Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 83—LEETO LA HO EA EMMAUSE

    [E itšetlehile ka Luka 24:13-23.]

    Mantsiboeeng a letsatsi leo Jesu A neng A tsohile ka lona, barutuoa ba babeli ba ne ba le leetong la ho ea Emmause, e leng motsana o monyenyane o neng o le bohole ba limaele tse robeli ho tloha Jerusalema. Barutuoa bana, ba ne ba e-tsoa moketeng oa Paseka, ‘me ba ne ba tšoenyehile haholo ke lintho tse etsahetseng. Ba ne ba ile ba utloa litlaleho tsa ho tlosoa ha setōpō sa Jesu, esita le tsa basali ba neng ba bone mangeloi ba ba ba kopana le Jesu. Nakong ena eo ba neng ba khutlela hae, ba ne ba buisana ka tse etsahetseng nakong ea kahlōlo le thakhiso ea Jesu. Haesale e le bona ba ne e-s’o nyahame hakaalo!EN 530.1

    Ha ba ntse ba tsamaea ba kopana le moeti e mong, empa ha baa ka ba Mo shebisisa kaha ba ne ba tšoenyehile haholo. Ba ile ba tsoela pele ho buisana ka se neng se ba khathalitse likelello le ka lithuto tseo Kreste A neng A ile a li fana tseo ba neng ba utloahala ba sa li utloisise. Jesu O ne A laba-labela ho ba tšelisa. O ne A utloisisa mehopolo ea bona e neng e loebehlana; e neng e baka hore ba ipotse hore na ebe Monna enoa, Ea inehetseng hore A tlontlolloe, ekaba Eena Kreste na? Ba lla. Jesu O ne A laba-labela ho phumola meokho ea bona, le ho ba tlatsa ka nyakallo le thabo. Empa O ne A tšoanetse hore pele A ba fe thuto eo ba ke keng ba e lebala le khale.EN 530.2

    “A re ho bona: ‘Litaba tseo le tsamaeang le buisana ka tsona ke life?’ Ba ema tlekelele! Ba soabile. E mong oa bona, ea bitsoang Keleopase, a mo araba, a re: ‘Na ebe ke uena feela u leng moeti moo Jerusalema, ea sa tsebeng tse etsahetseng teng matsatsing aa?”‘ Ba Mo qoqela ka tse ba soabisitseng, ka Mong’a bona, “Eo e neng e le monna oa moporofeta ea matla liketsong le lithutong pel’a Molimo le pel’a sechaba sohle,” empa “baprista ba baholo le babusi ba rōna ba neelaneng ka eena hore a ahlōleloe lefu kateng, ba bileng ba mo thakhisa.” Ba eketsa ho bua ka melomo e thothomelang ba re, “Rōna re ne re tšepile hore ke eena ea tla lopolla Iseraele. Ntle ho tsena tsohle, lena ke letsatsi la boraro tsena li etsahetse.”EN 530.3

    Ho ne ho makatsa hore ebe ba ne ba sa hopole mantsoe a Kreste le hore O ne A ile A ba bolella pele hore O tla tsoha ka letsatsi la boraro. Baprista le babusi bona ba ne ba sa leba la!EN 531.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents