Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 57—MOHLANKANA OA MORUI O NE A HLOKA NTHO E LE ‘NGOE

    [E itšetlehile ka Matheu 19:16-22; Mareka 10:17-22; Luka 18:18-23.]

    Ha Jesu a tsoela tseleng, monna e mong a mathela ho eena, a khumama kapele ho eena, a ‘motsa, a re: ‘Moruti ea Molemo, nka etsa’ng hore ke tie ke rue bophelo bo sa feleng?’”EN 347.1

    Mohlankana enoa oa ‘musi, o ne a ruile haholo ‘me a le litulong tsa boikarabelo bo boholo. O ile a bona lerato leo Kreste a le bontšitseng bana, ‘me pelo ea hae e ne e chesehela lerato la Mopholosi. O ne a amehile haholo hoo a bileng a mathela Kreste, a khumama maotong a Hae, ‘me ka ‘nete le ho tiea, a botsa potso eo e leng ea bohlokoa moeeng oa hae, esita le ho batho bohle.EN 347.2

    “U mpitsetsa’ng ea molemo?” Ho rialo Jesu, “Ha ho ea molemo haese Molimo feela.” Jesu O ne A lakatsa ho fumana ho eena, hore na ke ka mokhoa o fe a Mo bonang A le molemo. Na o ile a elelloa hore enoa eo a buoang le Eena ke Mora oa Molimo? Khopolo ea ‘nete pelong ea hae e ne e le efe?EN 347.3

    ‘Musi enoa o ne a na le maikutlo a phahameng haholo ka ho lōka ha hae, empa o ile a ikutloa hore ho na le ntho e ‘ngoe eo a neng a sena eona. Na e be Jesu O tla mo hlohonolofatsa ‘me a khotsofatse bohloki ba moea oa hae?EN 347.4

    Ho araba potso ea hae, Jesu A mo bolella hore ho hlokahala hore a hlonephe molao oa Molimo, haeba a lakatsa ho fumana bophelo bo sa feleng. Karabo ea ‘musi e ne e totobetse, ha a re, “tsena tsohle ke li bōlōkile ho tloha bocheng ba ka, ke sa hloka eng?”EN 347.5

    Kreste A sheba mohlanka mahlong, joalokaha e ka O bala bophelo ba hae, O batlisisa semelo sa hae. O ne A mo rata ‘me A lapetse ho mo fa khotso le thabo. “U haelloa ke ntho e le ‘ngoe: E-ea, u rekise tsohle tseo u nang le tsona, u abele mafutsana chelete eo, ‘me u tla ba le letlotlo leholimong; joale u tle, u ntatele!”EN 348.1

    Kreste A hapeha ke mohlankana enoa. Mopholosi O ne A labalabela ho bopa kahare ho eena tlhalohanyo, hore a tle a utloisise bohlokoa ba pelo e inehetseng. A laba-labela ho bona ka ho eena boikokobetso le pelo e robehileng, e behang bohloki ba eona ba ho se phethehe ho Kreste.EN 348.2

    Jesu A bona ka ho ‘musi enoa thuso eo A neng A e hloka mosebetsing oa topollo. Ha a ne a ka ipcha tlas’a tataiso ea Kreste, e ne e tla ba sebetsa se setle. Kreste, ka ho bona semelo sa hae, O ile A mo rata. Ho rata Kreste ho ile ha qaleha ka pelong ea ‘musi, hobane lerato le tsoala lerato. Jesu A labalabela ho ‘mona e le mosebetsi ‘moho le Eena. A lakatsa ho ntlafaletsa semelo sa hae maemong a phethahetseng, ‘me a se halaletse hore Morena A tie A mo sebelise. Hoja ‘musi o ile a inehela ho Kreste, bokamoso ba hae bo ka be bo fetohile!EN 348.3

    “U haelloa ke ntho e le ‘ngoe:” Ho rialo Jesu. “E-ea, u rekise ka tsohle tseo u nang le tsona, u abele mafutsana chelete eo, ‘me u tla ba le letlotlo leholimong; joale u tle, u ntatele!” Kreste O ile A bala pelo ea ‘musi. Ntho e ‘ngoe feela eo a e hlokang, ‘me hoo e ne e le molao oa bohlokoa. O ne a hloka lerato la Molimo moeeng. Bohloki bona, ntle le hore bo khotsofatsoe, ho hlaha lefu. Semelo sa hae sohle se ka senyeha. Hore a tie a amohele lerato la Molimo, o ne a tšoanela ho lahla boithati ba hae ba boholohali, a inehele.EN 348.4

    Kreste A mo laeletsa hore a khethe pakeng tsa maruo a leholimo le botumo ba lefatše. Bo-’na bo tšoanetse ho inehela; ‘me lithato tsa hae li beoe tlas’a tsamaiso ea Kreste. Mohlankana oa morui o ne a e-na le monyetla oa ho ba mojalefa oa matlotlo a leholimo le Kreste. Empa o ne a tšoanetse ho nka sefapano ‘me a latele Mopholosi tseleng ea boinehelo.EN 348.5

    Khetho e ne e sallane le eena. Jesu O ne A mo bontšitse ho leng phoso semelong sa hae. Haeba a ne a ile a khetha ho latela Kreste o ne a tšoanetse ho tlohela litakatso tsa ho iphahamisa ka matlotlo a hae. Mopholosi A sheba mohlanka ka cheseho e kholo, A tšepile hore o tla amohela memo ea Moea oa Molimo.EN 348.6

    Mantsoe a Kreste e ne e le mantsoe a bohlale, leha e le mona a bonahetse e ka a matla haholo. Ho a amohela le ho a hlonepha, e ne e le oona feela mokhoa oo ‘musi eo, a neng a ka fumana topollo ka oona. Boemo ba hae le maruo, li ne li mo hohela, ‘me li khannela semelo sa hae tšenyehong. ‘Me ha li ne li ka tsa holisoa li ne li ka leleka Molimo ka ho eena.EN 349.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents