Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    HOBANENG O TŠOANETSENG HO BALA BUKA ENA?

    Batho kaofela ba na le takatso eo ba sitoang ho e hlalosa, ka lipelong tsa bona, ea ho iphumanela ntho e ‘ngoe eo ba sitoang ho e fumana ka mokhoa oa tlhao. Takatso ena e kentsoe ka lipelong tsa bona, ke Molimo O lerato, empa Satane o e mpefalitse, O etsa hore batho ba be le tumelo ea hore tlala ena e kholo e ka kholisoa ka menate, maruo, boiketlo, botumo kapa matla. Empa bao a ba thetsitseng ka mokhoa o joalo, ba fumana hore tsena tsohle li sia motho a ntse a sa khotsofala.EN 5.1

    Molimo O entse sena, hore bohloki bona boo motho a bo utloang, bo mo lebise ho E mong, Eo E leng Eena feela ea ka bo kholisang. Takatso ena ke e Mo batlang, e le hore e lebise motho ho Eena, e leng ea tletseng, le mophethi oa takatso eo. Tlalo eo e fumanoa ho Jesu Kreste, Mora oa Molimo O sa feleng. Haggai o Mo bitsa “takatso ea lichaba tsohle,” ‘me rōna re ka Mo bitsa “takatso ea mengoaha eohle,” Mora oa Molimo ea rōmiloeng ke leholimo ka lerato.EN 5.2

    Buka ena e hlahisa Jesu Kreste e le Eena ea ka khotsofatsang takatso e ‘ngoe le e ‘ngoe e tebileng ea pelo. Leha ho le joalo, ha se sepheo sa buka ena, ho bontša kamoo li-Gospel li lumellanang ka ona, kapa hona ho bontša kamoo lietsahala tsa bohlokoa le lithuto tse hlollang tsa bophelo ba Kreste li latellanang ka ona. Sepeo sa eona, ke ho hlahisa lerato la Molimo, kamoo le senotsoeng ka teng ho Mor’a Ona, le botle ba boMolimo, ba bophelo ba Kreste.EN 5.3

    Ka maqepheng a latelang, mongoli o phetlollela ‘mali maruo a es’o kang a nahanoa a tsoang bophelong ba Jesu. E hlahisa leseli le lecha, ‘me le bonesa liratsoana tse ngata tse tloaelehileng tsa mangolo. Jesu Kreste O senoloa e le sephetho sa bo-Molimo, e le Mopholosi ea sa feleng, ea mohau ho baetsalibe, e le letsatsi la ho loka, e le Moprista ea Phahameng ea mohau, e le mohlala o susumetsang oa batho, e le Mofolisi ea folisang mafu le maloetse ‘ohle a batho, e le Motsoalle ea bonolo ea mohau, e le Morena oa khotso, e le Morena ea tlang, e le qetello, tholoana ea litakatso le tšepo ea mengoaha eohle.EN 5.4

    Re rōmella buka ena re rapela hore Moca o Halalelang O fetolc mantsoe a eona mantsoe a bophelo ho limillione tsa batho bao tabatabelo tsa bona le litakatso li esong ho khotsofatsoe.EN 6.1

    Bangoli

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents