Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 51—LESELI LA BOPHELO

    [E itšetlehile ka Johanne 8:12-59; 9.]

    Ke ‘na leseli la lefatše; ea ntatelang ha a ka ke a tsamaea lefifing, empa o tla ba le leseli la bophelo.”EN 315.1

    E ne e le hoseng; letsatsi le sa tsoa chabela holim’a thaba ea Mehloare, ‘me mahlaseli a lōna a otla holim’a mekhabiso ea matlo a borena ka khanya e bohale, ‘me a khantša khauta ea marako a tempele. Ke moo Jesu A itšupileng, A re, “Ke ‘na leseli la lefatše.” Kamorao ho nako e telele, mantsoe ana a ile a boela a phetoa ke moapostola Johanne, ka molaetsa o tlōtlisang, a re, “Bophelo bo ne bo le ka ho lona, ‘me bophelo e ne e le leseli la batho; leseli le khanya lefifing, empa lefifi ha lea ka la le hlōla.” “Leseli la ‘nete le bonesetsang motho e mong le e mong, le ne le e-tla lefatšeng.” Johanne 1:4,5,9. Molimo ke leseli; ‘me ka mantsoe ana, “Ke ‘na leseli la lefatše,” Kreste O ne A phatlalatsa bonngoe ba Hae le Molimo, le kamano ea Hae le lelapa la bōtho ka kakaretso. Ke Eena eo qalong A entseng hore, “Leseli le khanye lefifing.” 2 Bakorinthe 4:6. Ke Eena khanya ea letsatsi, khoeli le linaleli. Joalekaha mahlaseli a phunyelletsa le likhutloana tse likeletseng tsa lefatše, le leseli la Letsatsi la ho Loka le khanya joalo moeeng oa motho e mong le e mong.EN 315.2

    “Leseli la ‘nete le bonesetsang motho e mong le e mong, le ne le e-tla lefatšeng.” Johanne 1:9. Banna ba likelello tse kholohali le lipatlisiso tse hlollang, bao lipolelo tsa bona li butseng mecha ea litsebo tse pharaletseng, ba tlōtlisoa e le ba bohlokoa sechabeng sa habo bona. Empa e mong O teng ea ba phahametseng. “Empa bohle ba le amohetseng, e leng ba lumelang ho lōna, le ba neile tokelo ea ho fetoha bana ba Molimo.” “Ha ho ea kileng a bona Molimo le ka mohla; Mora ea tsoetsoeng a ‘notši, eo e leng Molimo, ea leng sefubeng sa Ntate, ke eena ea re tsebisitseng Molimo.” Johanne 1:12,18. Re ka lōkōlisa lethathamo la mesuoe e meholo ea lefatše lena, ho ea morao moo litaba tsa bōtho li qalileng teng; empa leseli le bile teng pele ho eona. Joalekaha khoeli le linaleli tse sebakeng li bonesa ka khanya ea letsatsi, ho joalo le ka bahlalefi ba lefatše lena, moo lithuto tsa bona e leng tsa ‘nete, ba senola mahlaseli a Letsatsi la ho Loka. “Thuto e phahameng” ea ‘nete e fanoa ke Eena “moo matlotlo ‘ohle a bohlale le a tsebo a patiloeng teng.” Bakolose 2:3. “Ea ntatelang ha a ka ke a tsamaea lefifing, empa o tla ba le leseli la bophelo.”EN 315.3

    Ha Jesu A ne A re, “Ke ‘na leseli la lefatše,” batho ha ba ka ba hlōloa ho lemoha hore O ipolela hore ke Eena Mesia Ea tšepisitsoeng. Ho bafarisi le babusi boipolelo bona e ne e le boikakaso. Ba sitoa ho mamella hore motho ea tšoanang le bona a etse boikakaso bo joalo. Ba botsa, ba re, “U mang?” Ba ne ba leka ho Mo qobella hore A ipolele e le Kreste. Lira tsa Hae li ne li lumela hore chebahalo ea Hae, le mesebetsi ea Hae li fapane le se lebeletsoeng ke batho, hoo boipolelo ba Hae bo totobetseng, ba hore ke Mesia, bo neng bo tla etsa hore batho ba Mo lahle ka hore ke moikaketsi.EN 316.1

    Empa Jesu A araba, A re, “Hantle ke buela’ng le lona?”. Eena e ne e le tiiso ea linnete tseo A neng A li ruta. A tsoela pele A re, “Ea nthōmileng o na le ‘na; ha a ea ntlohela ke ‘notši, hobane ke etsa tse mo khahlisang kamehla.” O ne A sa leke ho pakahatsa boipolelo ba Hae ba hore ke Mesia, empa A bontša kopano ea Hae le Molimo.EN 316.2

    Har’a ba ileng ba Mo utloa, ba bangata ba ile ba huleloa ho Eena ka tumelo, ‘me ho bona A re, “Ha le tiisetsa lentsoeng la ka, le barutuoa ba ka kannete; le tla tseba ‘nete, ‘me ‘nete e tla le lōkōlla.”EN 316.3

    Mantsoe ana a khopisa Bafarisi. Ba Mo araba, ba re, “Re litlōhōlō tsa Aborahama, ‘me ha re e-s’o ka re e-ba makhoba a motho le ka mohla. U bolela joang ha u re: ‘Le tla lōkōlōha’?” Jesu A sheba banna bana, bao e leng makhoba a mohono, ‘me A ba araba ka masoabi A re, “Kannete-nete, kea le bolella hore e mong le e mong ea etsang sebe ke lekhoba la sebe.” Ba ne ba le bokhobeng bo bobe haholo -ba busoa ke moea o litšila.EN 316.4

    Motho e mong le e mong ea hanang ho inehela ho Molimo, o laoloa ke matla a sele. O ba bokhobeng bo tšabehang, ‘me kelello ea hae e ba tlas’a taolo ea Satane. Kreste O tlile ho tla khaola maqhama a bokhoba ba sebe ho motho. Ha ho le joalo, “Joale ha Mora a le lōkōlla, le tla be le lōkōlōhile ka sebele.”EN 317.1

    Mosebetsing oa topollo ha ho qobello. Motho o na le bōlōkōlohi ba ho ikhethela eo a tlang ho mo sebeletsa. Ha motho a inehela ho Kreste, o ba le bōlōkōlohi bo boholo. Motho ka boeena o leleka sebe. Ha re lakatsa ho lōkōlōha sebeng, ‘me re hoeletsa, re kōpa matla a sa tsoeng ho rōna, a kaholimo, re tlatsoa ka matla a Moea o Halalelang, ‘me re phethe takatso eo ka ho etsa thato ea Molimo.EN 317.2

    Boemo bo bong feela bo ka phethahatsang topollo ea motho, ke ho ikopanya le Kreste. Sebe se ka atleha ha feela se ka bolaea bōlōkōlohi ba motho. Ho inehela ho Molimo ho re buseletsa boleng ba rona, le khanya ea rōna, le tlhompho ea rōna. Molao oa leholimo, oo re beoang tlas’a oona, ke “molao oa tokoloho.” Jakobo 2:12.EN 317.3

    Bafarisi ba ne ba ipoletse e le bana ba Aborahama. Empa bana bao e leng bona hantle, ba ne ba ke ke ba leka ho bolaea Ea neng A bua ‘nete eo A e neiloeng ke Molimo. Ho ba oa leloko la Aborahama ka nama, ha ho na molemo oa letho. Ha ba hloka moea o tšoanang le oa hae, ba sa etse mesebetsi e tšoanang le ea hae, e ne e se bana ba hae.EN 317.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents