Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tumelo E Phelang Ea Folisa

    Ha ho thuse letho ho etsa bosaoana ka taba tsa bolumeli, kapa ho rapela ho se nang botebo le tumelo. Tumelo e amohelang Kreste e le Mopholosi feela, oa lefatše e ke ke ea folisa moea. Tumelo ha se feela ho utloisisa ‘nete. Ha hoa lekana ho lumela litaba tsa Kreste; re tšoanela ho lumela ho Eena. Tumelo e pholosang ke tumellano eo ba amohelang Kreste, ba itherelang ho ba le likamano le Molimo. Tumelo ea sebele e tlatsa mafolofolo, le tšepo e tebileng, ‘me e fa moea matla a tlhōlo.EN 235.2

    Hoba A folise mosali, Jesu O ile A rata hore a bolele ka lehlohonolo leo a le fumaneng. Melemo e fumanoang lentsoeng, ha ea tšoaneloa ho patoa. Leholimo le sebelisa monyetla oa boipolelo ba ho tšepahala ha Hae ho rona ho senola Kreste lefatseng. Bopaki ba maiphihlelo a rōna bo na le tšusumetso e fetisisang. Sheba Esaea 43:12. Bopaki ba rōna ba mohau oa Hae ha bo tšehelitsoe ke bophelo ba bokreste, bona le matla a ke keng a hloloa pholosong ea meea.EN 235.3

    Ha balepera ba leshome ba e-tla ho Jesu ho folisoa, ba ile ba hloekisoa kaofela; empa ke a le mong feela, ea ileng a khutla ho Mo fa tlotla. Ke ba bangata hakaakang ba ntseng ba etsa joalo! Morena O phahamisa bakuli, O pholosa ba tsietsing, O rōmela mangeloi ho ba pholosa tsietsing, ho ba tšireletsa litlokotsing le tšenyehong; (Pesalema 91:6) empa ha ba tsotelle lerato leo le leholo la Hae. Ba koalla lipelo tsa bona mohau oa Molimo, ka ho hloka teboho.EN 235.4

    Ke molemong oa rōna, hore re hopole limpho tsohle tsa Molimo ka nako tsohle. Tumelo ea rōna e tla matlafatsoa. Ha re hopoleng ke hona lerato le mohau oa Molimo. ‘Me ha re ntse re ikhopotsa tseo Molimo o re etselitseng tsona, re ‘ne re ipotse re re, “ke tla buseletsa Morena ka’ng?” Pesalema 116:12. EN 236.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents