Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ntho Efe Le Efe E Isang Sebeng E TSoanela Ho Tlosoa

    Sebe se le seng se bokotsoang se lekane ho theola semelo le ho lahla ba bang. Haeba leoto kapa letsoho li lekana ho khaoloa, esita leihlo ho honngoa e le ho pholosa ‘mele lefung, re lokela ho pheella hakaakang ho beela ka thōko sebe se tlisang lefu moeeng!EN 300.1

    Tšebeletsong ea moetlo letsoai le ne le nokoa sehlabelong se seng le se seng. Hona joaleka nyehelo ea libano, ho ne ho bolela hore ke ho loka ha Kreste feela ho ka etsang hore tšebeletso e amohelehe ho Molimo. Ha a bua ka taba eo Jesu A re, “E-bang le letsoai ka ho lona, ‘me le phelisane ka khotso.” Bohle le tšoanela ho kopa letsoai le pholosang, ho loka ha Mopholosi oa rōna. Joale ba fetoha “letsoai la lefatše,” ba thibela bokhopo har’a batho, joaleka ha letsoai le thibela ho bola. Matheu 5:13. Empa ha letsoai le tapile, bophelo bo ke ke ba hlahisetsa lefatše matla a pholosang. Jesu O re,“Le be selekaneng sa mohau oa Ka, hore le be le ho latsoeha ha bophelo ho isang bophelong. Ha ho le joalo ha ho na ho ba le tsekisano, ha ho na hoba le boipatlo, ha ho na ho ba le takatso ea ho phahamela ba bang.EN 300.2

    Ha re bona Jesu, Motho oa Mahlomola, ea tloaetseng masoabi, A sebeletsa ho pholosa ba lahlehileng, A eisoa, A nyelisoa, A tsamaisoa hohle metseng ho fihlela thōmo ea Hae e phetheha; ha re ‘Mona Gethesemane, A keleketla khōrōrō tsa mali, ‘me sefapanong A e-shoa ka mahlomola -ha re bona sena bonna ha bo sa tla rata ho bonahala. Re tla thabela ho jara sefapano re latetse Jesu, ho mamella teko, lihlong kapa hloriso ka baka la Hae.EN 300.3

    Ho se be moea o lumelang ho Kreste o ka nkeloang tlase. Ka lintho tse re fang molemo ka holim’a ba bang eleng — thuto, ntlafalo, bokhabane ba semelo, maiphihlelo a borapeli -ka tsena tsohle re molatong ho ba sa neoang haholo. Ha re le matla, re lokela ho tšehetsa matsoho a ba fokolang. Kamehla mangeloi a na le ba tobaneng le ntoa e thatha-thata ea ho loana le bo-’na, ba nang le mekhoa e mebe semelong, le ba potapotiloeng ke tse nyahamisang haholo. Boliseng bona balateli ba ‘nete ba Kreste ba tla sebetsa ‘moho. Jesu A re, “Le re’ng na? Ha motho a e-na le linku tse lekholo, ‘me e ‘ngoe ea tsona e lahleha, na a ke ke a siea tse mashome a robong a metso a robong lithabeng, a ea batla e lahlehileng? Haeba a ka e fumana, ruri, ke re ho lona, o tla e thabela ho feta tse mashome a robong a metso e robong tse sa kang tsa lahleha. Ka mokhoa o joalo, Ntat’a lona ea maholimong ha a rate hore ho timele le ea mong oa ba banyenyane bana.”EN 300.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents