Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Sebe Sa Petrose Se Epetsoeng

    Joale lentsoe ka Petrose la utloahala, le hanyetsa, “Leha bohle ba ka koeneha, ‘na nke ke!!” Jesu O ne A ile A mo hlokomelisa hore hona bosiung boo, o tla latola Mopholosi oa hae. Joale O ne A pheta tlhokomeliso: “Kannete kea u bolella hore kajeno, bosiung bona, etlare mokōkō o e-s’o lle habeli, u tla be u ntatōtse hararo.” Petrose “a mpa a bua ka matla, a re: ‘Leha eba ke tlameha ho shoa le uena, ha nka ke ka u latōla.’ Bohle le bona ba bua joalo.” Mareka 14:29-31.EN 454.4

    Ha Petrose a ne a re, o tla latela Morena oa hae ho isa teronkong esita le lefung, o ne a tiile, empa o ne a sa itsebe. Ka pelong ea hae, ho ne ho ipatile litholoana tsa bokhopo tse neng li tla hlahella bophelong. Ntle le hore a hlokomelisoe kotsi ea hae, hona, e ne e tla ba tšenyeho ka ho sa feleng ho eena. Mopholosi A bona ho eena, boithati bo neng bo tla hlolisa le lerato la hae ho Kreste. Petrose o ne a lōkela ho se tšepe boeena, ‘me a be le tumelo e tiileng ho Kreste. Mohla a leng holim’a leoatle la Galelea, a batla a teba, a hoeletsa a re, “Morena mpholose.” Hoja o ile a re, Ntokolle ho bo-’na, a ka be a lokolotsoe. Empa Petrose a nahana eka ke sehlooho ho se mo tšepe ‘me a tsitlella ho itšepa.EN 454.5

    Jesu O ne A ke ke A qobisa barutuoa ba Hae teko, empa ha A ka A ba siea ba hloka matšeliso. Pele ho tatolo, ba ile ba fumana tiiso ea ho tšoareloa. Kamorao ho lefu la Hae le tsoho, ba tsebile hore ba tšoaretsoe ebile ke ba bohlokoa pelong ea Kreste.EN 455.1

    Jesu le barutoa ba ne ba le tseleng e eang Gethesemane, maotong a thaba ea Mehloare. Ngoeli e ne e chabile hantle, ‘me e Mo bontša serapa se setle sa merara. A se hlokomelisa barutuoa ba Hae A re, “Ke ‘na sefate sa ‘nete sa morara.” Morara ka makalana a oona a itšoareletsang, o tšoantša Eena. Sefate sa palema, le sa leoka li ikemisa ka botsona, ha li hloke ho tšehetsoa. Empa morara o ithatela ka lifate tse tiileng o tsebe ho nyoloha ho ea holimo. Ka mokhoa o joalo, Kreste bōthong ba Hae, O ne A tšepile matla a leholimo. “Nke ke ka etsa letho ka bonna.” Johanne 5:30.EN 455.2

    “Ke ‘na sefate sa ‘nete sa morara, ‘me Ntate ke molemi” Ntat’a rōna ea maholimong O ne A leme Morara o na o motle holim’a maralla a Palestina. Ba bangata ba ile ba khahloa ke botle ba Morara, ‘me ba paka hore o tsoa leholimong. Empa baetapele ba Iseraele, ba hatakela sejalo seo ka maoto a bona a litšila. Ha batho ba hopola hore ba o bolaile, Molemi oa leholimo A o nka, A o lema bocha, ka nq’ane ho lerako. Kutu ea morara e ne e se e sa bonahale. E ne e patetsoe litlhoriso tse khopo tsa batho. Empa makala a Morara a lepella holim’a lerako, ‘me ka ‘ona mahlomela a tseba ho kopana le Morara (kutu).EN 455.3

    Jesu O re, kamano ea lekala le kutu ea morara e tšoantša kamano eo balateli ba Hae ba lōkelang ho e bōlōka ho Eena. Lekalana le tlamelloa kutung e phelang ea morara, ‘me methaponyana ea lona e melelle kutung moo. Ho joalo ka moea o fumana bophelo ka ho kopana le Kreste. Moetsalibe o kopanya bofokoli ba hae le matla a Kreste, le bofutsana ba hae o bo kopanya le khaphatseho ea Kreste. ‘Me joale a be le kelello ea Kreste. Botho ba Kreste bo amme bōtho ba rōna, ‘me bōtho ba rona bo amme bo-Molimo.EN 455.4

    Kopano ena e lokela ho baballeha. Kreste O re, “Lulang ka ho ‘na, le ‘na ka ho lona. Joalokaha lekala le ke ke la beha litholoana ka bolona ha le se sefateng sa morara, ho joalo le ho lōna ha le sa lule ka ho ‘na.” Kopano ena ha se ea nakoana, e ka tsamaea e phomoleloa. Lekala le fetoha karolo ea sefate se phelang. Jesu O re, bophelo boo le bo fumaneng ho ‘Na, bo ka bōlōkeha feela ka kamano e tsoelang pele. Kantle ho ‘Na le ke ke la hlōla sebe kapa la hanela moleko. Re lōkela ho khoramela Jesu ‘me re amohele ho Eena ka tumelo, phethahalo ea semelo sa Hae.EN 456.1

    Metso e rōmela lijo ka lekala, ho fihlela lehlakung la ho qetela. “Ea lulang ka ho ‘na,” ho bolela Jesu, “le ‘na ka ho eena, o beha litholoana tse ngata, hobane ntle ho ‘na le ke ke la etsa letho.” Ha re phela ka tumelo ho Mora oa Molimo, litholoana tsa Moea li tla bonoa maphelong a rōna, ha ho le e ‘ngoe e tla haella.EN 456.2

    “Ntate ke molemi. Lekala le leng le le leng le ho ‘na le sa beheng litholoana, oa le pōma.” Ho ka bonahala ho na le kamano le Kreste, empa e se kopano ea tumelo. Ho ipolela borapeli, ho kenya batho ka kerekeng, empa semelo ke sona se bontšang haeba ba fela ba na le kamano le Kreste. Ha ba sa behe litholoana ke makala a fosahetseng. “Ha motho a sa lule ka ho ‘na, o lahleloa kantle joaloka lekala, ‘me a omelle. Makala aa bōkelloa, a lahleloe mollong, a che.”EN 456.3

    “’Me le leng le le leng le behang litholoana, oa le faola, hore le tle le behe litholoana tse ngata ho feta.” Ho ba leshome le metso e ‘meli ba neng ba latela Jesu, a le mong e leng lekala le omcletsang o ne a le lekhatheng le ho tlosoa; ba bang ba ne ba tla ba litekong tse babang, tsa thipa e kutang lifate ho li hlaolela. Ho kuta hona ho li utloisa bohlōkō, empa ke Ntate ea tšoereng thipa. Ha A sebetse ka letsoho le khopo. Makhasi a mangata, a jellang litholoana bophelo ba tsona, a lokela ho tlosoa. Mahlomela a lōkela ho khaoloa, hore mahlaseli a Letsatsi la Ho loka, a folisang a fumane sebaka. Molemi o khaola mahlomela a kotsi, hore litholoana li tle li be ngata ka ho fetisa.EN 456.4

    “Ntate o tlotlisoa ka hona: ha le beha litholoana tse ngata,” ho bolela Jesu. Molimo O lakatsa ho bonahatsa ka rōna semelo sa Hae sa molemo le mohau. Empa Mopholosi ha A khannele barutuoa hore ba sebeletse ho beha litholoana. O ba bolella hore ba lule ho Eena. Kreste O lula har’a balateli ba Hae ka Lentsoe. Bophelo ba Kreste ka ho uena, bo hlahisa litholoana tse tšoanang le tse ho Eena. Ho phela ho Kreste, ho khoramela Kreste, re tšehelitsoe ke Kreste, re hula phepo ho Kreste, re beha litholoana tse tšoanang le tsa Kreste.EN 457.1

    Khothatso ea pele ea Jesu, ha A na le barutuoa ba Hae kamoreng e ka holimo e bile, “Ke le fa molao o mocha, ke hoba le ratane, joalo ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lona.” Ho barutuoa molao o na o ne o le mocha, hobane ba ne ba sa ratane joale ka ha Kreste A ba ratile. Empa ka bophelo ba Hae le lefu, ba ne ba amohela maikutlo a macha ka lerato. Molao oa ho ratana o ne o na le moelelo o mocha ka baka la sehlabelo sa Hae.EN 457.2

    Ha batho ba kopantsoe hammoho, e seng ka qobello kapa boikhabo, empa e le ka lerato, ba bonahatsa tšebetso ea tšusumetso e kaholimo ho matla ‘ohle a botho. Lerato le joalo, ha le bonahala ka kerekeng, le ka fuluoa bohale ba Satane. Morena O re, “Ha lefatše le le hloea, tsebang hore le ile la ntlhoea pele ho lona. Ha le ne le le ba lcfatše, lefatše le ka be le ratile seo e leng sa lona, empa kahobane le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile ho ba lefatšeng, lefatše le le hloile ke hona. Hopolang polelo eo ke le boleletseng eona: ‘Mohlanka ha a moholo ho mong’a hae.’ Ha ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bōlōkile lentsoe la ka, le la lona ba tla le bōlōka. Empa ba tla le etsa tsena tsohle ka baka la lebitso la ka, hobane ba sa tsebe ea nthōmileng.” Evangeli e lōkela ho ntšetsoa pele le har’a khanyetso, kotsi, tahlehelo le mahlomola.EN 457.3

    Joaloka Molopolli oa lefatse, Kreste O ne A thulana le ho hloka katlcho hangata. O ne A bonahala A phetha karolo e nyane ea mosebetsi oo A neng A lakalitse ho o etsa. Ka linako tsohle, tšusumetso ea Satane e ne e sebeletsa ho thiba tsela ea Hae. Empa ha A ka A nyahamisoa ke letho. Ka Esaea o re, “Ke sebelitse lelea, ka fufulelloa ntat’a selala. Empa se ntšoanelang se ka atleng sa Morena, moputso oa ka o ho Molimo oa ka.” Esaea 49:4.EN 457.4

    Jesu A phomola holim’a lentsoe lena, ‘me a hlokisa Satane monyetla. Ha masoabi a tebileng haholo, a aparela moea oa Hae, A re ho barutuoa ba Hae, “‘Musi oa lefatše oa tla. Ha a na matla holim’a ka.” “‘Musi oa lefatše lena o se a ahlōtsoe.” ‘Musi oa lefatše lena o tla lahleloa kantle.” Johanne 14:30; 16:11; 12:31.EN 458.1

    Kreste A tseba hore, etlare ha A hōoa A re, “Ho phethehile,” leholimo lohle le tla hlōla. Tsebe ea Hae ea utloela hole, lipina le litlatse tsa tlholo mabaleng a leholimo. A tseba hore lebitso la Kreste le tla binoa mafatšeng ‘ohle ka kakaretso. A tseba hore ‘nete e hlometse ka Moea o Halalelang, e tla hlōla liteko tsohle tsa bokhopo. A tseba hore bophelo ba barutuoa ba Hae ba Mo tšepang, bo tla tšoana le ba Hae, e be mokoloko oa litlhōlo tse hlokang tšitiso, tse sa bonahaleng e ka li teng hona joale, empa li tla hlokomeloa hantle nakong e kholo e tlang.EN 458.2

    Kreste ha A ka A hlōloa, leha e le ho nyahama, ‘me balateli ba Hae ba lōkela ho bonahatsa tumelo e joalo, e mamellang. Ba lokela ho phela joalokaha A phetse, ‘me ba sebetse joalokaha A sebelitse. Ba se ke ba tsietsoa ke mathata, empa ba a hlōle, ba se ke ba nyahamisoa ke letho.EN 458.3

    Kreste O supa hore tsamaiso ea leholimo, le kutloano e halalelang li lokela ho bonahatsoa ka kerekeng ea Hae le lefatšeng. E le hore, ka batho ba Hae, A tle A fumane pokello e ngata ea khanya. Kereke e apesitsoe ka ho lōka ha Kreste, ke eona polokelo ea Hae, moo menono ea mohau oa Hae le lerato li lōkelang ho bonahatsoa ka botlalo. Kreste O sheba batho ba Hae, ho hloeka ha bona le ho phetheha e le moputso oa boikokobetso ba Hae, le tlatsetso ea khanya ea Hae.EN 458.4

    Ka mantsoe a matla, a tletscng tšepo, Mopholosi A qetella thorno ea Hae. O ne A phethile mosebetsi oo A neng A o filoe hore A o etse. O ne A tsebahalitse lebitso la Ntate, ‘me A khethile bao ba tla sala ba ntšetsa mosebetsi pele har’a batho.EN 458.5

    Joaloka moprista e moholo ea inehetseng, Kreste O buella batho ba Hae: O re, “Ntate ea Halalelang, u ba bōlōke ka lebitso la hao leo u ‘neileng lona, hore ba be ntho e le ‘ngoe joaloka rōna.” “Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba lumelang ho ‘na ka lentsoe la bona...lefatše le tie le tsebe hore u nthōmile le hore u ba ratile joalokaha u nthatile.”EN 458.6

    Kreste A nehela kereke ea Hae e khethehileng matsohong a Ntate. Eena O ne A emetsoe ke ntoa ea ho qetela le Satane, ‘me A tsoela pele ho ea khahlana le eona.EN 459.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents