba ne ba phahametse ka holimo-limo ho feta bao ba ipitsang barapeli ba Molimo; empa Bajuda ba ba bona e le bahedene. Lipotso tsa bona tse labalabelang tsebo ha li ea ka tsa fumana kutloelo-bohlōkō ho baprista.EN 36.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents