Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    ‘Nete Ha E Thabeloe

    Ha matšoele a latela le bongata bo fepjoa le litlatse tsa motlotlo li utloahala, mantsoe a bona a phefa ho thothokisa; empa ha Moea oa Molimo O senola sebe, O ba laela ho khaohana le sona, ba furalla ‘nete.EN 264.2

    Ha barutuoa bao ba sa amehang ba kheloha, moea osele oa ba tšoara, ho ba tsamaisa. Ba ne ba se ba sa bone letho le hohelang ho Jesu Eo pele ba kileng ba fumana ho mo tjantjella haholo. Ba hlalosa mantsoe a Hae hampe, ba shanofatsa taba tsa Hae, ‘me ba eisa mabaka a Hae, ba bokella ntho efe kapa efe eo A ka hanyetsoang ka eona. Litlaleho tsena tse hlokang ‘nete tsa tsosa khalefo e entseng hore bophelo ba Hae bo be tsietsing.EN 264.3

    Litaba tsa hasana ka potlako hore, ka boipolelo ba Hae, Jesu oa Nazaretha ha se Mesia. Ka tsela ena maikutlo a sechaba sa Galelea a Mo loantša joalekaha, ka selemo se ka pele ho bile joalo Judea. Iseraele o lahlile Mopholosi oa bona hobane ba ne ba batlile sejo se felang eseng se bang teng ho fihlela bophelo bo sa feleng.EN 264.4

    Ka pelo e bohlōkō Jesu A bona bao e neng e le barutuoa ba Hae ba tlōha. Mohauhelo oa Hae o ne o sa thabeloa, lerato la Hae le sa lebohuoa, polōko ea Hae e lahliloe -hona ha Mo tlatsa masoabi a ke keng a boleloa. Liketsahalo tse joaloka tsena tsa Mo etsa “motho oa mahlomola, ea tsebang mahlōkō.” Esaea 53:3.EN 264.5

    Kantle ho ho leka ho thibela bao ba neng ba tloha, Jesu A retelehela ho ba Leshome le Metso e ‘Meli ‘me A re, “Na le lona le rata ho ikela na?”EN 264.6

    Petrose a arabela ka ho botsa, “Morena, re tla ea ho mang na? U na le mantsoe a bophelo bo sa feleng; rona re lumetse, ‘me re tsebile hore u Ea Halalelang oa Molimo.”EN 264.7

    “Re tla ea ho mang?” Ha esale ba amohela Kreste barutuoa ba ne ba fumane khotso le thabo e fetang ea maphelo a bona a pele. Ba ne ba ka khutlela joang ho bao ba nyelisitseng ‘me ba hlorisitseng Motsoalle oa baetsalibe?EN 265.1

    “Re tla ea ho mang?” Lefifing la ho se lumele, bokhopong ba lefatše? Petrose a hlalosa tumelo ea barutuoa — “U Kreste eane.” Ho hloka Mopholosi ho ne ho le joaleka sekepe se tsoileng taolong sefefong, leoatleng, lefifing le letšoletšo.EN 265.2

    Lentsoe le leng le le leng le ketso e ‘ngoe le e ‘ngoe ea Jesu e ne e e-na le sephèo se hlakileng se sa hlokeng pelaelo, mosebetsing oa topollo ea rōna. Ha ha joale re ke ke ra utloisisa litsela tsa Molimo, re ka lemoha lerato la Hae le leholo leo e leng motheo oa litšebeletso tsohle tsa Hae le batho. Ea phelang haufi le Jesu o tla tseba mohau o lekang semelo ‘me o senola morero oa pelo.EN 265.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents