Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 25—PITSO LEOATLENG

    [E itšetlehile ka Matheu 4:15-22; Mareka 1:16-20; Luka 5:1-11.]

    Letsatsi le ne le haba ho chabela leoatleng la Galelea. Barutuoa ba ne ba lutse ka liketsoaneng tsa bona lebopong, ba khathetse, kamora’ ho sebetsa bosiu bohle ba tšoasa litlhapi, empa ba sa fumane letho. Jesu O ne A tsohelletse lebopong la leoatle, ho ea ikhutsa ho se hokae. O ne A lakatsa hore A ke A fumane nakonyana ea phomolo, A phomolele matšoele a Mo salang morao ka letsatsi le letsatsi. Empa batho ba ile ba bokellana kapele hoo ba ileng ba Mo likanela ka mahlakoreng ‘ohle.EN 159.1

    E le ho suthela bongata bona, Jesu O ile A kena ka sekepeng sa Petrose, ‘me A re a sesisetse ka leoatleng hanyenyane. Teng bohle ba ne ba khona ho Mo bona le ho Mo utloa hantle, eaba O ruta matšoele a lebopong, Eena A le ka seketsoaneng. Eena Ea hlomphehang oa leholimo, O ne A bua A le sebakeng se bulehileng, A bolela litaba tse kholo tsa ‘Muso oa Hae, ho batho feela. Letša, le lithaba, le masimo a pharalletseng le khanya ea letsatsi e aparetseng lefatše, tsohle li ne li pakela lithuto tsa Hae ‘me tsa li hatisa likelellong tsa batho. Ha ho na thuto e ileng ea lahleha feela. Molaetsa o mong le o mong o ne o kena pelong ea motho e mong joaloka polelo ea bophelo bo sa feleng.EN 159.2

    Baporofeta ba ne ba talimela taba e tjena pele ha ba tla ngola, ba re:EN 159.3

    “Lefatše la Sebulone
    le lefatše la Nafthali,
    EN 159.4

    nq’a leoatle, mose ho Jorodane,
    Galelea ea balichaba,
    sechaba se neng se lutse lefifing
    se bone leseli le leholo,
    ‘me ba neng ba lutse lefatšeng
    la lefu le lefifing,
    ba chabetsoe ke leseli.” Matheu 4:15-16.
    EN 160.1

    Ha A talima mengoaha e tlang ho tla, Jesu O ile A bona balumeli ba Hae ba tšepahalang ba le chankaneng le lekhotleng la kahlōlo, ba le litekong, ba le bolutung le litlhorisong. Lipolelo tseo A li buileng ho batho ba neng ba phuthehetse ho Eena lebopong la Genesarethe, O ne A li lebisa hape ho batho bao ba litsietsing, e le mantsoe a nang le molaetsa oa tšepo ho ba litekong, oa matšeliso ho ba mahlomoleng, le khanya ho ba lefifing. Lentsoe leo le neng le bua le hlaha seketsoaneng sa motšoasi oa litlhapi, le tla utloahala le bua khotso lipelong tsa batho qetellong ea nako.EN 160.2

    Thuto eo ea fela. Jesu A bolella Petrose hore a sesiselletse hare ho leoatle, ‘me a akhele letlōoa ka leoatleng hore le tšoase. Empa Petrose o ne a nyahame pelo. O ne a qetile bosiu bohle a sa tšoasa letho. Ha a ntse a lutse ka bolutu, o ile a nahana ka Johanne Mokolobetsi ha a sotleha chankaneng, a nahana le ka bokamoso ba Jesu le balateli ba Hae, a nahana le ka ho hloka katleho ha tšebetso ka Judea, a nahana le ka bokhopo ba baprista le baruti. Eitse ha a talima matlooa a sa tšelang letho, bokamoso ho eena ba bonahala bo le lefifi, bo lahlisa tšepo. A araba Jesu, a re: “Monghali, re sebelitse ka thata bosiu bohle re sa tšoase letho, empa ho ea ka polelo ea hao ke tla lepeletsa matlōoa.”EN 160.3

    Kamora’ ho sebetsa bosiu bohle ho se katleho ea letho, Petrose o ne a bona ho se na thuso ho akhela letlōoa metsing a hloekileng a letša, empa ka lebaka la ho rata Morena, ba ile ba phethisa. Simone le ngoan’abo ba lepeletsa letlōoa. Eitse ha ba leka ho le nyolla, ba fumana le tletse litlhapi tse ngata hoo ba ileng ba tlameha ho kōpa Jakobo le Johanne hore ba ba thuse. Ha ba se ba nyolotse letlōoa, liketsoana tse peli li ile tsa tlala litlhapi hoo li neng li ka ‘na tsa teba.EN 160.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents