Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ke Hobaneng Kreste A Ileng A Qala Tsebeletso Ena Ea Borapeli

    Kreste hoba A qete ho hlatsoa maoto a bona a re, ‘“Na le utloisisa seo ke se entseng ho Iona? Le mpitsa ‘Moruti’ le ‘Morena’, ‘me le bolela hantle, hobane ke eena. Joale he, ha ke le hlatsoitse maoto, ‘na ke le Morena le Moruti, le lōna le tšoanetse ho hlatsoana maoto. Ke le beetse mohlala, hore le lōna le tle le etse joalokaha ke le entse. Kannete-nete, kea le bolella, mohlanka ha a moholo ho mong’a hae, le morōmuoa ha a moholo ho ea mo rōmileng.’”EN 440.1

    Hore batho ba Hae ba tle ba se lahlehe ke boikhōhōmōso bo teng pelong ea nama, Kreste ka sebele O fane ka mohlala oa boikokobetso. Eena ka sebele, A lekana le Molimo, A iketsa mohlanka ho barutuoa ba Hae. Eena eo mangole ‘ohle a Mo khumamelang, A khumama fatše ho hlatsoa maoto a bao ba ‘mitsang Morena. A hlatsoa maoto a moeki oa Hae.EN 440.2

    Molimo ha A iphelele. Ka linako tsohle O ntse A sebeletsa ba bang. Jesu O filoe ho ema ka sehloohong sa botho, hore ka mohau oa Hae, A tle A rute hore na ho boleloang ka ho sebeletsa. O etselitse bohle, a sebeletsa bohle. Kahoo O phetse molao oa Molimo, ‘me ka mohlala oa Hae, O bontšitse hore na re lokela ho o hlonepha joang.EN 440.3

    Ha A qetile ho hlatsoa maoto a barutuoa, Jesu A re, “Ke le beetse mohlala...hore le lōna le tšoanetse ho hlatsoana maoto.” Ka mantsoe ana, Kreste O ne A hloma tsebeletso ea borapeli. Ka ketso ea Morena oa rōna, moketjana oo oa boikokobetso o ile oa etsoa tšoanelo e halalelang. E ile ea lōkela ho hlokomeloa ke barutuoa, hore kamehla ba tle ‘ne ba hopole lithuto tsa Hae tsa boikokobetso le bohlanka.EN 440.4

    Tsebeletso ena ke boitokokisetso bo khethiloeng ke Kreste bakeng sa tsebeletso ea selallo. Ha boikhōhōmōso, liphapang le liqhoebeshano tsa boholo li sa le teng, ha re e-s’o lōkele ho amohela selallo sa ‘mele oa Hae le mali a Hae. Ke ka hona Jesu A khethileng hore sehopotso sa boikokobetso ba Hae se phethoe pele.EN 441.1

    Ka ho motho ho na le tšekamelo ea ho inahana a le holimo ho ngoan’abo, ho sebeletsa bo-’na, ho ipatlela litulo tse ka holimolimo; ‘me hangata hona ho tsoala lipelaelo tse khopo le lehloeo. Tsebeletso e etellang pele selallo sa Morena ke ea ho ntša motho boikhōhōmōsong ba hae, a theohe boiphahamisong ba hae, a theohele boikokobetsong ba pelo bo tla mo khannela hore a sebeletse ngoan’abo. Molebelli ea Halalelang, ea tsoang leholimong, O teng, ho etsa hore nako ena e be ea ho itlhatlhōba meea, ho kholiseha ke sebe, le tiiso ea hore libe li tšoarctsoe. Kreste O teng ho fetola tsela ea maikutlo a neng a tsamaea ka tsela ea boikhōhōmōso.EN 441.2

    Ha re ntse re nahana ka boikokobetso ba Mopholosi ho rōna, ho nyoloha letoto la mehopolo, mohopolo ea ho lōka ha Molimo, le molemo le thuso tsa metsoalle lefatšeng. Mahlohonolo ao re a lebetseng, melemo e lebetsocng, tsohle li khutlela kelellong. Bofokoli ba semelo, litšoanelo tse sa phethoang, le ho hloka teboho, le ho sa tsotelle, tsohle lia hopoloa. Kelello ea matlafatsoa hore e robe litšitiso tsena tsohle tse bakileng bora. Ho ipoleloa libe, ‘me lia tšoareloa. Mohau oa Kreste o kokobetsang o kopanya lipelo ‘moho. Ho tuke takatso ea bophelo ba moea bo phahameng. Moea o tla phahamisoa. Re ka ja selallo re tletse khanya ea ho lōka ha Kreste ka tempeleng ea moea.EN 441.3

    Ho bao ba amohetseng moea oa tšebeletso ena, e ke ke ea e-ba mokcte oa lefeela. Ha feela tsebeletso ena e phcthiloe ka nepo bana ba Molimo ba etsa selekane, hore bophelo ba bona bo tla neheloa tšebeletsong e hlokang boikhōhōmōso, e mong ho e mong. Lefatše le tletse batho ba hlokang tsebeletso ea rōna. Bao ba buisaneng le Kreste kamoreng e kaholimo, ba tla tsoa ho ea sebeletsa joalekaha A entse.EN 441.4

    “Ha le tseba tsena, le lehlohonolo ha le ka li etsa.” EN 441.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents