Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tsabo E Ne E Felile

    Barutuoa joale ba ne ba se ba sa hloke tšepo ka bokamoso. Ba ne ba tseba hore Jesu O leholimong le hore O ntse A ba utloela bohlōkō. Ba ne ba tseba hore ba na le motsoalle teroneng ea Molimo, ‘me ba ne ba chesehella ho etsa likōpo ka lebitso la Jesu. Ba ne ba inamisa lihlooho tsa bona thapelong ka ho tšoha, ba pheta tšepiso ena, “eng kapa eng eo le e kōpang ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le nea eona....Kōpang, ‘me le tla fuoa, hore thabo ea lona e be e phethehileng.” Johanne 16:23,24. Boteng ba motselisi ka letsatsi la Pentakonta, bo ile ba ba tlisetsa thabo e khaphatsehang joalekaha Kreste A ne A ba tšepisitse.EN 554.2

    Leholimo lohle le ne la emetse ho amohela Mopholosi. Ha A nyoloha, O ne A etelletse pele matšoele a batšoaruoa, ba ileng ba lokolloa tsohong ea Hae. Ha ba atamela motse oa Molimo, mangeloi a neng a tsamaea le eena, a ile a etsa qholotso ena.EN 554.3

    “Lona menyako, bulehang!
    Ipuleng, lona menyako ea boholo-holo,
    Ho tle ho kene Khosi e tlōtlehang.”
    EN 554.4

    Ba lebetseng ba ne ba botsa ka thabo ba re —EN 555.1

    “Khosi eo e tlōtlehang ke mang?”EN 555.2

    Ba ne ba sa botse hobane ba sa tsebe hore na Ke mang, empa ba ne ba batla ho utloa karabo eo e rorisang --EN 555.3

    “Ke Morena ea matla, oa mohale,
    Morena eo e leng mohale ntoeng.
    Lona menyako, bulehang!
    Ipuleng, lona menyako ea boholo-holo,
    Ho tle ho kene Khosi e tlōtlehang.” Pesalema 24:7-9
    EN 555.4

    Joale likhoro tsa motse oa Molimo tsa buloa, ‘me makhotla a mangeloi a kena har’a litlatse tsa ‘mino. Batsamaisi ba makhotla a mangeloi, le bara ba Molimo ba neng ba tloha mafatseng a sa oelang sebeng, ba ne ba khobokane ho amohela Mopholosi le ho ketekela tlhōlo ea Hae.EN 555.5

    Empa O ile A re ba ke ba be butle. O ile A kena ka ho Ntat’ae. A Mo supisa maqeba a hloohong ea Hae, lehlakoreng moo A hlabiloeng, le maoto a Hae a mabote; A phahamisa liatla tsa Hae tse neng li e-na le maqeba a lipekere. A hlahisa batho ba ileng ba tsosoa bafung ‘moho le Eena, e le baemeli ba matšoeletšoele a tla tsoha mabitleng ha A tla khctlo la bobeli. Le pele lefatše le theoa, Ntate le Mora Ba ne Ba ile ba tšoarana ‘moho, ‘me Ba etsa kano ea hore Kreste A fetohe tiiso ea batho. Kreste Ha A ne A hoeletsa sefapanong A re “Ho phethehile” O ne A buisana le Ntate. Selekane se ne se phethiloe ka ho tlala. Joale A re “Ntate, bao u ‘neileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng.” Johanne 17:24.EN 555.6

    Lentsoe la Molimo le ile la phatlalatsa hore toka e phethiloe, le hore Satane o hlōtsoe. Batho ba Kreste ba sebelitse ka thata, ba sokola mona lefatseng, eleng ba “hauhctsoeng ka oona, ka Mora oa hae ea ratoang.” Baefese 1:6. Ntate O ile A kōpa Mora oa Hae ka liatla tsa Hae, ‘me A bua mantsoe ana, “Mangeloi ‘ohle a Molimo a mo khumamele.” Baheberu 1:6EN 555.7

    Thabo le thoriso li ne li khaphatseha leholimong. Lerato le ne le hlotse. Ba lahlehileng ba ne ba fumanoe. Leholimong ho ne ho utloahala mantsoe a phahameng a hōoang a re “Ho ea lutseng teroneng le ho Konyana e be thoriso, le hlompho, le tlotla, le matla, kamehla le mehla.” Tsenolo 5:13.EN 555.8

    Pono eo ea thabo ea leholimo, e re hopotsa rona ba mona lefatšeng, molumo oa mantsoe a Kreste a reng “ke nyolohela ho Ntate, le Ntat’a lona, Molimo oa ka, le Molimo oa lona.” Johanne 20:17. Lelapa la leholimo le la lefatše ke ntho e le ‘ngoe. Morena oa rōna O nyolohetse leholimong ka baka la rōna, ‘me Oa re phelela. “Ka hona o na le matla a ho pholosa ka ho tlala bohle ba tlang ho Molimo ka eena, kaha a phela kamehla ho ba buella.” Baheberu 7:25.EN 556.1

    * * * * *

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents