Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Melao Ea Bophelo Bo Botle Ke Karolo Ea Molaetsa O Molemo

    Mokhoa oa Mopholsi oa ho folisa, o ne o fupareletse barutuoa ba Hae thuto. Pholiso e tla feela ka matla a Mofolisi E Meholo (eleng Jesu) empa Kreste O ile A sebelisa meriana e bonolo ea tlhaho. O ile A ruta hore lefu le bakoa ke ho tlola melao ea Molimo ea tlhaho le ea moea. Masoabi ana a maholo a ka be a le sieo lefatšeng hoja batho ba ne ba ka phela ba ipapisitse le leano la ‘Mopi. O ile A ruta hore bophelo bo botle bo tlisoa ke ho hlompha melao ea Molimo. Ngaka e kholo E ne E ile ea bua le batho E le marung ea re “Haeba le hlile le mamela lentsoe la Morena Molimo oa lōna, ‘me le etsa ho lokileng mahlong a hae;...nke ke ka le otla ka mafu ‘ohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka ‘ona, hobane ke ‘na Morena, Mofolisi oa hao.” Phallo Exoda 15:26.EN 549.3

    Ha re thusa bakuli re lokela ho sebelisa meriana ea tlhaho eo Molimo O e entseng, ‘me re ba supise ho A leng mong ea ka folisang. Re lokela ho ba ruta hore ba lumele ho Ngaka e Kholo ‘me ba itšoarelle ka matla a Hae.EN 549.4

    Ke ha feela re nka karolo leratong la Kreste ka tumelo, matla a fanang ka bophelo a ka tšolohang ho rōna a ea bathong. Ho na le libaka tse ling tseo Mopholosi ka bo Eena A ileng A sitoa ho etsa mesebetsi e meholo, ka lebaka la ho hloka tumelo ha batho ba moo. Ka tsela e tšoanang kereke e arohantsoe le Mothusi oa eona ea Halalelang ke ho se lumele. Ka lebaka la ho hloka tumelo ha kereke Molimo oa soabisoa, le tlōtla ea ‘Ona ea thibeloa. Moo batho ba sa sebeletseng ba bang ka cheseho, lerato lea fokotseha ‘me tumelo e time.EN 550.1

    Mangeloi a hlolloa ke ho hloka teboho leratong la Molimo ho bonahatsoang ke batho. Ak’u nahane feela hore na ntate le ‘m’e ba ka ikutloa joang ha ba ka ba tseba hore ngoana oa bona, ea lahlehileng har’a serame le lehloa, batho ba ka tsebang ho mo thusa ba mo tlohelletse hore a shoe. Ho sotleha ha motho e mong le e mong ke ho sotleha ha ngoana oa Molimo; ‘me batho ba sa otlolleng matsoho a bona ho thusa ba sotlehang ba halefisa Molimo.EN 550.2

    Kreste O ile A fa barutuoa ba Hae boqosa ba bona, A re rutang batho “ho bōlōka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” Mona ho akarellelitsoe le tseo A li buileng, eseng ka molomo oa Hae feela, empa le ka Testamente ea Khale. Ha ho moo neeletsano ea litaba, kapa lipolelo tsa batho leha e le matla a kereke kapa melao e entsoeng ka matla a kereke, li ka kenang teng. Se lokelang ho neoa lefatše ele letlotlo ke “Molao le baporofeta,” hammoho le lingoliloeng tse re fang mantsoe a Hae le liketso tsa Hae.EN 550.3

    Molaetsa o molemo o se ke oa neelanoa ele lipolelo feela, tse senang bophelo, empa ebe matla a phelang a fetolang bophelo. Bao litsela tsa bona e bileng tse nyonyehang ka ho fetisisa ho Eena, O a ba amohela. Ha ba baka O ba fa Moea oa Hae o Halalelang ‘me a ba rōmelle litenteng tsa ba sa tšepahaleng hore ba ba bolelle ka mohau oa Hae o senang moeli. Ka lereko la Hae batho ba ka rua semelo se tšoanang le sa Kreste, ‘me ba nyakalla Leratong la Hae le leholo.EN 550.4

    Ha A khotsofalle ho tsebisa ka mahlohonolo ana feela’ empa O a hlahisa ka mokhoa o hohelang ka ho fetisisa, e le hore batho ba be le takatso ea ho a rua. Ka mokhoa o joalo, bahlanka ba Hae ba tšoanetse ho hlahisa matlotlo ana a Mpho e ke keng ea hlalosoa. Lerato le makatsang la Kreste le tla qhibilihisa ‘me le kokobetse lipelo, moo ho pheta-phcta lithuto ho neng ho ke ke ha atleha. Mantsoe feela, ha a lekana ho le hlalosa. Ha le ke le bonahatsoe maphelong a rōna. Kreste O lutse morutuoeng e mong le e mong ho fihlela setšoantšo sa Hae se ka sa bonahala morutuoeng ea joalo. Ho morutuoa e mong le e mong, lefatše le lokela ho bona lerato la Hae le mamellang, mohau oa Hae, le ‘nete.EN 550.5

    Barutuoa ba pele ba ile ba itlhophela mosebetsi oa bona. Pele ho Pentakonta ba ile ba kopana ‘moho ‘me ba tlosa likhohlano tsohle. Ba ile ba rapela ka mohopolo o le mong ka tumelo, ba imetsoe ke moroalo oa meea. Eaba joale Moea o Halalelang O oa tšoloha, ‘me likete-kete tsa batho tsa sokolloa ka letsatsi le le leng.EN 551.1

    Sena se ka ‘na sa etsahala le hona joale. A Lentsoe la Molimo le ke le rutoe. A Bakreste ba ke ba behelle likhohlano tsa bona ka thōko, ‘me ba inehele ho Molimo e le hore ba lahlehileng ba pholosoe. A ba ke ba kōpe mahlohonolo ka tumelo, ‘me a tla tla. Tsollelo e ileng ea etsahala mehleng ea baapostola, e ne e le “lipula tsa hoetla,” ‘me e ile ea fana ka litholoana tse tlotlehang, empa “pula ea morao” e tla ba kholohali. Sheba Joele 2:23.EN 551.2

    Bohle ba nehelanang ka moea le ‘mele ho Molimo ba tla ‘ne ba tsoele pele ho fumana tlatsetso e ncha ea matla a ‘mele le a kelello. Ka ho sebetsa ‘moho le Kreste ba tla thusoa ho etsa liketso tsa ea Matla ‘ohle ka bofokoli ba bona ba botho.EN 551.3

    Mopholosi O laba-labela ho bontša mohau oa Hae, ‘me A hatise semelo sa Hae lefatšeng lohle. O lakatsa ho lokolla batho, ba hloeke ba halalele. Ho na le tlhōlo e tšoanetseng ho fihleloa, ka mali a tšolletsoeng lefatše, a tla tiisa khanya ho Molimo le ho Konyana. Kreste ” o tla bona tholoana tsa ho hlōkōfatsoa ha hae.” Esaea 53:11. EN 551.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents