Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Lefifi Le Letšo-Letšo

    E ne e le setšoantšo se hlakileng, empa ka nqa’ne ho sona ho e na le moriti o tšabehang oo e leng mahlo a Kreste feela a o lemohang. “Ho tla tla matsatsi ao ka ‘ona monyali a tla tlosoa ho bona, e be hona ba itimang lijo.” E ne etlare ha ba bona Morena oa bona a ekoa, A bile A thakhisoa barutuoa ba ne ba tla lla ba be ba itime lijo.EN 185.2

    E ne etlare ha A tsoha lebitleng ebe, masoabi a bona a fetoha thabo. Kamora’ nyolohelo ea Hae, ka Moemeli O ne A tla ‘ne A be le bona ‘me ba ne ba ke ke ba qeta nako ea bona ba ntse ba lla. Satane o ne a ratile hore barutoa ba be le maikutlo a hore ba ne ba thetsitsoe ‘me ba soetsitsoe. Empa ka tumelo ba ne ba tšoanetse ho talima holimo sehalalelong moo Jesu A ntseng A ba rapella teng, ba ne ba tšoanetse ho bulela lipelo tsa bona Moea o Halalelang ‘me ba thabe leseling la boteng ba Hae. Leha ho le joalo matsatsi a teko a ne a tla tla. Ha Kreste A ne A se A sa tl’o ba le bona ‘me e-ba ha ba lemohe boteng ba Moemeli, ke teng ba tla nepa ha ba itima lijo.EN 185.3

    Mangolo a hlalosa boitimo boo Molimo A bo khethileng “ke hore u lōkolle mahlaahlela a bokhopo, u imolle ba imetsoeng ke mejaro ea bona, ba hateletsoeng u ba lōkōlle, mesebetsi eohle ea botlatlapi u e felise;” “[ho] ikitlaeletsa ho fepa ba lapileng, [ho] thoba meea ea ba tšoenyehileng.” Esaea 58:6,10. Mona ho bontšoa semelo sa mosebetsi oa Kreste. Hore na O itima lijo A le felleng kapa O ja le balekhetho, O ne A fana ka bophelo ba Hae ho pholosa ea lahlehileng. Borapeli ba ‘nete ba moea bo bonahala ha motho a inehela ka boikemisetso ho sebeletsa Molimo le motho.EN 185.4

    Ho ntšetsa pele karabo ea Hae ho barutuoa ba Johanne Jesu A etsa setšoantšo sena “Ha ho motho ea rōkellang setsiba sa lesela le lecha seaparong sa khale, hobane setsiba se ka nathola seaparo,’me sa eketsa ho taboha.” Matheu 9:15. Ho leka ho nka mekhoa ea bophelo le lintho tse tšajoang ke Bafarisi ebe o li tsoaka le boinehelo ba Johanne ho ne ho tla eketsa sekheo nthong tseo tse peli.EN 186.1

    Hape melao ea lithuto tsa Kreste li ne li ke ke tsa ea kopanngoa le mekhoa ea Bofarisi. Kreste O ne A tsoanetse ho bontša phapang pakeng tsa ho hocha le ha khale. “Hape ha ho motho ea ka tšèlang veine e ncha makukeng a khale, esere mohlomong makuka a phatloha, veine ea qhaleha, le ‘ona makuka a senyeha, empa o ee a tsele veine e ncha makukeng a macha, me bobeli ba tsona li bōlōkehe.” Matheu 9:17. Libotlolo tsa letlalo tse bitsoang makuka li ne li sebelisoa e le tsona lijana tse tšelang veine ‘me kamora’ nako e itseng li ne li omella, ‘me li phahloha habobebe, kahoo li fetohe ntho e se nang thuso. Baetapele ba Bajuda ba ne ba tsepame tseleng ea litšebeletso le meetlo. Lipelo tsa bona li ne li tšoana le makuka a omeletseng. Ba ne ba khotsofetse ke bolumeli ba molao hoo ho neng ho le thata ho bona ho ba bajari ba ‘nete e phelang. Ba ne ba sa rate ha ho tlisoa ho hocha bolumeling ba bona. Tumelo e sebetsang ka lerato, e hloekisang motho, e ne e ke ke ea fumana sebaka sa hore e ikopanye le bolumeli ba Bafarisi bo thehiloeng ka litšebeletso le ka litaelo tsa batho. Ho kopanya lithuto tsa Jesu le tsa tumelo e lateloang ke bona e ne e tla ba lefeela. ‘Nete e hlokolosi ea Molimo, joaloka veine, e ne e tla phatlola makuka a khale a tšetseng meetlo ea Bofarisi e neeletsanoang. EN 186.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents