Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 55—E SENG KA HO IPONAHATSA

    [E itšetlehile ka Luka 17:20-22.]

    Lilemo tse fetang boraro li ne li fetile kamora’ hore Johanne Mokolobetsi a fane ka molaetsa o na, ‘“Muso oa maholimo o atametse.” Matheu 3:2. Ba bangata ba ba latotseng Johanne ‘me ba bile ba hanyetsana le Jesu ka mekhoa e mengata ba ne ba nahana hore thōmo ea Hae e hlōtsoe.EN 340.1

    Jesu A araba, A re, “‘Muso oa Molimo ha o tle ka mokhoa o bonoang; hape ho ke be ha thoe: ‘Bonang, o mona, kapa o mane!’ ‘Muso oa Molimo o har’a lōna.” ‘Muso oa Molimo o qala ka pelong. Se shebe matla a lefatše ho bontša ho tla hoa oona.EN 340.2

    “Ho tla tla matsatsi,” Jesu A rialo A retelehela ho barutuoa ba Hae, “ao ka ‘ona le tla labalabela ho bona le leng la matsatsi a Mor’a Motho, empa le ke ke la le bona.” Ha le elelloe monyetla o moholo oo le nang le oona ha joale, oa ho ba le Eena eo e leng bophelo le leseli la batho. Le tla hetla morao ka tlholohelo e kholo, le lakatsa menyetla eo le nang le eona ha joale ea ho thabela ho tsamaea le ho bua le Mora oa Molimo.EN 340.3

    Ebile kamora’ nyolohelo ea Kreste leholimong le kamora’ ho tla ha Moea o Halalelang, ha barutuoa ba qala ho utloisisa ka botlalo semelo sa Mopholosi le thōmo ea Hae. Ba qala ho elelloa hore ba bile ka har’a khanya ea Morena. Sheba Johanne 1:14. Likelello tsa bona li ile tsa buleha hore ba utloisise boporofeta le mehlolo eo A e entseng. Ba ne ba tšoana le batho ba phaphamang torong. Barutuoa ba ne ba sa khathale ho pheta-pheta mantsoe a Kreste le mesebetsi ea Hae. Lithuto tsa Hae joale tsa ba tlela joaleka tšenolo e ncha. Mangolo ho bona ea e-ba buka e ncha.EN 340.4

    Ha barutuoa ba ntse ba batlisisa boporofeta bo pakang ka Kreste, ba ile ba fumana ho kopana le Molimo, ‘me ba ithuta ka Eena, Eena A nyolohetseng leholimong, ho ea qetela mosebetsi oo A neng A o qalile lefatšeng. Ba boela ba bala hape, ka ho makala, tlhaloso ea boporofeta, malebane le mosebetsi oa Hae le semelo sa Hae. Ba ne ba ile ba utloisisa Mangolo a boporofeta ka mokhoa o fokolang haholo. Ha ba Mo shebile A tsamaea e le motho har’a batho, ba ne ba sa utloisise mohlolo oa Hae oa ho nka sebōpeho sa motho. Ba ne ba sa elelloe ka botlalo bo-Molimo bo ka har’a botho. Empa kamora’ hore ba hlakisetsoe ke Moea o Halalelang, ba ne ba laba-labela ho ‘mona hape, ‘me ba lakatsa hore eke A ka ba hlalosetsa Mangolo a halalelang, haholo moo ba sa utloisiseng. Kreste O ne A bolela eng, ha A re, “Ke sa na le tse ngata tseo nkabeng ke le bolella tsona, empa le ke ke la li kopa hajoale”? Johanne 16:12. Ba utloa bohlōkō hore e be tumelo ea bona e ile ea fokola hakaalo, ho utloisisa seo e leng ‘nete.EN 341.1

    Motho ea makatsang eo Johanne a neng a bolele ka eena o bile le bona ka nako e fetang lilemo tse mashome a mararo, ‘me ha ba ea tseba hore ke Eena ea rōmetsoeng ho tsoa ho Molimo. Barutuoa ba ne ba ile ba lumella hore ho se lumele ho neng ho atile, ho koahele kutloisiso ea bona. Ha ngata ba ne ba pheta-pheta puisano tsa Hae, ba ipotsa, ba re, ke hobaneng ha re ile ra lumella linyatso tsa baprista le baruti ho ferekanya maikutlo a rōna, eaba re sitoa ho utloisisa hore ea neng A le har’a rōna O moholo ho feta Moshe, ‘me Ea neng A re ruta O bohlale ho feta Solomone? Li tsebe tsa rōna li ile tsa thibana hakaakang!EN 341.2

    Ha ba tlisoa ka pele ho lekhotla ‘me ba lahleloa chankaneng, balateli ba Kreste ba ne ba thabile “hobane ba fumanoe ba lokeloa ke ho tlontlolloa ka baka la lebitso la Jesu.” Liketso 5:41. Ba elelloa khanya ea Kreste, ‘me ba khetha ho Mo latela, leha eba ba ka lahleheloa ke lintho tsohle.EN 341.3

    ‘Muso oa Molimo ha o tle ka ho iponahatsa. Molaetsa o molemo, ka moea oa oona oa boitelo, o ke ke oa tsamaea ‘moho le moea oa lefatše. Empa kajeno matšoele-tšoele a lakatsa ho etsa Morena oa rōna ‘musi oa mebuso ea lefatše lena, ‘musi oa makhotla a lona, matlong a marena, le mapatlelong a metse ea bona. Ba lebeletse hore A buse ka ho tiisa melao e behiloeng ke batho ba ka sehloohong. Erekaha Kreste A le sieo ka bo-Eena, ke bona ba tla nka sebaka sa Hae. Bajuda ba ne ba labalabela ‘muso o joalo, mehleng ea Kreste. Empa A re, “Muso oa ka hase oa lefatše lena.” Johanne 18:36.EN 341.4

    ‘Muso oo Jesu A neng A phela tlas’a oona o ne o senyehile ‘me e le oa khatello. Ka linako tsohle ho ne ho ena le lillo tsa hlōkōfatso le litlatlapo, lintho tse ke keng tsa mamelloa, esita le bokhopo bo makatsang. Le ha ho le joalo Mopholosi ha A ka A leka ho loantšana le liketso tsena, leha e le ho hlasela litlatlapo tsa sechaba, kapa hona ho tsoa lira tsa sechaba. Ha A ka A itšunyatšunya litabeng tsa ba matlcng a puso. Eo E neng E le mohlala ho rōna, O ile A ipeha thōko le mebuso ea lefatše, e se hobane A ne A iphapanyetsa mahlomola a batho, empa e le hobane pheko e ne e ke ke ea hlaha ka matla a botho kapa ka mehato e ka bonoang. Empa pheko e tlameha ho tloha pelong.EN 342.1

    ‘Muso oa Kreste ha oa etsoa ka makhotla kapa matlo a bothchi ba melao, empa e le ka ho hloma sebōpeho sa Hae bothong ka mosebetsi oa Moea o Halalelang. Ana ke ‘ona feela matla a ka phahamisang motho. ‘Me seo motho a ka se etsang ho phethahatsa mosebetsi ona ke ho ruta le ho phetha kamoo lentsoe la Molimo le laeang ka teng.EN 342.2

    Ha joale, joaloka mehleng ea Kreste, mosebetsi oa ‘muso oa Molimo ha oa beoa holim’a bao ba batlang ho bonoa, le ho tšehetsoa ke babusi ba lefatše le melao ea batho, empa o beiloe ho bao ba bolellang batho linnete tse halalelang ka lebitso la Hae, ‘me li phethe kahare ho ea li amohetseng maiphihlelo a kang a Paulosi, ha a re, “Ke thakhisitsoe le Kreste; kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ea phelang ka ho ‘na.” Bagalata 2:19,20.EN 342.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents