Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Molimo O Utloela Lefatše Le Timelang Bohlōkō

    Lisebelisuoa tsohle tsa diabolosi li ne li phathahane. Mora oa Molimo A sheba lefatše ka kutloelo-bohlōkō. A bona kamoo batho ba tšoasitsoeng lerabeng la Satane la bokhopo. Ka pherekano le thetso, ba ne ba tsamaea tseleng e lefifi, e isang lefung moo ho se nang tšepo ea bophelo, ba ferekane, ba thetsehile; ba kene botšong bo senang leseli.EN 24.1

    ‘Mele ea batho e ne e fetohile liahelo tsa bademona. Menahano, methapo-kutlo, le litho tsa ‘mele ea batho li ne li sebelisoa ke meea e bōlōtsana ho ikhotsofatsa litakatsong tse litšila-tšila. Setempe sa bademona se ne se bonahala lifahlehong tsa batho! A pono e tšabehang eo Mopholosi oa lefatše A ileng A e bona!EN 24.2

    Sebe se ne se fetohile tsela ea ho phela; bokhopo e le eona tumelo. Botloko-tsebe le manganga li loantšana le leholimo. Mafatše a sa oelang sebeng a ne a talimile ho bona ha Molimo A fiella libōpuoa tsa lefatše koana! Empa haeba a ka etsa joalo, Satane o ne a tla leka ho ipokellela batšehetsi makhotleng a leholimo. O ne a se a ile a re melao ea ‘Muso oa Molimo ha e lumelle tšoarelo ho etsahala. Hoja e be lefatše le ne le ka la ripitloa, Satane a ka be a ile a beha Molimo molato eaba o tlatsa bofetoheli ba hae mafatšeng a sa kang a oela sebeng.EN 24.3

    Empa ho e-na le ho timetsa lefatše, Molimo A rōmela Mor’a Hae ho le pholosa. A fana ka tsela ea ho le lopolla. “Ha nako e baliloeng e se e fihlile,” bo-Molimo ba tšela holim’a lefatše khapu-khapu ea mohau o folisang, o ke keng oa sitisoa, kapa oa tlosoa ho fihlela leano la topollo le ka phethahatsoa. Jesu O tlile ho khutlisetsa motho setšoantšong sa ‘Mopi oa Hae, le ho tebela bademona ba neng ba se ba laola thato ea motho, ho re phahamisa leroleng, le ho betla bocha semelo se ileng sa senngoa hore se boele se tšoane le semelo sa Molimo o Halalelang.EN 24.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents