Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 47—NTOA LE MEEA EA SATANE

    [Khaolo ena e itšetlehile ka Matheu 17:19-21; Mareka 9:9-29; Luka 9:37-45.]

    Ha tsatsi le chaba, Jesu le barutuoa ba Hae ba theohela lehoatateng. Barutuoa ba ne ba hapehile mehopolong, ba tšohile, ‘me ba khutsitse. Ba ka be ba thabetse ho hlōla ho se hokae qalong eo e khethehileng, empa ho ne ho e-na le mosebetsi o lōkelang ho phethoa.EN 291.1

    Mosikong oa thaba phutheho e kholo e ne e khobokane. Ha Mopholosi A ntse A atamela, A laea moifo oa Hae oa ba bararo hore ba se re letho ka seo ba se boneng, A re, “Le se ke la bolella motho ka pono ena, ho fihlela ha Mor’a motho a se a tsositsoe bafung.” Matheu 17:9. Ho qaqisa seo ba se boneng ho bongata ho ne ho ka hlohlelletsa litšomo feela kapa ho hlolloa ho sa reng letho. Ba ne ba lieha ho utloisisa. Esitana le ba bararo ba rekolohetsoeng ho hloka kutloisiso ha bona, ho bonahala ka ho botsana ha bona hore na ho tsoha bafung ho bolelang. Empa ba se ke ba kōpa tlhalosetso ho Jesu.EN 291.2

    Eitse ha batho ba neng ba le lehoatateng ba bona Jesu, ba Mo mathela ho Mo lumelisa. Leha ho le joalo ka ho panya ha leihlo A lemoha hore ho na le ho etsahetseng ho baketseng barutuoa masoabi a maholo le nyenyefatso. Motho e mong o n’a tlisitse mor’a hae ho phekoloa moeeng o semumu o neng o mo hlōkōfatsa. Barutuoa ba ne ba neiloe matla a ho leleka meea e litšila mohla Jesu A neng A ba rōmela ho ruta Galelea eohle. Ho tloheng ha bona ba le matla tumelong, meea e litšila ea na ea utloa lentsoe la bona. Lekhetlong lena ba laela moea o hlōkōfatsang, ka lebitso la Jesu, ho lesa motho eo o mo hlōkōfatsang, empa modemona oa ba soma. Barutuoa, ka ho sitoa ho hlalosa ho hlōleha ha bona, ba ikutloa ba tlisitse tlōtlōllo ho bona le ho Moruti oa bona. Har’a letšoele leo ho ne ho le teng bangoli ba neng ba batla ho kholisa batho hore bona (barutuoa) le Moruti oa bona ebile bathetsi. Ba re ke ona moea o litšila oo barutuoa esita le Kreste ka Boeena ba neng ba ke ke ba o hlōla! Moea oa tello le ho sōma oa tlala letšoele leo.EN 291.3

    Empa hang Jesu le barutuoa ba bararo ba bonoa ba atamela. Bosiu boo ba kopaneng le khanya ea leholimo bo ne bo siile leseli le ileng la tšosa ba ba bonang. Mopholosi A atamela sebakeng sena sa ntoa, ‘me A sheba bangoli, A botsa A re, “Ke eng eo le pheang khang ka eona le bona?”EN 292.1

    Empa mantsoe a neng a sa tšabe letho, a bile a phephetsa, a ne a khutsitse. Joale ntate ea hlomohileng a fohla letšoele. Hoba a khumame maotong a Jesu, a pheta ho tšoenyeha le masoabi a hae.EN 292.2

    A re, “Moruti ke tlisitse mora oa ka ea nang le moea o semumu ho uena. Kae le kae moo o mo tšoarang, o mo tabanya fatse....Ke ile ka kōpa barutuoa ba hao hore ba o leleke, empa ba ile ba hlōleha.”EN 292.3

    Jesu A bala ho se lumele pelong ea e mong le e mong, ‘me A hōoa A re, “A molōko o sa lumeleng! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng?” A nto laela ntate ea tsielehileng A re, “Mo tliseng ho ‘na!”EN 292.4

    Moshanyana a tlisoa, ‘me moea o litšila oa mo lahla fatše ka bohlōkō bo boholo. A rapalla a ntse a pitika, a khethetsa makoeba, a meketsa habohlōkō.EN 292.5

    Morena oa bophelo le morena oa lefifi ba boela ba teana lebaleng la ntoa -Kreste A tlil’o “phatlalletsa bathopuoa tsa tōkōlōho,...ho lokolla ba hateletsoeng” (Luka 4:18), Satane a batla ho bōlōka eo a mo tšoereng litlalmong tsa hae. Ha nakoana, Jesu A lumella moea o litšila ho bonahatsa matla a ona.EN 292.6

    Jesu A botsa, “E se e le nako e kae a hlahetsoe ke hoo?” Ntat’ae a re, ke ha a sa le monyenyane. Ka lilemo-lemo o mo utloisa bohlōkō. ‘Me ka ho hloka mamello, a hōoa a re, “Haeba u ka etsa ho hong, re hauhele, ‘me u re thuse.” “Haeba u ka etsa!” Esita le joale ntat’ae o sa belaela matla a Kreste.EN 292.7

    Jesu A araba, “Tsohle li ka etsahala ho ea lumelang.” Ka meokho e tšolohang, a bontšisa bofokoli ba hae, ntat’a a itahlola mohaung oa Kreste: “Kea lumela; thusa ho hloka tumelo ha ka.”EN 293.1

    Jesu A retelehela ho ea mahlomoleng ‘me A re: “Moea o semumu, o tsebetutu, kea u laela, tsoa ho eena, ‘me u seke ua hlola u kena ho eena hape!” Eaba o tsoa, o ntse o hōoa, o sisinya ngoana ka bohale. A ba joaloka mofu. Ba bangata ba ba ba re, “O shoele.” Empa Jesu A mo tšoara ka letsoho, A mo tsosa, ‘me a ema A mo nea ntata’ae, a phela hantle kelellong le ‘meleng. Mora le ntat’ae ba rorisa Molopolli oa bona; athe bangoli, ba tloha ba hlolehile ‘me ba tepeletse ka pelo tse ntšo.EN 293.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents