Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    o Amoheloa Ke Makoloi A Mangeloi

    Ha barutuoa ba ntse ba lelaletse holimo, mangeloi a mabeli a nkileng sebōpeho sa batho, a ile a bua, a re “banna ba Galelea, le emetse’ng le shebile leholimong? Jesu enoa ea nyolletsoeng leholimong, a tloha har’a lona, o tla boela a khutla ka mokhoa oo le ‘moneng a nyolohela leholimong ka oona.”EN 553.3

    Mangeloi ana, e leng a phahameng ka ho fetisisa har’a a mang, ke ona a mabeli a neng a tlile lebitleng, tsohong ea Jesu. A ne a lakatsa ho ba mokhoping oa mangeloi a neng a amohela Jesu, empa ka ho hauhela bao A neng A ba siile, a ile a emisa, ho ba khothatsa.EN 553.4

    Kreste O ne A nyolohile A nkile sebōpeho sa botho — Eena Jesu ea ileng A ngoatha bohobe le bona, ea neng A ile a fufuleloa ‘moho le bona ho hloa Thaba ea Mehloaare, hona tsatsing leo. Mangeloi a ile a ba tiisetsa hore Eena eo ba Mo boneng A nyolohela leholimong, O tla tla hape ka mokhoa oo A nyolohileng ka ona. O tla tla “A le har’a maru, ‘me mahlo a bohle a tla ‘mona.” “Mohla ho hlahang taelo, ka lentsoe la lengeloileholo, ka terompeta ea Molimo, Morena ka sebele o tla theoha leholimong, ‘me ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.” “Mohla Mor’a Motho a tlang ka tlōtla ea hae, a ena le mangeloi ‘ohle, o tla lula teroneng ea hae ea botlotlehi.” Tšenolo 1:7; 1 Ba-Thesalonika 4:16; Matheu 25:31.EN 553.5

    Kamora’ kahlōlo le thakhiso ea Jesu, lira tsa barutuoa li ne li lebeletse ho ba bona ba le lifahleho tse tletseng masoabi le ho hlōloa. Empa sebakeng sa tsena, ho ne ho e-na le thabo le tlhōlo, lifahleho tsa bona li ne li khanya ke thabo eo e seng ea lefatše lena. Ba ile ba pheta pale e makatsang ea tsoho le nyolohelo ea Jesu, ‘me bopaki ba bona ba amoheloa ke batho ba bangata.EN 554.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents