Go to full page →

Tsela Eo Ka Eona Satane A Batlileng A Atleha EN 23

Nako e baliloeng e ne e fihlile. Botho, boo ka lilemolemo bo neng bo theohetse tlase-tlase, bo ne bo hloka hore Mopholosi A tle. Satane o ne a entse hore khohlo e be e tebileng, e ke keng ea tšeloa lipakeng tsa lefatše le leholimo. A etsa hore batho ba betefale sebeng. E ne e le leano la hae hore Molimo O tle O felloe ke mamello, ebe O tlohella lefatše tsamaisong ea Satane. EN 23.2

Teko ea Satane ea ho ba ‘mampoli e ne eka e tla hle e atlehe. Ke nete hore molokong o mong le o mong, esitana le ho bahedene, ho ‘nile ha eba le batho bao Kreste A neng A sebetsa ka bona ho nyolla ba bang sebeng. Empa batho bana ba ne ba hlouoe. Bongata bo ile ba shoa sehlōhō. Moriti o motšo oo Satane a okametseng lefatše ka ona oa ‘na oa eketseha ka botšo ba ona. EN 23.3

Moo Satane a ileng a nka sekola sa tlhōlo ke ha a senya tumelo ea Baiseraele. Bahedene ba ne ba se ba sa tsebe Molimo, ‘me ba ntse ba silafala ho ea pele. Ha eba joalo le ho Iseraele. Taba e reng motho a ka ipholosa ka mesebetsi ea hae ke mothèo oa tumelo tsohle tsa bohedene, ‘me e ne e se e le karolo ea bolumeli ba Bajuda. EN 23.4

Bajuda ba thetsa lefatše ka ho le nea evangeli esele. Ba ile ba hana ho inehela ho Molimo hore ba tle ba pholose lefatše; eaba joale ba fetoha ba sebetsang le Satane ho le timetsa. Batho bao Molimo O ileng oa ba bitsa hore e be litšiea le mothèo oa ‘nete, ba ne ba etsa mosebetsi o batloang ke Satane, ba hlahisa semelo sa Molimo hampe, ‘me ba etsa hore lefatše le shebe Molimo e le motlatlapi. Baprista ka tempeleng ba ile ba lahleheloa ke moelelo oa litšebeletso tseo ba neng ba li etsa. Ba ne ba etsa ketso ea papali. Litšebeletso tseo Molimo O li entseng tsa fetoha tsela ea ho fifatsa menahano le ho thatafatsa pelo. Mecha ena Molimo O ne O se O ke ke oa e sebelisa ho fihlela batho ka eona. EN 23.5