Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 73—“LIPELO TSA LŌNA LI SE FEREKANE”

    [E itšetlehile ka Johanne 13:31-38; 14; 15; 16; 17.]

    Judase o ne a tsoile kamoreng e kaholimo, joale Kreste O ne A setse le ba leshome le motso o mong. O ne A le haufi le ho bua ka karohano ea Hae le bona, e neng e atametse, empa pele ho moo A bontša sehlooho sa thōmo ea Hae. A bōlōka kamehla thabo ea Hae, ea hore mahlomola a Hae le nyeliso, li tla tlotlisa lebitso la Ntate. Sena ke sona seo A lebisitseng mehopolo ea barutuoa ho sona pele.EN 448.1

    Mong’a bona le Morena, Mosuoe oa bona ea ratoang ebile e le Motsoalle, O ne A rateha ho feta bophelo ho bona. Joale O ne A le lekhatheng la ho ba siea. Lipelo tsa bona tsa tlala mehopolo e lefifi.EN 448.2

    Empa mantsoe a Mopholosi a ne a tletse tšepo. A tseba hore mano a Satane, a atleha haholo bathong ba tetebelitsoeng ke mathata. Ka lebaka lena, A shebisa mehopolo ea bona lehaeeng la leholimo. “Pelo tsa Iona li se ferekane....Ka tlung ea Ntate ho na le meaho e mengata; hoja ha ho joalo, nkabe ke le boleletse, hobane ke ea ho le lōkisetsa bolulo. Ha ke se ke ile, ke le lōkiselitse bolulo, ke tla boela ke tle ke le nkele ho ‘na, hore moo ‘na ke leng teng, le lona le be hona teng.” Ha Ke se Ke ile, Ke tla ‘ne ke le sebeletse ka thata. Ke ea ho Ntate, ho ikopanya le Eena lebitsong la lona.EN 448.3

    Ho tsamaea ha Kreste, ho ne ho fapane le kamoo barutuoa ba neng ba hopotse, ba tšohile -e ne e se karohano ea ho qetela. O ne A il’o ba lōkisetsa bolulo, A tle A tsebe ho ba amohella ho Eena. Ha A ntse A ba ahela meaho, bona ba ne ba lōkela ho aha limelo, hore li tšoanele leholimo.EN 448.4

    Thomase a khathatsoa ke pelaelo, a re, “Morena, ha re tsebe moo u eang teng; tsela re ka e tseba joang na?” Jesu A re ho eena: “Ke ‘na tsela, le ‘nete, le bophelo; ha ho ea ka tlang ho Ntate haese ka ‘na. Ha le ntseba, le Ntate lea mo tseba. Ho tloha joale lea mo tseba, le bile le ‘mone.”EN 449.1

    Litsela tse eang leholimong ha li ngata. Motho a ke ke a ikhethela ea hae. Kreste ke Eena tsela, eo bapatareareka le baporofeta ba pholositsoeng ka eona. Ke Eena tsela, eo ka eona feela re ka atamelang ho Molimo.EN 449.2

    Empa barutuoa ba ne ba e-so utloisise. “Morena, re bontše Ntate, ebe ho re lekane,” ho rialo Filipi. Kreste A botsa ka ho makala ho bohlōkō, “Ke bile le lona nako e kaakaale, empa ha ua ka ua ntseba, Filipi?” Na e be ho etsahala hore e be ha le bone Ntate mesebetsing eo A e phcthang ka ‘Na? “U bolela joang ha u re: ‘Re bontše Ntate?”‘ “Ea mponeng o bone Ntate.” Kreste ha ka A khaotsa ho ba Molimo ha A fetoha motho; bo-Molimo e ne ntse e le ba Hae. Mosebetsi oa Kreste o ne o paka bo-Molimo ba Hae. Ntate O ne A senotsoe ka Eena.EN 449.3

    Ha barutuoa ba ne ba lumela kopano ena ea bohlokoa pakeng tsa Ntate le Mora, tumelo ea bona e ne e ke ke ea ba lahlchela ha ba bona mahlomola a Kreste le lefu la Hae. Mopholosi oa rōna O lekile ka mamello e kaakang, ho lōkisctsa barutuoa ba Hae sefefo sa meleko, se neng se le haufi le ho ba tsukutla. Bohle ba neng ba le teng ba kenoa ke tšabo e halalelang, ha ba mametse mantsoe a Hae ka hlōkō e kholo. Eare ha lipelo tsa bona li huleloa ho Kreste ke lerato le leholo, ba atamelana ‘moho. Ba utloa hore leholimo le haufi haholo.EN 449.4

    Mopholosi O ne A chesehela hore barutuoa ba utloisise hore na ke hobaneng ha bo-Molimo ba Hae bo kopantsoe le bōtho. O tlile lefatšcng ho tla bonahatsa khanya ea Molimo, hore motho a tle a huleloe matleng a eona a bōlōkang. Jesu ha A Ka A bontša makhabane kapa ho sebelisa matla ao batho ba ka sitoang ho ba le ‘ona ha ba thulana le meleko ‘me ba bitsa ho Eena ka tumelo. Botho ba Hae bo phethahetseng, ke boo balateli ba Hae ba ka bang le bona, ha ba ka ipeha ho Molimo joaloka Eena.EN 449.5

    “O tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, a etse le e fetang ena, hobane ke ea ho Ntate.” Mona Kreste O bolela hore mosebetsi oa barutuoa o ne o tla pharalla tlas’a tšebetso ea Moea o Halalelang. Kamor’a hoba Morena A nyolohe, barutuoa ba bona phethahalo ea tšepiso ena. Ba tseba hoba Mosuoe oa leholimo O fela A le joalokaha A ipoletse. Eitse ha ba phahamisa lerato la Jesu, lipelo tsa batho tsa kokobetsoa, ‘me matšoele a lumela ho Jesu.EN 450.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents