Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kotsi Ea Maikutlo A Ratoang

    Hona ha ipakahatsa e le tšenyeho ea Bajuda, ‘me ho tla tlisa tšenyeho ho ba bangata nakong ea rona. Ho e-na le hore ba nyahlatse tse ling tsa lintho tseo ba li latelang kapa melingoana ea litumelo tsa bona, bongata bo hana ‘nete e tsoang ho Ntate oa Khanya. Ba khetha ho pholosoa ka tsela e ‘ngoe ea mesebetsi ea bona ea bohlokoa. Ha ba bona hore ha ho na tsela eo ka eona ba ka lohellang mesebetsi ea bona pholohong ba a e hana.EN 187.4

    Bolumeli ba molao bo hloka lerato, ke bolumeli bo se nang Kreste kahare. Boitimo kapa thapelo ha li susumetsoa ke moea oa ho ipeea ea lōkileng ke thohako pel’a sefahleho sa Molimo. Mesebetsi ea rōna ha e na ho re fumanela topollo le ka mohla o le mong. Ho ba sa tsebeng bofeela ba meea ea bona ho tla molaetsa o reng, “U re: ‘Ke morui, ke ruile, ha ke hloke letho,’ empa ha u tsebe hore u sōtō, u malimabe, u futsanehile, u foufetse, ‘me u feela. Joale ke u eletsa hore u ithekele ho ‘na khauta e hloekisitsoeng mollong, e le hore u tle u rue. U ithekele le liaparo tse tšoeu, e le hore u ikapese, bofeela ba hao bo lihlong bo tle bo se ke ba bonahala.” Tšenolo 3:17,18. Tumelo le lerato ke tsona khauta. Empa ho ba bangata khauta e bonahala e le lerootho, letlotlo le leruo le bonahala le lahlehile. Ho lōka ha Krete ke seaparo se sa aparoang, mohloli o sa nooang.EN 187.5

    “Sehlabelo se ratoang ke Molimo: ke moea o soabileng; ke pelo e soabileng,e hlomohileng; oho, Molimo, u ke ke ua e khesa.” Pesalema 51:19. Ha bo-nna bo lahluoa Morena a ka u etsa sebupuoa se secha. Makuka a macha a ka tšela veine e ncha. Lerato la Kreste le ka nchafatsa molumeli ka bophelo bo bocha. Ho eena semelo sa Kreste se tla bonahala.EN 188.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents