Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ba Lebella Mesia Eo Eseng Eena

    Bajuda ba ne ba sena tsebo ea ‘nete ea hore na boromuoa ba Mesia ke bofeng. Ba ne ba sa lebella topollo sebeng, empa ba ne ba lebelletse ho ntšuoa bokhobeng ba Baroma. Ba ne ba lebeletse Mesia ea tla phahamisa Iseraele hore e buse lefatše ka kakaretso. Ntho ena ea etsa hore Mopholosi A tie A hanoe.EN 19.3

    Nakong eo Kreste A hlahang sechaba se ne se le tlas’a puso ea melata ‘me ho ne ho se na botsitso nakong eo ka lebaka la qhobeshano kahar’a sechaba.EN 19.4

    Moprista e moholo o ne a khethoa le ho theoloa setulong ke Baroma, ‘me setulo sa moprista se ne se fumanoa ka tjotjo le ka ho bolaeana. Kahoo boprista ba ‘na ba khohlahala. Batho ba ne ba le tlas’a bobusi bo se nang mohau, ebile ba khafisoa haholo ke Baroma. Ho ne ho atile ho se khotsofale, meharo, lintoa, bōlōtsana, ‘me sechaba se ne felloa ke lipelo ke ho nyahama.EN 19.5

    Lefifing le mathateng a khatello ao batho ba neng ba le har’a ona, ba laba-labela ho fumana motho ea tla khutlisetsa muso oa Iseraele malulong. Ba ne ba ithuta boporofeta, empa ba ne ba se na kutloisiso ea Moea. Ka baka lena ba toloka boporofeta ka tsela e khotsofatsang maikutlo, a bona a tletseng boipatlo.EN 20.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents