Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ba Bangata Ba Ile Ba Tsosoa Le Jesu

    Ha Kreste a tsoha, o ile a tsoa lebitleng, le ba hapiloeng ba bangata. Sheba Matheu 27:25. Ke ba ileng ba bolaeloa ho paka ka ‘nete. Joale e ne e tla ba lipaki tsa Hae, Eena ea ba tsositseng bafung.EN 524.1

    Nakong ea bosebeletsi ba Hae, Jesu o ne a ile a tsosa bafu. Empa bana ba tsositsoeng ba ne ba sa fuoa ‘mele e sa shoeng. Empa ba ileng ba tsoha le Kreste tsohong ea Hae, ba ile ba tsosetsoa bophelo bo sa feleng. Ba ile ba nyoloha le eena e le moputso oa Hae oa ho hlōla lefu le lebitla. Ba ile ba kena har’a motse ‘me ba hlaha har’a batho ba bangata, ba ba bolella hore Kreste o tsohile bafung, ‘Me rōna re tsohile le Eena. Bahalaleli ba tsohileng e ile ea e-ba lipaki tsa mantsoe a reng, “Bafu ba lōna ba tla boela ba phele, litōpō tsa bona li tla boela li tsoha.” Esaea 26:19.EN 524.2

    Ka Mopholosi oa rona, bophelo bo lahlehileng ka sebe bo ea buseletsoa. O filoe tokelo ea ho fana ‘mele e sa shoeng. O itse “ke tlile hore li be le bophelo, ‘me li be le bophelo ka ho tlala.” Johanne 10:10. “Ea jang nama ea ka, a e-noa mali a ka, o na le bophelo bo sa feleng, ‘me ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.” Johanne 6:54. Ho mokreste, lefu ke boroko feela, motsotsoana oa khutso le lefifi. “Mohla Kreste eo e leng bophelo ba lona a bonahatsoang, le lona le tla bonahatsoa le eena ka tlotla.” Bakolose 3:4.EN 524.3

    Lentsoe le ileng la hōoa sefapanong le re, “Ho phethehile,” le tla kenella mabitleng, le bule mabitla, ‘me ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha. Tsohong ea Mopholosi, mabitla a mang a ile a buloa, empa ha a e-tla khetlo la bobeli, bafu bohle ba bohlokoa ba tla utloa lentsoe la hae, ‘me ba tsohele bophelo bo khanyang, bo sa feleng. Matla ao a ileng a tsosa Kreste bafung, a tla phahamisa kereke ea Hae holim’a matla a mang, eseng feela lefatseng lena, empa le lefatšeng le tlang. EN 524.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents