Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 30—KRESTE O TLOTSA BAAPOSTOLA BA LESHOME LE METSO E ‘MELI

    [E itšetlehile ka Mareka 3:13-39; Luka 6:12-16.]

    Jesu a nyolohela thabeng, a bitsa bao a ba batlang, ‘me ba tla ho Eena. A hlomamisa ba leshome le metso e meli bao a ileng a ba bitsa baapostola hore ba be le Eena, a tle a ba rōme ho ruta.”EN 196.1

    Tlas’a meriti ea lifate tse tširelelitseng, letsoapong la thaba, sebakana ho tloha leoatleng la Galelea, ba Leshome le metso e ‘meli ba khetheloa ho ba baapostola, ‘me hona moo Thuto ea Thabeng ea fanoa. Koetlisong ea barutuoa ba Hae, Jesu A khetha ho tloha moo ho leng lerata le pherekano, motseng, A ea moo ho khutsitseng masimong le maralleng, hobane ke moo lithuto tsa Hae li neng li ka tsamaelana-’moho le thuto ea boitelo eo A neng A lakalitse ho ba ruta eona. Nakong ea bosebeletsi ba Hae, O ne A rata ho bokella batho ho Eena, tlas’a botalana ba Maholimo, le matsoapong a matala kapa lebopong la leoatle. Libakeng tsa tjena O ne A ka tseba ho hapa maikutlo a bamameli ba Hae, ho tlosa mehopolo ea bona linthong tsa maiketsetso, ho a isa ho tsa tlholeho. Kholong le tsoelopeleng ea limela tsa tlholeho, ba ne ba ka ithuta lithuto tsa bohlokoa tsa bonnete ba bo-Molimo.EN 196.2

    E ne e le nako joale ea ho nka mohato oa pele tlhophisong ea kereke eo e neng etlare ha Kreste a tsamaea eona ebe moemeli oa Hae lefatšeng. Ho ne ho se na tempelehali e ntle moo barutuoa ba ka kopanelang teng, empa Mopholosi A isa barutuoa ba Hae sebakeng se khutsitseng, seo A se ratang. Hamorao mehopolong ea bona, maiphihlelo a halalelang a letsatsi leo a ‘nile a hokahangoa le botle ba sebaka seo sa thabeng le makhulo le leoatle.EN 196.3

    Jesu O ile A bitsa barutuoa ba Hae hore A tle A ba rōme lefatseng ho phatlalatsa lefatšeng seo ba ileng ba se bona ‘me ba se utloa ka Eena. Thōmo ea bona, e leng ea bohlokoa ho feta tsohle tseo batho ba neng ba kile ba e bitsetsoa e ne e fetoa ke ea Kreste feela. Ba ne ba tšoanetse ho sebetsa ‘moho le Molimo ho pholosa lefatše.EN 197.1

    Mopholosi O ne A tseba semelo sa banna bao A neng A ba khethile. A tseba bofokoli le liphoso tsa bona. Li ne li senolehile ho Eena. O ne A tseba mathata ao ba neng ba tla feta ho ‘ona, ‘me pelo ea Hae e ne e e-na le kutloelo-bohlōkō holim’a bana ba khethiloeng. O ile A qeta bosiu bohle A le thabeng A ba rapella, bona ba robetse tlas’a thaba. Ha bosiu bo oela fatše A ba hoehla ho kopana le Eena.EN 197.2

    Johanne le Jakobo, Andrease le Petrose le Filipi, Nathanaele le Matheu, ba ile ba ba haufi le Jesu haholo thahasellong ea mosebetsi ho feta ba bang. Haele Petrose, Jakobo le Johanne bona ba ne ba le haufinyane le ho feta likamanong le Eena, ba e-ba lipaki tsa mehlolo ea Hae, ‘me ba mamela lentsoe la Hae. Mopholosi O ne A ba rata kaofela, empa Johanne eena o ne a e-na le moea oa ho amohela litaba tsa Jesu ho feta bohle. Johanne o ne a le monyenyane ho bona kaofela, a ena le pelo ea bongoana e nang le tšepo, ‘me a e bulela Jesu. Kahoo Johanne o ile a ba le kutloelo-bohlōkō joaloka Kreste, ‘me ka eena Mopholosi O tsebile ho fana ka lithuto tsa moea ho buisana le batho ba Hae.EN 197.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents