Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Moporofeta Daniele O Ile A Porofeta Ka Mosebetsi Oa Kreste

    ‘Moko-taba oa thuto ea Kreste e ne e le hore, “Nako e fihlile, ‘Muso oa Molimo o atametse; bakang, ‘me le lumele molaetsa o molemo.” Mareka 1:15. Molaetsa o molemo o neng o boleloa ke Mopholosi, o ne o itšetlehile ka Boporofeta. “Nako” eo A neng A bolela hore e phethehile, ke nako e ileng ea tsebahatsoa ho Daniele. Lengeloi Gabriele le ile la re “Lemo tse mashome a supileng, a supileng hasupa, li baletsoe chaba sa heno le motse o halalelang, hore litšito tsohle li tle li felisoe, libe le tsona le ke le li felise, ho etsoe poelano bakeng sa ho etsa bokhopo, ho loka ha kamehla ho tle ho be teng, ho phethahetsoe lipono, le bona boporofeta, Ea Halalelang haholo le eena a tlotsoe.” Daniele 9:24. Boporofeteng letsatsi le emela selemo. Bona Ezekiele 4:6. Liveke tse mashome a supileng kapa ona matsatsi a 490, a emela lilemo tse 490.EN 150.3

    Qaleho ea nako ena e fanoe: “Ka baka lena tseba, u utloisise: Ho tloha mohla ho phatlalatsoang taelo, taelo ea hore Jerusalema e tsosoe, ho fihlela ha ‘musi a fihla, ‘musi ea tlotsitsoeng, lemo tse supileng hasupa li tla feta...lemo tse mashome a tšeletseng a metso e ‘meli hasupa,” liveke tse 69 kapa lilemo tse 483. Daniele 9:25.EN 150.4

    Molao oa hore Jerusalema e tsosoe e hahuoe, o ileng oa phethoa ka taelo ea Aretascresese, (Bona Esera 6:14; 7:1,9) o ile oa qala ho sebelisoa ka nako ea selemo, selemong sa 457 B.C. (pele ho tsoalo ea Kreste). Ho tloha nakong eo, lilemo tse 483 li ile tsa phethahala ka nako ea selelmo, selemong sa 27 A.D. (Kamora’ tsoalo ea Kreste). Ho latela boporofeta, nako ena e ne e tla fihlela nakong ea Mesia, Ea tlotsitsoeng. Ka selemo sa 27 A.D., ha Jesu A kolobetsoa, O ile A fumana tlotso ea Moea o Halalelang, ‘me hang kamora’ moo O ile a qala tšebetso ea Hae. Eaba ho phatlalatsoa molaetsa o reng, “Nako e phethehile.”EN 150.5

    Kamorao, lengeloi le ile la re, “Khosana e tla etsa selekane, e se etse le ba bangata, selekane seo e be sa lilemo li supile.” Ka lilemo tse supileng kamora’ hore Mopholosi A kene tšebetsong ea ‘muso oa Hae, litaba tse molemo li ne li lokela ho bolelloa Bajuda haholo-holo; ‘me ka lilemo tse tharo le khoeli tse tšeletseng, li ne li tla boleloa ke Kreste ka sebele sa Hae, ‘me kamora’ moo e be mosebetsi oa baapostola. “Bohareng ba nako ena ea selekane, e tla felisa mahlabelo, e felise le linyehelo.” Daniele 9:27 Ka hoetla selemong sa 31 A.D. (kamora’ tsoalo ea Kreste) Kreste e leng sehlabelo sa ‘nete O ile A thakhisoa Gologotha. Lesela la Tempele le ile la arohana ka lehare. Hona ho no ho bontša hore bohalaleli le bohlokoa ba litšebeletso tsa mahlabelo bo felile. Nako e ne e fihlile ea hore mahlabelo le linyehelo tsa lefatše li khaotse.EN 151.1

    Veke e le ‘ngoe -e leng lilemo tse supileng -li ile tsa fela ka selemo sa 34 A.D. (kamora’ tsoalo ea Kreste). Eaba Bajuda ba qetella ka ho tiisa taba ea bona ea ho latola litaba tse molemo, ka ho tlepetsa Setefane ka majoe. Eitse barutuoa ha ba qhalakanngoa ke litlhoriso, “ba ea kahohle ba ntse ba bolela molaetsa o molemo” (Liketso 8:4); ‘me kamoraonyana ho moo, Saule eo e neng e le mohlorisi o ile a sokoloha, ‘me ea eba Paulosi, moaposotola ea Balichaba.EN 151.2

    Nako ea ho tla ha Kreste, le lefu la Hae, le ha litaba tse molemo li fetisetsoa ho Balichaba li ile tsa bontšoa ka ho totobala. Bajuda ba ne ba na le monyetla oa ho utloisisa boporofeta bona, le ho elelloa ha bo phethahala mosebetsing oa Jesu. Kreste ha A bua ka boporofeta bo filoeng Daniele malebana le nako ea bona, O ile A re, “‘mali a utloisise se boleloang.” Matheu 24:15. Kamorao ho tsoho ea Hae O ile A hlalosetsa barutuoa ba Hae ka Baporofeta bohle, “a ba qaqisetsa tse amanang le eena.” Luka 24:27. Mopholosi O ile A bua ka baporofeta, ‘me ba “paka e sa le pele tsa ho hlōkōfatsoa ha Kreste le tsa tlotla e tlang ho ho latela.” 1 Petrose 1:11.EN 151.3

    E ne e le Gabariele, lengeloi le pel’a Mora oa Molimo ka maemo, le neng le tlisitse molaetsa o molemo ho Daniele. E ne e le eena Gabariele eo Kreste A ileng A mo romela ho senolela Johanne tse tlang ho tla; le ho phatlalatsa tlhohonolofatso ho ba balang le ba utloang litaba tsa boporofeta, ebile ba bōlōka litaba tse ngoliloeng teng. (Bona Isenolo 1:3). Lehlohonolo la Molimo le tla etela ba ithutang mangolo a boporofeta ka tlhompho le thapelo.EN 152.1

    Joalokaha molaetsa oa ho tla ha Kreste lekhetlo la pele o ne a phatlalatsa ‘muso oa Hae oa mohau, ka mokhoa o joalo molaetsa oa ho tla ha Hae lekhetlo la bobeli o phatlalatsa ‘muso oa Hae oa khanya. Molaetsa ona oa bobeli joaloka oa pele, o itšetlehile holim’a boporofeta. Mopholosi ka bo-Eena ha A fana ka lipontšo tsa ho tla ka Hae, O re, “Itlhokomeleng, esere mohlomong lipelo tsa lona tsa imeloa ke botlofa, le botahoa, le matšoenyeho a bophelo bona, ‘me letsatsi lela la le tsometsa.” “Falimehang ke hona, le rapele ka linako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng li tla etsahala, le a ho ema pel’a Mor’a Motho.” Luka 21:34,36.EN 152.2

    Bajuda ba ile ba toloka lentsoe la Molimo hampe, ‘me ba se ke ba tseba nako eo ba tla eteloa ka eona. Ka lilemo tsa tšebetso ea Kreste le baapostola ba Hae, bona ba ne ba rala merero eo ho felisa barōmuoa ba Morena. Litakatso tsa lefatše li ne li hapile menahano ea bona. Ho sa le joalo le kajeno, ‘muso oa lefatše lena o hapile likelello tsa batho, ‘me ha ba lemohe ha boporofeta bo ntse bo phethahala ka potlako, esita le matšoao a supang hore ‘muso oa Molimo o tla o potlakile. Leha e le moo re sa tsebe nako eo Morena oa rona A tla khutla ka eona empa re ka tseba ha e atametse. “Ha ho le joalo, re se ke ra robala joaloka ba bang bohle, re mpe re falimehe, ‘me re be le boitšoaro.” 1 Bathesalonika 5:6.EN 152.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents