Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kreste, E Le ‘Metli, A Bontša Bokhabane Ba Mosebetsi

    Jesu e ne e bile molaoli oa leholimo, ‘me mangeloi a ne a thahasella hore Eena A laele joale bona ba phethahatse lentsoe la Hae. Ke enoa joale e se e le mohlanka ea laeloang le mora ea ratehang, ea mamelang. Ka matsoho a Hae A sebetsa ntlong ea ‘metli le ntat’ae Josefa. Ha A ka ba A sebelisa bo-Molimo ho ipebofalletsa mathata kapa mosebetsi.EN 43.3

    Jesu O ile A sebelisa matla A Hae a ‘mele ka mokhoa oo A neng A tla phela hantle ‘meleng e le hore A tle A tsebe ho etsa mosebetsi o babatsehang.EN 43.4

    O ne A sa rate hore ho be le letho le khesehang leha A tšoara lisebelisuoa tseo A sebetsang ka tsona. O ne A phethehile mosebetsing oa Hae, joalokaha A ne A phethehile semelong sa Hae. Ka Mohlala oa Hae O ile A ruta hore mosebetsi o tšoanetse ho etsoa ka nepo le ka ho phetheha, hape mosebetsi o hlomphehe. Molimo O khethile mosebetsi e le lehlohonolo, ‘me ke feela motho ea sebetsang ka thata ea fumang thabo bophelong. Molimo O thabisoa ke bana le bacha, ba thusang mosebetsing oa lapeng, ba imolla moroalo oa ntate le ‘mè.EN 43.5

    Jesu e ne e le motho ea sebetsang ka matla, ‘me e le motho oa sebele. O ne A lebeletse katleho e matla mosebetsing ka hoo O ne A ikitlaetsa mosebetsing. O itse “Eka khona re etse mesebetsi ea ea nthōmileng e sa ntsane e le motšeare; bosiu boa tla, boo ka bona ho seng ea ka sebetsang.” Johanne 9:4.EN 44.1

    Jesu O ne A sa tsoafe boikarabello le mosebetsi joalokaha ba bangata ba etsa, ba ipolelang hore ke balateli ba Hae. Kaha ba batla ho balehela boikoetliso bona ba bangata ba ea fokola, ha ba na mofolo-folo, ha ba na thuso, ha ba thulana le mathata. Matla a semelo a senotsoeng ho Kreste a tšoanetse hore a bonahale ho rōna, ka boikoetliso boo le Eena A ileng A ba le bona. Mohau oo A o fuoeng ke oa rōna.EN 44.2

    Mopholosi oa rona O ile A nka karolo bofutsaneng. Bao ba utloisisang bophelo ba Hae kannete ba ke ke ba fumana ho tšoaneleha ho hlompha barui empa mafutsana ona a khelloa fatše.EN 44.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents