Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 64—SECHABA SE EANG TIMELONG

    [Khaolo ena e itšetlehile ka Matheu 21:17-19; Mareka 11:1114, 20,21]

    Boipiletso ba ho qetela ho Jerusalema bo ile ba hloka molemo. Baprista le babusi ba ne ba ile ba utloa lentsoe la boporofeta le tleroloa ke sechaba ha se araba potso e reng, “Enoa ke mang?” Empa ha ba ka ba le amohela e le lentsoe la Tsutšumetso. Ka khalefo ba leka ho tholisa batho. Lira tsa Jesu, li ile tsa Mo phepheletsa ho baetapele ba Maroma, ba leng har’a mokhopi, ka hore ke moetapele oa bofetoheli. Ba bolela hore O haufi le ho hapa tempele, ‘me A buse e le morena oa Jerusalema.EN 388.1

    Empa Jesu A boela A hlalosa ka lentsoe le bonolo hore ha A tla ho tla theha ‘muso oa nakoana; haufi O tla nyolohela ho Ntate, ‘me baqosi ba Hae ba ke ke ba ‘mona ho fihlela A khutla hape ka khanya. ‘Me ka nako eo ba tla Mo tseba empa ho se ho se thuso.EN 388.2

    Jesu A buoa mantsoe ana ka ho sareloa le ka matla. Baokameli ba Maroma ba khutsa ‘me ba thetheloa. Lipelo tsa bona tsa ameha le ho feta kamoo ho kileng ha etsahala pele. Sefahlehong se hlomohileng sa Jesu, ba ithuta lerato le boitlhompo bo phethahetseng. Ba sisinngoa ke mohau oo ba neng ba hloloa ho o utloisisa, ‘me ba utloa ba tlameha ho Mo bontša hlompho. Ba retelehela ka ho baprista le babusi, ‘me ba ba qosa ka hore ke bona ba bakileng pherekano.EN 388.3

    Ho sa le joalo, Jesu A fetela ka tempeleng ho se ea Mo elelloang. A fumana ho khutsitse tu! hobane batho ba ne mathetse thabeng ea Mehloare, ho ea boha se neng se etsahala teng. Jesu a ema metsotso e seng mekae, A shebile tempele ka mohau A nt’o khutlela Bethania. Nakong eo batho ba Mo batlang, e le hore ba tle ba Mo behe teroneng ea borena, ba sitoa ho Mo fumana kae kapa kae.EN 388.4

    Jesu A qeta bosiu kaofela thapelong, ‘me hoseng A khutlela tempeleng hape. Ha A le tseleng A ikutloa A lapile, “A sa le hole, a bona sefate sa feiee se nang le mahlaku, ‘me a ea sheba hore na a ke ke a fumana ho hong ho sona. Empa ha a fihla ho sona, a se ke a fumana letho ha e se mahlaku feela, hobane e ne e se nako ea lifeiee.”EN 389.1

    Lithabeng tse potileng Jerusalema, ruri ho ne ho ka thoe, “E ne e se nako ea lifeiee.” Empa serapeng seo Jesu A ileng A tla ho sona, se seng sa lifate sa bontša e ka se pele ho tse ling. Se ne se se se metse mahlaku ‘me se tšepisa e ka litholoana li teng ho sona. Empa chebahalo ea sona e ne e thetsa. Jesu A se ke A fumana “letho haese mahlaku feela.” E ne e le mahlaku a thetsang feela e seng ho hong.EN 389.2

    Kreste A se rohaka. A re, “Ho se hlole ho e-ba le ea ka jang tholoana tsa hao le ka mohla!” Ka le hlahlamang, ha Mopholosi le barutuoa ba Hae ba le tseleng ba boela motseng, ba hoheloa ke makala a ponneng le mahlaku a bajooeng. Eitse Petrose ha a elelloa a re ho Jesu, “Moruti, bona sefate sa feiee seo u se rohakileng, se omeletse.”EN 389.3

    Ketso ena ea Kreste ea ho rohaka sefate, e bonahetse ho barutuoa ba Hae, e sa Mo tšoanele. Ba hopola mantsoe a Hae, a reng, “Mor’a motho o tlile, e seng ho timetsa meea ea batho, empa e le ho e pholosa.” Luka 9:56. Mesebetsi eo A e entseng e ne e le ea ho pholosa e seng ho timetsa. Ketso ena ea khetholoha e ‘notši. Ba botsa ba re, Lebaka la eona ke lefe?EN 389.4

    “Kea hlapanya, ho rialo Morena Molimo, ha ke thabele lefu la ea khopo.” Esekiele 33:11. Ho Kreste, mosebetsi oa ho timetsa le ho phatlalatsa kahlōlo ke “o hlollang haholo.” Esaea 28:21. Empa ka mohau le lerato O tlosa lesira le patileng bokamoso ‘me O bontša litholoana tse ka tlisoang ke sebe.EN 389.5

    Sefate sa feiee se feela, se ikhantšitseng mahlong a Kreste, ka mahlaku a sona a thetsang ka botalana, e ne e le letšoao la sechaba sa Bajuda. Mopholosi O ne A lakatsa ho tōtōbatsa lebaka le neng le tla baka le ho phethahatsa ho timela ha Iseraele. Ka sepheo sena A etsa hore sefate e be pontšo e hlakisang ‘nete ea Molimo. Bajuda ba ne ba inkile e le ba lōkileng ho feta batho ba bang. Empa ba ne ba sentsoe ke lerato la lefatše le meharo ea maruo. Ba hasanya mahlaku a bona a thetso hohle, a bonahalang a le matle ‘me a khahla mahlo, empa ba sa beha letho “haese mahlaku feela”. Bolumeli ba Bajuda, le tempele ea bona e tsotehang ka botle, le litšebeletso tse hohelang, ruri bo ne bo shebahala hantle kantle, empa bo ne bo hloka boikokobetso le lerato le molemo.EN 389.6

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents