Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Jesu O Ne A Tsotella

    Ka ho phathahana ke ho leka ho ipholosa, ba ile ba lebala hore Jesu O teng ka sekepeng. Joale ha ba bona lefu le se le le haufi, ba ile ba hopola hore na ba tšela leoatle ka taelo ea mang. Tsepo ea bona e ne e le ho Jesu feela. “Monghali, Monghali!” Empa mantsoe a bona a ne a koaheloa ke molumo oa sefefo, ‘me ha ba ka ba utloa karabo. Tsabo le ho hloka tšepo li ile tsa ba tšoara. Ebe Eo ea hlotseng mafu le bademona, le lefu, O hloka matla a ho thusa barutuoa joale? Ebe ha A tsotelle tlokotsi ea bona?EN 227.1

    Ba hoelehetsa hape empa ho ne ho se karabo haese feela lerata la sefefo se bohale. Ho ne ho bonahala hore ba tla metsoa ke metsi a ba lapetseng.EN 227.2

    Hang lehalima la tsekema har’a lefifi, ‘me ba bona Jesu A sekame A robetse, A sa tšoenngoe ke maqhubu. Ka ho makala ba ile ba hoeletsa ba re “Moruti! Na ha u tsotelle ha re timela?”EN 227.3

    Sello sa bona sa tsosa Jesu. Ha khanya ea lehalima e Mo bonesa, ba ile ba bona sefahleho sa Hae se tletse khotso ea leholimo. Ba bona A ba talima ka lerato, ‘me ba hoeletsa ba re, “Morena, re pholose, rea timela!”EN 227.4

    Ha ho moea o kileng oa lla sello se joalo eaba ha o fumane thuso. Ha barutuoa ba phahamisa lithupa tsa bona ho leka lekhetlo la ho qetela, Jesu A tsoha. Ha sefefo se ntse se foka, ‘me maqhubu a ba koahela, A phahamisa letsoho la Hae ‘me A re ho leoatle le halefileng “Lilimala! Khutsa!”EN 227.5

    Maqhubu a ile a khutsa, maru a phetleha, ‘me linaleli tsa chaba. Sekepe sa sesa leoatleng le khutsitseng. Joale Jesu A botsa A soabile A re, “Le boi keng? Na ha le e-s’o be le tumelo?”EN 227.6

    Khutso e kholo e ile ea e-ba teng har’a barutuoa. Ba neng ba le ka liketsoaneng tse neng li latetse Jesu, ba ne ba tšohile ba bile ba lahlehetsoe ke tšepo. Sefefo se ne se bokantse liketsoana hammoho. Me bohle ba ho tsona ba ile ba bona mohlolo ona le bona. Ba ile ba botsana ba re, “Ekaba motho eo ke mang, ea mameloang ke moea le ke letša?”EN 227.7

    Ha Jesu A tsosoa ho thusa sefefong, O ne A sa bontše A na le tšabo ha A bua, esita le chebahalo ea Hae. Hona ho ne ho sa etsahale hobane A le matla ohle. O ne A sa khutsa hobane e le “Morena oa lefatše, leoatle le leholimo.” Matla ao O ne A a hlobotse. “Nke ke ka etsa letho ka bonna.” Johanne 5:30. O ne A tšepile matla a Ntate. E ne e le ka tumelo — tumelo leratong le tlhokomelong ea Molimo, le matleng a lentsoe leo le ileng la khutsisa sefefo leo e neng e le la Molimo. Ke ‘ona ao Jesu A neng A a tšepile.EN 228.1

    Ka mokhoa o joalo le rona re tšoanela ho fumana phomolo tlhokomelong ea Mopholosi oa rōna. Tšabo ea barutuoa, ha ba ne ba le tsietsing, e ne e senola ho hloka tumelo ha bona. Ba ile ba lebala Jesu, ‘me e bile feela ha ba retelehela ho Eena, A ileng A ka ba thusa.EN 228.2

    Hana ke ha kae ha lifefo tsa meleko li foka, re loantšanang le tsona re le bang. Re tšepa matla a rōna ho fihlela re le lekhatheng la ho shoa. Ebe joale re hopola Jesu. Ha re bitsa ho Eena hore A re pholose, A ke ke A re tlohela. Ha A lese ho re fa thuso eo re e hlokang. Ha ho lebaka la hore re tšohe ha re na le Mopholosi ka lipelong tsa rōna. Molopolli O tla re pholosa kotsing ka mokhoa oo Eena A o bonang o lokile.EN 228.3

    “Ba khopo ba tšoana le leoatle le tuluana.” Esaea 57:20. Sebe se sentse khotso ea rona. Ha ho motho ea ka tsebang ho kokobetsa litakatso tse busang ka lipelong tsa rōna. Le rōna joaloka barutuoa, re sitoa ho khutsisa lifefo tse re tsukutlang. Empa leha lifefo li ka halefa joang kapa joang, ba talimang ho Jesu ka sello sena, “Morena, re pholose,” ba tla fumana pholoso. Mohau oa Hae o khutsisa ntoa ea litakatso tsa botho, ‘me pelo e phomole leratong la Hae. “A khutsisa sefefo, ‘me maqhubu a khaotsa ho befa. Ba thaba hobane ho khutsitse; a ba sesisetsa koung eo ba neng ba leba ho eona.” Pesalema 107:29,30. “Joale, erekaha re lokafalitsoe ka tumelo, re na le khotso le Molimo ka Morena oa rōna Jesu Kreste.” Baroma 5:1.EN 228.4

    Mopholosi le ba tsamaeang le Eena, ba ile ba fihla lebōpong e sale hoseng haholo. Letsatsi ha le chaba, khanya ea lona e ne e chabetse leoatle le naha ka hlohonolofatso ea khotso. Empa ha ba fihla lebopong, mahlo a bona a ile a teana le pono e tšosang le ho feta sefefo se halefileng. Banna ba babeli ba hlanyang, ba ile ba mathela ho bona joalokaha eka ba tla ba khaola likoto. Liketane tse neng li tlamile banna bana ha ba le litlamong, ‘me ba se ba li khaotse, li ne li ntse li leketla ho bona. Ba ne ba na le maqeba a tsoang mali. Mahlo a bona a ne a rotolohile, me meriri ea bona e le manyetse-nyetse e hlantse. Ba ne ba na le ‘meea e litšila, ba ne ba se ba shebahala joaleka libatana tse hlaha, eseng batho.EN 228.5

    Barutuoa ba ile ba baleha ke ho tšoha; empa ba phakisa ba qamaka Jesu. O ne A setse A eme moo ba ileng ba mo siea teng. Eena ea ileng A khutsisa sefefo, ha A ka A baleha. Ha banna bana ba khethetsang makoeba ba atamela Jesu, O ile A phahamisa letsoho lane le ileng la khutsisa maqhubu, ‘me banna bana ba sitoa ho Mo atamela.EN 229.1

    Jesu A laela ka matla, hore meea e litšila e tsoe ka hare ho bona. Mantsoe a Hae a ile a phunyeletsa likelello tsa banna bana ba malimabe, tse neng li ntšofetse. Ba ile ba elelloa ka lerootho hore enoa ea pel’a bona a ka ba pholosa bademoneng ba ba sotlileng. Empa e ile eare ha ba leka ho phahamisa melomo ea bona ba re ba bua, ho kōpa mohau oa Hae, bademona ba bua ka maleme a bona, ba hoeletsa ba re, “U nkene ka’ng, Jesu Mora oa Molimo ea holimo-limo? Kea u rapela, u se ke ua ntlhōkōfatsa!”EN 229.2

    Jesu O ile A botsa A re, “Lebitso la hau u mang?” Oa araba, oa re ho Eena; “Ke Lebōtho.” Bademona ba kōpa Jesu hore A se ke A ba ntša ka hare ho naha. Haufinyana le moo, letsoapong la thaba, ho ne ho e-na le mohlape o moholo oa likolobe o ntseng o fula. Bademona ba ikopela hore ba lelekeloe likolobeng tseo. Hang ka ho panya ha leihlo, mohlape ona oa mathela letšeng, ‘me oa fihla oa itihela ka teng, ‘me oa timela.EN 229.3

    Ka eona nako eo, phetoho e kholo ea bonahala ho banna ba neng ba kenoe ke bademona. Kelello tsa bona tsa chabeloa ke leseli, Mahlo a bona a re qoatsi!, ‘me a phatsima ka ho boela malulong. Banna bana ba ile ba rorisa Molimo ka thabo.EN 229.4

    Balisa ba mehlape ba ile ba bona tsena tsohle, ba le holim’a thaba, ‘me ba potlaka ho ea tsebisa beng ba bona ka tsena tse etsahetseng. Baahi bohle ba moo ba ile ba khobokana ho khahlanyetsa Jesu, ka ho tšoha le ka ho makala. Batho ba naheng eo ba ne ba ile ba phela ka tšabo ea bademona bao. Ho ne ho se ea ka pholohang, ha a feta moo ba neng ba le teng. Joale banna bana ba ne ba apere, ‘me kelello tsa bona li khutlile, ba mametse Jesu, ‘me ba Mo rorisa, Eena ea neng A ba folisitse. Empa batho ha ba ka ba nyakalla. Ba ne ba saretsoe ke ho lahleheloa ke likolobe, ho feta ho pholosoa ha batšoaruoa bana ba Satane.EN 229.5

    Beng ba likolobe ba ne ba beile likelello tsa bona linthong tsa lefatše, ‘me ba sa tsotelle lintho tsa bohlokoa tsa bophelo ba moea. Jesu O ne A lakatsa ho tlosa ho thotofala ha boikhopolo ho neng ho ba tšoere e le hore ba tie ba amohele mohau oa Hae. Empa ba ile ba foufatsoa mahlo ke ho halefela tahlehelo ea lintho tsa lefatše, hoo ba ileng ba sitoa ho elelloa mohau oa Mopholosi.EN 230.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents