Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ke Molimo Feela O Ka Tsoarelang

    Ke ka mokhoa ona feela, kereke e nang le matla a ho lokolla moetsalibe. Ke ka makhabane a Kreste feela tšoarelo ea libe e ka fumanoang. Matla a ho lokolla moea molatong ha a fuoa motho leha a le mong kapa sona sehlopha sa batho. Lebitso la Jesu ke lona feela, “hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlas’a letsatsi, le neiloeng batho, leo re tšoanelang ho pholosoa ka lona.” Liketso 4:12.EN 536.3

    Lekhetlong la pele, ha Jesu A kopana le barutuoa ka moahong o kaholimo, Thomase o ne a le sieo. O ile a utloa ha ba bang ba tlaleha hore Jesu O tsohile empa pelo ea hae e ne e tletse masoabi le ho se lumele. Haeba Jesu A ne A fela A tsohile, ho ne ho ke ke ha ba le tšepo ea hore ‘muso oa lefatše o tla ba teng. Kelello ea hae e fokolang ea utloisoa bohlōko ke hore ebe Mong’a hae O itlhahisitse ho ba bang bohle haese ho eena feela. A itherela hore a ke ke a lumela, ‘me o ile a qeta veke a ntse a lohotha ka ho kheseha ha hae.EN 536.4

    O ne a pheta mantsoe ana khafetsa, “Ha ke sa bona maqeba a lithakhisa matsohong a hae, ka kenya monoana oa ka masobeng a lithakhisa, ‘me ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, ha nka ke ka lumela.” O ne a sitoa ho lumela bopaki ba baena ba bang. O ne a rata bana babo empa o ne a lumeletse mona le khoao ho lula pelong ea hae.EN 537.1

    Mantsiboeeng a mang, Thomase a rera ho kopana le barutuoa ba bang, ntlong e kaholimo, moo ho neng ho tloaetsoe ho phutheheloa teng. O ne a na le tšepo e fokolang ea hore litaba tsena tse molemo ekaba ‘nete. Ha ba ntse ba e-ja lijo tsa mantsiboea, barutuoa ba ne ba buisana ka bopaki boo Kreste A neng A fane ka bona boporofeteng. “Jesu a kena, menyako e ntse e notletsoe, a ema hare, a re: ‘Khotso e be le lona!”EN 537.2

    A retelehela ho Thomase A re, “Tlisa monoana oa hao mona, u bone matsoho a ka; u tlise le letsoho la hao, u le kenye lehlakoreng la ka, ‘me u se ke ua hloka tumelo, u mpe u be le tumelo.” Morutuoa enoa ea sa lumeleng o ne a tseba hore ha ho e mong oa balekane ba hae eo ekabang o tsebisitse Mong’a hae ka ho se lumele ha hae. O ne a sa hloke bopaki bo bong. Pelo ea hae ea tlola ke thabo, ‘me a itihela maotong A Jesu a ntse a hōoa a re “Morena oa ka le Molimo oa ka!”EN 537.3

    Jesu O ile A amohela kholiseho ena ea hae, empa A mo khalemella ho hloka tumelo. A bua ka bonolo a re “Na u lumetse kahobane u mpone? Ho lehlohonolo ba lumelang leha ba sa ka ba bona.” Haeba lefatše mehleng ena le ne le ka latela mohlala oa Thomase, ho ne ho se motho ea ka lumelang, hobane bohle ba amohelang Kreste, ba lokela ho etsa joalo ka bopaki ba ba bang. Ba bangata bao, joaloka Thomase, ba emelang hore khoao eohle e tlosoe, ba ke ke ba hlōla ba fumana seo ba se lakatsang. Ba ea ba ntse ba tiea ho se lumeleng. Ba jala peo ea khoao ‘me ba tla kotula khoao. Nakong eo tumelo le sebete li hlokahalang haholo, ba bangata ba tla iphumana ba se na matla a ho tšepa le ho lumela.EN 537.4

    Mokhoa oo Jesu A sebellelitseng Thomas, O re bontša kamoo le rōna re tšoanetseng ho sebelletsa ba bontšang pepenene hore ba a belaela. Thomase o ne a se na mabaka a hore ebe o laela hore na ho etsahaleng pele a ka lumela, empa Jesu, ka ho talimisisa litaba ka mokhoa o lokolohileng, O ile A thuha marako ‘ohle. Ho se lumele ha se hangata ho ka felisoang ka khang. Empa etsang hore Jesu A senolehe leratong le mohaung oa Hae, e le Mopholosi ea thakhisitsoeng, ‘me melomong e mengata e neng e sa lumele ho tla utloahala boipolelo bona bo tšoanang le ba Thomase bo reng, “Morena oaka le Molimo oa ka!”EN 538.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents