Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 33—JESU LE MATHATA A LELAPA

    [E itšetlehile ka Matheu 12:22-50 le Mareka 3:20-35.]

    Bara ba Josefa ba ne ba sa utloele Jesu bohlōkō mosebetsing oa Hae ho hang. Ba ne ba tšosoa ke litlaleho tseo ba li fumanang tsa mosebetsi le bophelo ba Hae. Ba ile ba utloa hore O qeta masiu A ntse a rapela, le hore motšeare O bokaneloa ke batho ‘me O hloka le nako ea lijo. Metsoalle ea Hae e ne e bona hore o iqeta matla; ba ne ba sa utloisise hore na ke eng A sa ikamahanyeng le bafarisi, ‘me ba bang ba ne ba e na le tšabo ea hore e-sebe kelello ea Hae e senyehile.EN 217.1

    Bana babo ba ne ba sonngoa ka lebaka la Hae. Ba ne ba halefisitsoe ke ha A le khahlanong le Bafarisi. Ba ile ba rera ho Mo qophella hore A tlohele mosebetsi oa Hae, ‘me ba kopa Maria ho ba thusa, hobane ba ne ba nahana hore lerato la Hae ho ‘M’ae le tla etsa hore A itlhokomele.EN 217.2

    Bafarisi ba ne ba ‘nile ba Mo qosa ka hore “O leleka bademona ka morena oa bademona.’‘ Matheu 9:34. Kreste O ile A ba bolella hore bao ba Mo buang hampe hobane ba sa elelloe bo-Molimo ba Hae, ba ka tšoareloa; Moea o Halalelang O ka ba bontša phoso ea bona ‘me ba baka. Empa ea hanyetsang mosebetsi oa Moea, o ipea moo Moea o Halalelang o ke keng oa mo fihlela. Ha batho ba hana ho amohela Moea, ‘me ba re o tsoa ho Satane, ba tlosa mocha oo Molimo O ka buisanang le bona ka ona.EN 217.3

    Bafarisi ka bobona ba ne ba sa lumele seo ba neng ba qosa Jesu ka sona. Batho bao ba boemo, ba ne ba ile ba utloa Moea ha O bua, ka lipelong tsa bona, O ba bolella hore Ke Motlotsuoa oa Iseraele. Ha A ne A le har’a bona, ba ne ba iphumana hore ha ba a hloeka, ‘me ba laba-labela ho hloeka. Empa kamora’ hore ba se ke ba Mo amohela, ba nka e tla ba ho itlontlolla hore ba Mo amohele e le Mesia. Ba ile ba iphapanyetsa ho amohela ‘nete ka ho tšoaea lithuto tsa Hae liphoso. Ba ne ba ke ke ba Mo thibela ho etsa mehlolo, empa ba ne ba leka ka hohle ho sotha moelelo oa mehlolo eo. Leha ho le joalo, Moea oa Molimo O ile oa ‘na oa ba qophella, ‘me ba ile ba tlameha ho aha marako ho thibela lenqosa lena le pheellang ho feta ohle a ka tlisoang pelong ea motho.EN 217.4

    Molimo ha O foufatse mahlo a batho, kapa hona ho thatafatsa lipelo tsa bona. O ba rōmella leseli, ho lokisa liphoso tsa bona. Ka ho se natse leseli lena, mahlo a ea foufala, ‘me pelo e thatafale. Hangata sena ha se bonahale ha se ntse se etsahala. Ha lehlaseli le le leng le sa natsoe, eba pono ea moea e qala ho thethefala, ‘me lehlaseli la bobeli ebe le se le bonahala ka lerootho. Joale lefifi le eketsehe, ho fihlela e e-ba bosiu ka moeeng. Ho bile joalo le ho baetapele bana ba Bajuda. Ba ile ba re mosebetsi oa Moea o Halalelang ke oa Satane. Ka ho etsa joalo ba ikhethela thetso, ‘me ho tloha moo ba tsamaisoa ke Satane, ka matla a hae.EN 218.1

    Keletso e tšoanang le ea ho siteloa Moea o Halalelang, eo Kreste A e faneng, ke ea ho bua mantsoe a mabe a bosaoana. Mantsoe a bontša semelo. “Molomo o bolela se tletseng ka pelong.” Mantsoe a buuoang a fetola semelo sa motho. Batho ba susumetsoa ke mantsoe a bona. Hangata batho ba susumetsoa ke Satane ho bua lintho tseo ba sa li lumeleng; ‘me ebe mantsoe ao a sebetsa menahanong, ‘me ba qetelle ba lumela sena seo ba se buisitsoeng ke Satane. ‘Me e re ha ba se ba buile mantsoe ana, kapa ba entse qeto, ebe boikhohomoso bo se bo ba sitisa ho hula mantsoe a bona. Ba leke ho kholisa ba bang ho re ba nepile ho fihlela ba se ba khotsoe hore ba nepile.EN 218.2

    Ke kotsi ho bua mantsoe a ho se lumele, ho kotsi ho nyefola le ho hanyetsa leseli. Ho nyefola ho etsoang ka bohlasoa, le ka ho hloka hlompho, ho fetola semelo, ‘me ho tlise ho hloka hlompho le ho se lumele. Batho ba bangata ba tsoela pele ka mokhoa ona, ho fihlela ba le lekhatheng la ho hana Moea o Halalelang. Jesu O itse, “Lentsoe le leng le le leng la bosaoana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella holim’a lona ka letsatsi la kahlolo, hobane u tla beoa ea lokileng ka lipolelo tsa hao, kapa u tla ahlōloa ka lipolelo tsa hao.”EN 218.3

    Eaba Jesu O boela A eletsa ba neng ba na le thahasello lipolelong tsa Hae, empa ba sa inehela hore Moea o Halalelang o lule ka hare ho bona. “Moea o litšila ha o tsoile ho motho, o sōlla mahoatateng, o batla phomolo, empa ha o e fumane. Ebe o re: ‘Ke tla khutlela tlung ea ka, moo ke tsoileng teng.’ Joale ha o fihla, o e fumana e le lephaka, e fietsoe, e khabisitsoe. Ebe o ea lata meea e meng e supileng, e o fetang ka bokhopo, ‘me e kene, e ahe teng.”EN 219.1

    Ba bangata mehleng ea Kreste joaloka kajeno, ba ile ba lokolloa, ka mohau oa Molimo, meeng e litšila, e neng e busa pelong tsa bona. Ba thabela lerato la Molimo empa ha ba ipehe ho ‘ona kamehla, e le hore Kreste a lule lipelong tsa bona. ‘Me ha moea o litšila o khutla, le “meea e meng e supileng, e o fetang ka bokhopo,” e be moo ba bang matleng a litšila ka ho tlala.EN 219.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents