Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mokhoa Oa Ho Se Tsotelle Kreste

    Empa Kreste O bona tsohle, ‘me O re, E ne e le ‘Na ea na beng A lapile, ‘me A nyoriloe. E ne e le ‘Na moeti. Ha lōna le ithabisa, tafole ea lona e tletse lijo, ‘Na ke ne ke bolaoa ke tlala ka leqhofeng la ka. Ha Iona le phomotse ha monate matlung a lona a matle, ‘Na ho ne ho se moo nka samelang hlooho ea Ka teng. Ha le ntse le inyakalatsa, Ke ne Ke sotleha teronkong. Ha le ne le qhetsolela mafutsana a lapileng makumane a bohobe, ‘me le ba apolela liaparo tse thocholehileng hore ba sireletse ‘mele ea bona serameng se bohale, na le ne le hopola hore tseo tsohle le li etsetsa Morena oa khanya? Ka matsatsi ‘ohle a ho phela ha lōna, ke ne ke le pel’a lona, ke le sabopehong sa bana ba hlophehileng, empa ha lea ka la ea ho Ntata. Le ile la sitoa ho etsa setsoalle le ‘Na. Ha ke le tsebe.EN 434.3

    Ba bangata ba etela libaka tseo Kreste A ileng A phela ho tsona ha A le lefatšeng, ho sheba leoatle leo A neng A rata ho ruta A le lebopong la lona, le ho boha maralla le lithota tseo A neng A rata ho li boha. Empa ha ho hlokahale hore re be re etele Nazaretha kapa Bethani e le hore re tsamae mehlaleng ea Kreste. Re ka fumana maputulo a maoto a Hae pel’a mealo ea bakuli, le ka maqhofeng a bofutsana, le libakeng tsohle moo ho nang le batho bao lipelo tsa bona li hlokang matšeliso.EN 434.4

    E mong le e mong ho na le seo a ka se etsang. Batho ba baloang ka likete tsa likete ba bofiloe ke ho hloka tsebo le sebe, ha ba e-s’o ka ba utloa ka lerato leo Kreste A ba ratang ka lona. Molao oa Kreste oa bophelo, oo ka oona motho e mong le e mong a tlang ho ema kapa a oele kahlolong, o re, “Ha ho le joalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona.” Matheu 7:12.EN 435.1

    Mopholosi O fane ka bophelo ba Hae, e le ho theha Kereke e tla tseba ho hlokomela meea e lekoang lefatšeng lena. Balumeli leha e ka ba mafutsana, ba sa ruteha, ba sa tsebahale, empa ka Kreste ba ka phetha mosebetsi ho bahaisani ba bona, esita le “linaheng tse hole-hole”, ‘me litholoana tsa oona li tla hlōla ka ho sa feleng. Ka baka la ho se tsotelle mesebetsi ena, bongata ba barutuoa ba bacha ha ba na tsoelo-pele maiphihlelong a bona a boKreste. Matla a bona a mangata, ao hangata a fetohang sesosa sa likotsi, a ne a ka sebelisoa ho ba melatsoana ea mahlohonolo. Ha ba sebetsa ka ho itella ho etsetsa ba bang molemo, bo-’na ba ka fela. Ba ikabetseng ho sebeletsa ba bang, ba ke ke ba hlorela menate le boithabiso, kapa se fetolang tsela eo ba phelang ka eona. Taba e kholo eo ba e thahasellang e tla ba mokhoa oa ho pholosa meea e e eang timelong.EN 435.2

    E le hore re kopane re be bana ba lelapa le le leng, Morena oa khanya O ile A iketsa ea tšoanang le rōna. “Le ratane joalokaha ke le ratile.” Johanne 15:12. Ha re rata batho ba lefatše joalokaha A ba ratile, re tla be re phethile thomo ea Hae ho rōna bohle. Re tla be re lokeloa ke ‘Muso oa leholimo kaha ‘Muso oa leholimo o tla be o le ka lipelong tsa rōna. Mohla letsatsi la kahlōlo, batho ba sa sebeletsang Kreste, ba ileng ba hōhōleha feela, ba nahana bo-bona feela, Moahloli oa lefatše lohle o tla ba bea hammoho le ba sebelitseng bokhopo.EN 435.3

    Motho e mong le e mong ho na le seo a se tšepetsoeng. E mong le e mong o tla botsoa ke Molisa e moholo, A re, “O kae mohlape oo u neng u o lisa, mohlape oa hao o neng o khahleha?” Jeremia 13:20.EN 435.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents