Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ba Bangata Ba Ne Ba Laba-labela Mopholosi

    Tumelo ea Bajuda e ne e se e fifetse, ho se ho se tšepo e bonesang bokamoso. Ho ba bangata lefu e ne e le sephiri se tšabehang; ka nq’ane ho lebitla ho ne ho se na tšepo, ‘me ho le hotšo! Batho ba lutse bolutung le nqalong ea lefu. Ba lebeletse ka tlholohelo ea tlang ho ba lopolla mohla sephiri sa bokamoso se tla pepesoa.EN 22.1

    Kantle ho sechaba sa Bajuda ho ne ho e-na le batho ba batlang ‘nete, ‘me ba ile ba fuoa tsosoloso ea Moea. Mantsoe a bona a boporofeta a ile a hotetsa tšepo lipelong tsa likete lefatšeng la Balichaba.EN 22.2

    E ne e se e le makholo a lilemo Mangolo a halalelang a ne a fetoleloe puong ea Segerike, eo e neng e le puo e buuoang hohle nakong ea puso ea Roma. Bajuda ba ne ba qhalakane hohle, ‘me tebello ea bona ea ho tla ha Mesia, e ile ea tsebahala ho Balichaba. Har’a batho bao Bajuda ba neng ba re ke bahedene ho ne ho e-na le banna ba utloisisang Mangolo a buang ka boporofeta ba Mesia ho feta baruti ba Iseraele.EN 22.3

    Ba bang ba neng ba lebeletse ho tla ha Hae e le Mopholosi ea ba lopollang sebeng, ba leka ho ithuta sephiri sa bophelo ba Baheberu. Empa Bajuda, kaha ba ne ba rata ho ipoloka ba arohane le lichaba tse ling, ba ne ba sa rate ho arolelana tsebo eo ba neng ba e-na le eona ka litšebeletso tse supang pele ho Mesia. Mohlalosi oa ‘nete, Eena eo litšebetso tsena li neng li supa Eena, A tšoanela ho tla, ‘me A tlo hlalosa moelelo oa tsona. Lithuto tsa tšoanela ho neoa batho ka puo ea batho. Kreste A lokela ho tla bua mantsoe ao batho ba tlang ho A utloisisa, ‘me A arole ‘nete ho ‘mōko o e sitisitseng ho ba le molemo oa letho.EN 22.4

    Har’a Bajuda ho ne ho sa na le ba bang ba tiileng ba ntseng ba bolokile tsebo ea nete ea Molimo. Bana ba ile ba tiisa tumelo ea bona ka ho lula tšepisong e fanoeng ke Moshe e reng, “Har’a bana babo Iona, o tla le hlahisetsa Moporofeta ea kang ‘na. Le tle le mo mamele linthong tsohle tseo a tla li bua ho Iona.” Liketso 3:22. Ba ile ba bala, ba utloa kamoo Morena A tla tlotsa E mong hore A tle A bolelle ba malimabe taba tse molemo, “ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthōmetse ho thoba pelo tsa ba soabileng, ho phatlalletsa bathōpuoa tsa tokoloho le hore ba chankaneng ba tla lokolloa; ho phatlalatsa selelmo sa Morena, lemo sa mehauhelo.” Esaea 61:1,2. O ne A tla beha ho loka lefatšeng, ‘me lihlekehleke li ne li tla tšepa molao oa Hae. Sheba Esaea 42:4. Lichaba li ne li tla tsamaea leseling la Hae, ‘me marena a tie khanyeng ea mahlaseli a Hae. Sheba Esaea 60:3.EN 22.5

    Mantsoe a Jakobo nakong ea ho shoa ha hae a ile a ba tlatsa tšepo ha a re, “Lere la bokhosi le ke ke la tloha ho Juda, le lere la bolaoli ho litlōhōlō tsa hae, ho fihlela mong’a lona a fihla.” Tsimoloho 49:10. Ho qepha ha matla a Iseraele ho ne ho bontša hore ho tla ha Mesia ho haufi. Kahohle ho ne ho lebelletsoe khosana e matla e tla theha ‘muso oa eona Iseraeleng ‘me e lopolle Iseraele bokhobeng.EN 23.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents