Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kamoo Joko Ea Hae E Bebofatsang Mosebetsi

    Joko e beoa melaleng ea likhomo e le ho thusa hore li hule moroalo, le ho o bebofatsa. Ho joalo le ka joko ea Kreste. Ha thato ea rōna e metsitsoe ke ea Molimo, re tla fumana moroalo oa bophelo o le bobebe. Ea tsamaeang tseleng ea melao ea Molimo, o tsamaea le Kreste, ‘me pelo e phomola leratong la Hae. Ha Moshe a rapela a re, “Ak’u mpontše litsela tsa hao,...ke tie ke u tsebe,” Morena O ile A arabela a re “Ke tla tsamaea le uena, ke e’o u phomotsa.” Phallo 33:13,14.EN 224.4

    Bao ba amohelang mantsoe a Kreste, ‘me ba nehela maphelo a bona ho tsamaisoa ke Eena, ba tla fumana khotso. Ha ho letho la lefatšeng le ka etsang hore e be batho ba soabileng hobane Jesu O ba fa thabo ka boteng ba Hae. “U boloka khotso ea ba maikutlo a tsitsitseng, hobane bona ba fela ba u tšepile.” Esaea 26:3.EN 224.5

    Maphelo a rōna a ka bonahala a le marang-rang, empa ha re inehela ho Monghali ea bohlale oa Mosebetsi, O tla hlahisa setšoantšo sa bophelo le semelo tse tla Mo tlotlisa. ‘Me semelo se tla bontšahatsa khanya eleng semelo se kang sa Kreste, se tla amoheloa Paradeising ea Molimo.EN 225.1

    Ha re kena phomolong ka Kreste re tla be re qalile leholimo hona mona. Re ananela memo ea Hae e reng, “Tlong le ithute ho ‘Na,” ‘me ka mokhoa o joalo, re qala bophelo bo sa feleng. Leholimo ke katamelo e sa khaotseng e eang ho Molimo ka Kreste. Ha re ntse re eketsa ho tseba Molimo, le thabo ea rōna e tla ‘ne e eketsehe. Ha re tsamaea le Jesu bophelong bona, re tla tlala lerato la Hae, re khotsofatsoe ke boteng ba Hae. Sohle seo botho bo ka se tsebang ho se jara re ka se fumana hona mona.EN 225.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents