Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    4. BOIPOLELO

    Ea patang dibe tsa hae ha a ka ke a hlohonolofala; empa ea di bolelang, ‘me a di bakela, O tla fumana mohau.” (di-Prov. 28 : 13.)KHK 29.1

    Mekgoa ea ho fumana mohau oa Modimo e bonolo e lokile, ‘me e ea utloahala. Morena ha a hloke hore re etse taba e bohloko hore re fumane tšoarelo ea sebe. Ha re na ho etsa maetohadi a malelele a kgathatsang, kapa ho inehela mahlomola a bohloko hore re nehele meea ea rona ho Modimo oa lehodimo, kapa ho iketsetsa boitokisetso ba bokgopo ba rona; empa ea ipoletseng, ea tetseng sebe sa hae, o fumana mohau.KHK 29.2

    Moapostola o re: Bolellanang ditšito tsa lona, ‘me le rapellane, le tle le foie.” (Jako. 5 : 16.)KHK 29.3

    Bolelang dibe tsa lona ho Modimo, e leng Oona feela O ka le tšoarelang dibe, ‘me le bolellane melato ea lona.KHK 29.4

    Ha u ile oa utloisa oa heno bohloko, kapa eo u ahisaneng le eena, u tšoanetse ho ipolela phoso ea hao, ‘me ke tšoanelo ea hae ho u tšoarela. Joale u tšoanetse ho batla tšoarelo ea Modimo, hobane ngoaneno eo u mo hlabileng ke ntho ea Modimo, ‘me ka ho mo utloisa bohloko, u sitetsoe ‘Mopi oa hae, le Molopolli oa hae. Taba di tlisitsoe ho eo e leng Moahlodi oa ‘nete, Moprista oa rona Ea phahameng, “Ea lekiloeng nthong tsohle joaleka rona, empa ha a ka a etsa sebe ” ea kileng a angoa ke maikutlo a “mefokolo ea rona” (ba-Heb. 4 : 15.), ‘me a ka tseba ho hlatsoa theba lefe le lefe la bokgopo.KHK 29.5

    Ba sa kang ba kokobetsa meea ea bona pel’a Modimo ka ho dumela molato oa bona, ha ba es’o phethe ketso ea pele ea ho amoheloa.KHK 29.6

    Ha re sa ka ra elelloa pako eo e neang kgotso ‘me re so ipolele dibe tsa rona ka boikokobetso ba moea le ka pelo e robehile, le ho ila bokgopo ba rona ha re eso, batle tšoarelo ea dibe tsa rona ka ‘nete, ‘me ha eba re es’o batle ha re so fumane kgotso ea Modimo. Mokgoa oo re sa fumaneng tsela ea dibe tse fetileng ke hobane re sa dumele ho kokobetsa dipelo tsa rona, le ho dumellana le tsa lentsoe la ‘nete. Hlaloso e utloahalang e boletsoe tabeng ena. Boipolelo ba dibe pontšeng, kapa sephiring, di tšoanetse ho tsoa pelong, ‘me di hlaiosoe.KHK 29.7

    Ha di na ho batloa ka matla ho ba se nang kutloisiso ea botšabeho ba sebe. Boipolelo bo tšolloang ke bohare ba moea bo fumana tsela ea ho ea ho Modimo O tletšeng mohau.KHK 29.8

    Mopesaleme o re: “Jehova O haufi le ba pelo e robehileng; ‘me O boloka ba meea e hlomohileng.” (Pes. 34 : 18.)KHK 30.1

    Boipolelo ba ‘nete bo hie bo iponahatse ka mesebetsi, ‘me bo ipolele, dibe kamoo dileng ka teng. Kapa e leng tse tšoanetseng ho hlahisoa pel’a Modimo feela, kapa diphoso tse tšoa-netseng ho boleloa ho bao di ba utloisitseng bohloko; kapa e kaba tse hlahetseng pontšeng, ‘me tsa lokela ho hlahisoa pepeneneng. Empa maipolelo ‘ohle a tšoanetse ho hlaloseha le ho ntša ntlha, le ho dumela seo u hlileng u se entseng.KHK 30.2

    Mehleng ea Samuele ba-Iseraele ba ne ba arohane le Modimo. Ba ne ba jeoa ke molato oa sebe; hobane ba ne ba lahlehetsoe ke tšepo ea bona ho Modimo, ba lahlehetsoe ke temoho ea matla le bohlale ba Oona ea ho busa sechaba, ba lahlehetsoe ke tšepo ea matla a oona.KHK 30.3

    Ba koenehela Moahlodi e moholo oa ntho tsohle; ‘me ba lakatsa ho busoa joaleka dichaba tse ba teetseng hare Ba es’o fumane kgotso, ba hlahisa boipolelo bona bo utloahalang.KHK 30.4

    “Re ekeditse makgopo ‘ohle a rona ka bobe boo ba ho iqella Morena.” (1 Sam. 12 : 19.)KHK 30.5

    Sona sebe seo ba neng ba se ahloletsoe se ne se tšoanetse ho boleloa.KHK 30.6

    Ho hloka teboho ha bona ha hlorisa meea ea bona, ‘me ha ba arohanya le Modimo.KHK 30.7

    Boipolelo bo ke ke ba amoheleha ho Modimo ha ho se pako ea maikutlo le phetoho.KHK 30.8

    Eka kgona phetoho e bonahalang e be teng bophelong; tsohle tse halefisang Modimo di tšoanetse ho lahloa.KHK 30.9

    Ka tseo ho tla bonahala bohloko ba ‘nete ba sebe. Mosebetsi oo re tšoanetseng ho o etsa e le rona o beiloe phatlalatsa pel’a rona: Itlhatsoeng le itlhoekise; tlosang bolotsana ba diketso tsa lona pel’a mahlo a ka; kgaotsang ho etsa hampe; ithuteng ho etsa hantle; le batlisise ho loka, sireletsang motšoenyehi, le lokisetse dikgutsana, le emele nyeoe ea mohlolohadi.” (Esa. 1 : 16, 17.)KHK 30.10

    “Ha molotsana a busa tebeletso, a busa seo a se utsoitseng, ‘me a tsamaea ka taelo tsa bophelo, a sa etse bokgopo, ka ‘nete o tla phela, a ke ke a shoa.” (Ezek. 33 : 15.)KHK 30.11

    Paulose ha a bolela tsa mosebetsi oa pako o re: “Ha le soabile joalo ke mokgoa o ratoang ke Modimo, e bile taba e boitlhokomelo bo kak’ang, le hlokofalo e kaka’ng, le tšoho e kak’ang, le takatso e kak’ang le cheseho e kak’ang, e, le taeo e kak’ang!KHK 30.12

    Le bonahadi tse ka tsohle hoba le ne le se na molato tabeng tsena.” (2 ba-Kor. 7: 11.)KHK 31.1

    Ha sebe se se se bolaile temoho ea bophelo, moetsadibe ha a sa nahana diphoso tsa hae, le ho kgoloa ke boholo ba bobe boo a bo entseng; ‘me ha a eso hloloe ke matla a moea o halalelang, o tla ‘ne a sale ka nqe ngoe a ntse a foufetse sebeng sa hae. Maipolelo a hae ha a ea hloeka ha a utloahale.KHK 31.2

    Ho ipoleleng hohle ha molato oa hae, o eketsa ka meitatolo ea ho pata bokgopo ba hae o re, hojane e se be ka hore le hore, ekabe eba ha a ka a etsa hona kapa hoane e leng tseo a qosoang ka tsona.KHK 31.3

    Hobane Adama le Eva ba je sefate seo ba neng ba se hanetsoe, ba ne ba aparetsoe ke dihlongle tšabo. Taba ea pele e bile hore na ba tla latofatsa sebe sa bona k’ang, le ho phema kotlo e tšabehang ea lefu. Ha Modimo O botsisisa sebe sa bona, Adama a araba, nqengoe a bea molato ho motsoalle oa hae, nqengoe ho Modimo, “mosadi eo u neileng eena ke eena a mphileng tsa sefate ‘me ka ja.” Mosadi a bea molato ho noha, a re: Noha e nthetsitse, ‘me ke jele.” (Gen. 3: 12, 13.)KHK 31.4

    Na U etseditseng noha, U e dumelletseng ho kena Edeneng? Ke tsona dipotso tse utloalang meitatolong ea hae, bakeng sa sebe sa hae, ke ho bea Modimo molato oa ho oa ha bona.KHK 31.5

    Moea oa boikemelo a qalehile ho raleshano, ‘me oa ntšetsoa pele ke bara le baradi ba Adama. Maipolelo a mokgoa oo ha ea hlahisoa ke Moea oa boModimo, ‘me a ke ke a amoheloa ke Modimo. Dipotso tsa Lentsoe la Modimo tšokolong ea ‘nete le boikokobetsong, di hlahisa moea oa boipolelo, o senang ho latola sebe, kapa ho leka tsa boikemelo.KHK 31.6

    Pako ea ‘nete e ruta motho ho itjarela molato oa hae, le ho o dumela a sa thetse, a sa ikaketse. Joale ka molekgetho oa batho ea sitiloeng le ho emisetsa mahlo a hae lehodimong, a mpa a hoa a re “Modimo, nkgauhele ‘na ke leng moetsadibe.” ‘Me ba dumelang molato oa bona ba tla lokafatsoa; hobane Jesu o tla emela madi a Hae bakeng sa moea o bakileng.KHK 31.7

    Paulose ha a ka a rata ho ipata; o hlile a hlahisa sebe sa hae ka botšo botšabehang ba sona, a sa leke ho pata molato oa hae O re: “Ke koaletse bahalaledi ba bangata teronkong, ka ho nka matla ho baprista ba baholo, me ha ba bolaea le ‘na ke ne ke dumela, ‘me ke ba tsohele matla hangata masynagogeng, ka re ba nyefole, ‘me ka hobane bohale ba ka ho bona e ne e ka bohlanya, ka ba hlorisa ho isa le metseng ea dichaba.” (Dike. 26 : 10, 11.)KHK 31.8

    Ha a ka a dikadika ho bolela tseo, Jesu Kreste O tlile lefatšeng ho pholosa baetsadibe; bao ke leng sehloho sa bona.KHK 32.1

    Pelo e ikokobeditseng, e robehileng, e hlotsoeng ke pako ea ‘nete, e tla rorisa tsa lerato la Modimo, le theko ea Gologotha, ‘me joaleka mora ha a ipolela ho ntat’ae oa lerato, ka mokgoa o joalo mosokolohi e mong le e mong oa ‘nete o tlisa dibe tsa hae ho Modimo.KHK 32.2

    Joaleka ha ho ngotsoe hothoe: “Ha re ipolela dibe, oa tšepeha, me o lokile ho re tšoarela dibe tsa rona, le ho re hlatsoa bokgopo bohle.” (1 Johanne 1:9.)KHK 32.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents