Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 3—SEBE SA MOTHO HA NAKO LI PHETHEHILE

    Mohla Adama le Eva ba neng ba qala ho utloa tšepiso ea Mopholosi ea tlang, ba ne ba lebelletse phethahalo e potlakileng ea ho tla ha Hae. Ba amohela mor’a bona oa letsibolo ka tšepo ea hore ke Eena eo e leng Mopholosi. Empa bao ba ileng ba fumana tšepiso pele ba ile ba shoa ba sa ka ba bona e phethahala. Tšepiso e ile ea ‘na ea phetoa ke bapatariareka le boporofeta ba ntse ba tsosolosa tšepo ea ho tla ha Hae, empa ha A ka A tla. Boporofeta ba Daniele ba fana ka nako ea ho tla ha Hae, empa hase bohle ba ileng ba bo hlalosa ka nepo. Makholo-kholo a mengoaha a feta, letsoho la batlatlapi la ‘na la e ba boima holim’a Iseraele, ‘me bongata bo ne bo ka bua ba re, “Matsatsi aa lelefala, pono e ‘ngoe le e ‘ngoe e fetoha lefeela.” Ezekile 12:22.EN 21.1

    Joaloka linaleli tse sepakapakeng tse entseng selikalikoe, tse khethetsoeng tsela ea tsona, leano la Molimo ha le potlake kapa hona ho lieha. Lekhotleng la leholimong, nako ea ho tla ha Kreste e ne e se e lumellanoe. Ha nako e fihla, Jesu A hlahela Betlelehema.EN 21.2

    “Empa ha nako e baliloeng e se e fihlile, Molimo o ile a rōma Mora oa hae.” Bagalata 4:4. Lefatse le ne le loketse ho tla ha Mopholosi. Lichaba li ne li kopane, ‘me li le ka tlas’a puso e le ‘ngoe. Puo e le ‘ngoe e ne e le eona e buuoang hohle. Bajuda ba ne ba phuthehela Jerusalema ho ea keteka mekete ea selemo le selemo ba hlaha linaheng tseo ba hasaneng har’a tsona. Ha ba khutlela mahae, ba etsoa maketeng ena, ba ne ba tla phatlalatsa lefatšeng ho fihla ha Mesia.EN 21.3

    Litšebeletso tsa bohedene li ne li se li sa hohele batho. Batho ba ne ba laba-labela bolumeli bo tla khotsofatsa lipelo. Batho ba ne ba batla leseli, ba ne ba nyorotsoe tsebo ea Molimo o phelang, ba batla se ka ba kholisang hore ho na le bophelo ka nq’ane ho lebitla.EN 21.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents