Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    11. TSOANELO EA THAPELO

    Ka hloleho le ka tšenolo, ka paballo ea Hae Modimo O buoa le rona, le ka mosebetsi oa Moea oa Hae. Empa tsena ha dia lekana; le rona re tšoanetse ho tšollela dipelo tsa rona ho Eena. Hore re be le bophelo ba moea le matla, eka kgona re be le kopano ea ‘nete le Ntat’a rōna ea mahodimong. Mehopolo ea rona e ka hulehela ho Eena; re ka nahana mesebetsi ea Hae, mehau ea Hae, mahlohonolo a Hae; empa hona ha se ho kopana le Eena ka mokgoa o phethehileng. Hore re be le kopano le Modimo, eka kgona re be le seo re se bolelang ho Eena bakeng sa bophelo ba rona ba kamehla.KHK 69.1

    Thapelo ke ho bulela Modimo pelo, joaleka motsoalle. Eseng hobane e le tšoanelo ho tsebisa Modimo seo re leng sona, empa e le hore re tsebe ho Mo amohela.KHK 69.2

    Thapelo ha e theosetse Modimo ho rona, empa e nyollela rona ho Eena.KHK 69.3

    Ha Jesu A le lefatšeng O rutile barutuoa ba Hae thapelo. A ba lemosa ho hlahisa dikgaello tsa bona tsa tsatsi le leng le le leng pel’a Modimo; le ho akgela bothata bohle ba bona hodim’a Hae. ‘Me ditšepiso tseo A ba neileng tsona tsa hore kopo tsa bona di tla utluoa, le rona ke ditšepiso tsa rona.KHK 69.4

    Jesu ka sebele, ha A n’a phela har’a batho, O na atisa ho rapela. ‘Moloki oa rona O ikopantse le rona ho hlokeng ha rona le mefokolong ea rona, hona moo, e bile Morapelli oa rona, ‘muelli ea batlang ho Ntat’ae dimpho tse ncha tsa matla, hore A ikemisetse ho re tiisa tšoanelong le melekong. Ke Eena mohlala oa rona “nthong tsohle. Ke ngoana’bo rona,” empa erekaha A n’a sena sebe, sebopeho sa Hae sa sesefa bobe; A tiea dintoeng le dihlorisong tsa moea lefatšeng la sebe. Botho ba Hae bo entse thapelo, ntho ea bohlokoa, le tšoanelo.KHK 69.5

    A fumana matšidiso le thabo kopanong le Ntat’ae. ‘Me h?. ‘Moloki oa batho, Mor’a Modimo A utloile tšoanelo ea thapelo, e leng batho ba fokolang ba baetsadibe, ba shoang ba tla ikutloa tšoanelo ea ho chesehela thapelo ea kamehla hakaka’ng!KHK 69.6

    Ntat’a rona ea mahodimong O lebeletse ho re tšollela botlalo ba lehlohonolo la Hae. Ke tšoanelo ea rona ho noa haholo sedibeng sa lerato le se nang Moedi. Ho makatsa hakaka’ng ha re rapela hanyanyane hakalo! Modimo O itokisitse, ‘me O rata ho mamela thapelo ea lerato ea bana ba Hae ba ikokobetsang, leha ho le joalo, ho sa na le phokolo e ngata ea ho iponahatsa ka nq’a ho rona, ho bonahatsa dikgaello tsa rona ho Modimo.KHK 69.7

    Na mangeloi a lehodimo a ka re’ng ka batho ba batho ba hlokang matla ba busoang ke moleko, ha pelo ea Modimo ea lerato e sa feleng e ba ngongorehela hakaalo, ‘me A itokisitse ho ba fa hofetisa kamoo ba ka kopang, kapa ho hopola, leha ho le joalo ba rapela hanyenyane hakaalo, ‘me ba ena le tumelonyana e nyenyane hakaalo? Mangeloi a rata ho inama pela Modimo, a rata ho ba pel’a Hae.KHK 71.1

    A fumana kopano le Modimo e le eona thabo e phahameng ea oona, athe bana ba lefatše, ba hlokang hakaalo thuso e ka neoang ke Modimo A ‘notši; ba bonahala ba le kgotso ho tsamaea kantle ho lesedi la Moea oa Hae, e leng kopano le sefahleho sa ‘Ona. Lefifi la emobe le akaretsa le ba sa hlokomeleng ho rapela. Meleko e nyenyetsang ea sera e ba tlama ho etsa sebe; feela ke ka baka la hobane ba sa sebedise ditšoanelo tseo Modimo O ba neileng tsona boikgethelong ba ‘Ona, e leng tsa thapelo. Ke ka baka la’ng ha bara le baradi ba Modimo ba ka tsoafela thapelo, ha thapelo e le eona senotlolo letsohong la tumelo, ho bula polokelo ea lehodimo, moo ho bolokiloeng matlotlo a sa baloeng a Ea phahameng? Kantle ho thapelo e sa kgaotseng, le phadimeho e mafolofolo, re tsietsing ea ho thotofala, le ea ho kgeloha tsela. Moreloantši o ntse a batla mokgoa oa ho re koalla tsela e eang setulong sa mohau, hore leha re se ke ra fumana mohau le matla a ho hlola moleko.KHK 71.2

    Ho na le mekgoa e itseng eo ka eona re ka kgoloang hoba Modimo O utloa, O Araba merapelo ea rona.KHK 71.3

    Omong oa pele ke ho ikutloa ho hloka thuso e tsoang ho Modimo. O tšepisitse, Ore: Ke tla tšollela metsi hodim’a ea nyoriloeng. Le diphororo di phalle lefatšeng le omeletseng.” (Esa. 44 : 3.) Ba lapetseng ba nyoretsoeng ho loka ba hlolohetsoeng Modimo, ba kgoloe haba ba tla kgorisoa. Empa pelo eka kgona e bulehele tšebetso ea Moea ho seng joalo lehlohonolo la Modimo le ke ke la fumanoa.KHK 71.4

    Ho hloka ha rona ho hoholo, ke hona ho re pakelang, ‘me ho re buella ka mokgoa o utloa’lang. Empa re tšoanetse ho batla Modimo hore O re etsetse ntho tsena.KHK 71.5

    O re: “Kopang, ‘me le tla fuoa.” ‘Me “Eena ea sa kang a qenehela Mor’a Hae oa sebele, A mpa A mo tella bohle, ‘me A ke ke A re sitsa ka ntho tsohle ka Eena na?” (Matth. 7: 7; Ba-Rom. 8: 32) Ha re boloka bobe pelong tsa rona, ha re kgomarela sebe seo re se tsebang, Modimo A ke ke A re utloa; empa thapelo ea moea o hlomohileng, o robehileng, e utluoa kamehla. Ha dibe tsa rona tse tsejoang tsohle di lokisitsoe, re kgoloa hoba Modimo O tla araba kopo tsa rona.KHK 71.6

    Molemo oa rona o ke ke oa ba oa re emisa mohaung oa Modimo; ke tšoanelo ea Jesu e tlang ho re boloka, ke madi a Hae a tla re hlatsoa; le teng re sa tšoanetse ho etsa mosebetsi omong, ho ntšetsa mosebetsi oa kamohelo ea rona pele.KHK 72.1

    Taba e kgolo thapelong ke tumelo. “Ea tlang ho Modimo, e ka kgona a dumela hoba O teng, le hoba ke Eena moputsi oa ba ‘Matlang.” Jesu O itse ho barutuoa ba Hae!KHK 72.2

    “Se seng le se seng seo le se kopang ka thapelo dumelang hoba le tla se bona, ‘me se tla ba ho lona, (ba Heb. 11 : 6; Mareka 11 : 29.)KHK 72.3

    Ditšepiso di batsi, ‘me ha di na phello, ‘me Ea tšipisitseng oa tšepeha. Ha re sa amohele tseo re hlileng re di kopang, ka nako eo re di kopang, re tšoanetse ho dumela hoba Morena oa re utloa, le hore O tla araba merapelo ea rona. Re ee re lahlehe, le ho bonela haufi, mohl’omong re kope ntho tse ke keng tsa re hlohonolofalla, ‘me Ntat’a rona ea mahodimong ka lerato, A arabe merapelo ea rona ka ho re nea tse tlang ho ba molemo o moholo ho rona, tseo le rona re neng re ka di lakatsa, hoja ka pono e phahameng eo re e filoeng, re ne re ka bona tsohle kamoo di leng kateng.KHK 72.4

    Ha merapelo ea rona e ka ha e arajoe, re tšoanetse ho itšoarella ka pallo; hobane nako ea karabo e tla tla ruri, ‘me re tla amohela hlohonolo leo re le hlokang haholo. Empa kgopolo ea hore, thapelo e tla ‘ne e arajoe ka mokgoa oo le ka ntho eo re hlileng re e hlokang, ke boiphamolelo.KHK 72.5

    Modimo O bohlale haholo, A ke ke A lahleha, leha e le ho hana le ntho e molemo ho ba tsamaeang ka holoka.KHK 72.6

    Se keng la tšaba ho Mo tšepa, leha le sa bone karabo ea merapelo ea lona kapele. Tšepang tšepiso ea Hae ea ‘nete:KHK 72.7

    Kopang ‘me le tla neoa. Ha re ka ea ka tsa dipelaelo tsa rona, le ditšabo kapa ho kgetha tsohle tseo re sa di bontšiseng re es’o be le tumelo ho ferekana ho tla ‘ne ho eketsehe, ‘me ho tebe.KHK 72.8

    Empa ha re etla ho Modimo, re ikutloa ho fokola, le ho se itšepe, kamoo re hlileng re leng kateng, ka boikokobetso, ka tumelo e nang le tšepo, re bolela tseo re di hlokang ho Eena, eo tsebo ea Hae e leng ea bosafeleng, Ea tsebang ‘mopo oa tsohle, Ea busang tsohle ka thato ea Hae, le ka lentsoe la Hae, A ka tseba ho mamela le ho hlokomela sello sa rona, ‘me O tla kgantša lesedi pelong tsa rona. Ka thapelo ea lerato re kop’angoa le kgopolo ea Easafeleng.KHK 72.9

    Mohlomong leha re ka hloka bopaki bo bonahalang nakong eo sefahleho sa ‘Moloki se re tadimileng ka mohau le ka lerato; tseo di ke ke tsa hiokahala.KHK 73.1

    Mohl’omong re ke ke ra utloisisa hobateng ha Hae, empa letsoho la Hae le hodim’a rona, ka lerato le kgauho e lereko. Ha re tla kopa mohau le lehlohonolo ho Modimo re tšoanetse ho ba le moea oa lerato, le oa tšoarelo dipelong tsa rona.KHK 73.2

    Na re ka rapela joang, hore: “Re tšoarele meleto ea rona joaleka ha re lebala melato ea ba re sitetsoeng.” (Matth. 6: 12.) Athe re ntse re bolokile moea oa ho se tšoarele? Ha re rata hore merapelo ea rona e utluoe, eka kgona re tšoarele ba bang joalo, ka oona mokgoa oo re tšepang ho tšoareloa ka oona.KHK 73.3

    Tiisetso thapelong e entsoe lebaka la ho amohela. Re tšoanetse ho rapela kamehla ha re tla hola tumelong le kelellong.KHK 73.4

    Re be le “tiisetso tlapelong,” le “phehello thapelong, ‘me re fadimehe ka teboho.” (baRoma 12 : 12; baKol. 5:2.) Petrose o kgothatsa badumedi hose “tahoe ke joalo, le ho fadimeha thapelong.” (1 Pet. 4:7.) Pauluse o eletsa, o re:KHK 73.5

    Nthong tsohle, seo le se lakatsang le ke le se hlahise ho Modimo.” (ba-Fil. 4:6.) Juda O re: Empa ha e le lona baratuoa, le rapele ka Moea o Halalelang, le ipoloke leratong la Modimo. (Juda 20 : 21.) Thapelo e sa kgaotseng ke kopano e senang ho aroloa ea moea le Modimo, ha ho le joalo bophelo bo tsoang ho Modimo bo phallela bophelong ba rona; ‘me hloeko ea rona, le kgalalelo di phallela ho Modimo.KHK 73.6

    Ke tšoanelo ho ba mafolofolo thapelong; ho se ke ha eba letho le le tsietsang. Etsang ka matla ho iketsetsa sebaka se bulehileng sa kopano pakeng tsa Jesu le moea oa lona. Batlang ka mekgoa eohle sebaka sa ho ba moo thapelo e lemaletsoeng. Ba batlang kopano le Modimo kasebele, ba tla bonoa diphuthehong tsa merapelo, ba tšepeha ditšoanelong tsa bona, ba le mafolofolo, ba lakatsa ho kotula melemo eohle eo ba ka e hapang.KHK 73.7

    Ba tla totisa dibaka tsohle tsa ho itlhahisa moo ba ka amohelang mahlasedi a lesedi le tsoang lehodimong.KHK 73.8

    Re tšoanetse ho ba le dithapelo tsa matlo; hofetisa tsohle re se ke ra tsoafela thapelo ea sephiri hobane eona ke bophelo ba moea. Moea ha o na ho hola ha thapelo e tsoafeloa. Thapelo ea matlo leea diphutheho e notši ha e lekane.KHK 73.9

    Bonnotšing moea o beoa pel’a leihlo le hlahlobang la Modimo. Thapelo ea sephiri e ka utluoa feela ke Modimo O utloang merapelo O tsebang leha ekaba e hlokolotsi, ha e eo, e ka amohelang boima ba dikopo tse kaalo. Thapelo ea sephiri moea eba o lokolohile tabaneng tse ngata tse o potapotang, leha e le tšabong.KHK 73.10

    Ka ho kgutsa, empa ka cheseho, e tla nanabela ho fihla ho Modimo, ‘Me tse tsoang ho ea bonang sephiring eo, e tla ba tse monate tse sa tloheng ho eo tsebe ea Hae e bulehetseng merapelo e tsoang pelong. Tumelong ea sebele e sa iponahatseng, moeeng o na le kopano le Modimo. ‘Me o ipokellela mahlasedi a lesedi le hlollang, ho o matlafatsa, le ho o thusa ntoeng ea Satane.KHK 74.1

    Modimo, ke qhobosheane ea matla a rona. Rapela phaposing ea hao; ‘me ha u ntse u tsamaea mosebetsing oa hao oa matsatsi, pelo ea hao e nne phahamisetsoe ho Modimo. Ke ka hoo Enoke a tsamaileng le Modimo. Thapelo tsena tse kgutsitseng di nyolohela joaleka lethu la bohlokoa pel’a terone ea mohau.KHK 74.2

    Satane ha a na ho hlola motho eo pelo ea hae e dutseng joalo ho Modimo.KHK 74.3

    Ha ho nako kapa sebaka, seo re ka reng ha di lokele hore re hlahise kopo ho Modimo. Ha ho letho le ka re thibelang ho phahamisa pelo tsa rona ka thapelo ea moea o mafolofolo. Har’a matšoele a tsela, har’a mosebetsi, re ka ‘na ra isa kopo ea rona ho Modimo, ‘me ra kopa thuso ho Eena, joaleka Nehemia ha a hlahisa kopo ea hae ho morena Artaxerxese.KHK 74.4

    Katamelo ea kopano e ka-na ea fumanoa kae le kae moo re leng teng. Eka kgona monyako oa pelo o ‘n’o bulehe, ‘me memo ea rona e nyolohe, hore Jesu A theohele a dule pelong tsa rona e le moeti oa lehodimo moeeng.KHK 74.5

    Leha ho ka ba moea o ditšila o senyehileng ka thoko ho rona, ha re na ho phefumola ditšila tsa oona, re mpe re phele moeeng o hlokileng oa lehodimo eka kgona re koale mamati onle pel’a ditšoantšo, le mehopolo e ditšila, ka ho phahamisetsa moea pel’a Modimo ka thapelo ea lerato. Ba pelo di bulehetseng ho amohela thuso le hlohonolofatso ea Modimo, ba tla tsamaea moeeng oa kgalalelo, o fetisang oa lefatše ‘me ba tla ba le kopano ea kamehla le lehodimo. Re tšoanetse ho ba le ponahalo tsa Jesu tse kganyang ka hofetisa le kamohelo e fatisisang ea di’nete tse sa feleng. Bokgabane ba kgalalelo bo tšoanetse ho tlatsa pelo tsa bana ba Modimo; ‘me ha tsena di tla phetheha ke ha re ne re ka batla tse senotsoeng tse phahameng tsa mahodimo.KHK 74.6

    Moea a o ke o phahamisoe, o nyolloe, hore Modimo A tie A re fe phefumoloho ea moea oa lehodimo. Re ne re ka ba haufi le Modimo hore moleko ofe le ofe o re tlelang re sa lemohe, meea ea rona e tie e fetohele ho Eena joaleka palesa ha e fetohela ho letsatsi. Bolokang thato ea lona, thabo ea lona, mahlomola a lona mehopolo ea lona le tšabo ea lona pel’a Modimo.KHK 74.7

    Ha le na ho Mo imetsa; ha le na ho mohlodisa. Eena ea hlokomelang qoba tsa meriri ea lona ea dihloho ha A bohlasoa ho tse hlokoang ke bana ba Hae. “Morena O tletse mohau le lereko.” (Jak 5 : 2.) Pelo ea Hae e lerato e utloa mahlomola a rona, leha re ka a bolela. Isang ho Eena tsohle tse ka ferekanyang mehapolo. Ha ho letho le ka Mo sitang ka boholo, hobane O -kakatletse mafatše, O busa tsohle tsa lefatše. Ha ho letho le ha e ka ba le lenyenyane, le ka senyang kgotso ea rona, leha ekaba ka mokgoa ofe, hore A se re hlokomele. Ha ho kgaolo diketsong tsa rona e ka bang lerootho hore A sitoe ho e bala. Ha ho tsietsi e ka hlahelang le ea mong oa bana ba Hae, ha ho takatso e tšoenyang mohopolo, ha ho tsatsi la thabo, ha ho thapelo ea ‘nete e tsoang melomong eo Ntat’a rona ea mahodimong A sa e hlokomeleng, kapa, eo A sa phakiseng ho e thabela.KHK 75.1

    “O fodisitse ba pelo di robehileng. A tlamella maqeba a bona.” (Pes. 147 : 3.)KHK 75.2

    Dikopano tsa Modimo bakeng sa moea omong le omong di bon’ala hantle ka ho tlala joaleka ha eka ho no ho se moea omong lefatšeng o ka bang le kabelo hlokomelong ea Ona, le oo A o neileng Mor’a Ona.KHK 75.3

    Jesu O re: Le tla kopa ka lebitso la ka, ‘me ha ke le bolelle hore ke tla le rapella ho Ntate; hobane Ntate oa le rata le Eena.” Ke ‘na ke le kgethileng, ... hore tsohle tseo le di kopang ho Ntate ka lebitso la ka A le fe tsona.” (Johanne 16 : 26, 27; 15 : 16.) Empa ho rapela ka lebitso la Jesu, ke ntho e fetisang, ho ena le ho le bitsa feela ho qaleng, le ho qetelleng ha thapelo. Ke ho rapela ka mehopolo le ka moea oa Jesu, re dumela dipallo tsa Hae, re tšepa mohau oa Hae ‘me re etsa mesebetsi ea Hae.KHK 75.4

    Ha se hore Modimo O rata hore ba bang ba rona ba phele ba notši, kapa e be baitlami, re tlohele lefatše hore re ineele diketso tsa borapedi. Eka kgona bophelo bo tšoane le ba Kreste, pakeng tsa thaba le matšoele. Ea sa etseng letho ha e se ho rapela o tla phakisa a lahle thapelo, kapa merapelo ea hae e tla fetoha mokgoa feela.KHK 75.5

    Ha batho ba intša dikopanong tsa bophelo, ba itlosa bongoeng ba ditšoanelo tsa boKreste le ho jara sefapano; ha ba lesa ho sebeletsa Morena ka cheseho, ba lahla sebele sa thapelo, ba hloka mahlahahlaha a boitelo. Merapelo ea bona e fetoha ea baikgetho, le ea boitsšpo. Ba sitoa ho rapella tse hlokoang ke batho, kapa tse phahamisang ‘muso oa Kreste, ho rapella matla ao ba ka sebetsang ka oona.KHK 75.6

    Rea lahleheloa ka hose hlokomele ditšoanelo tsa ho kopana le ba bang, ho matlafatsana, le ho kgothatsana, e mong le e mong mosebetsing oa Modimo.KHK 76.1

    Di’nete tsa lentsoe la Hae di lahleheloa ke tsoso ea matlafatso ea tsona dipelong tsa rona. Dipelo tsa rona di hloke ho bonesetsoa le ho tsosoa ke mosebetsi oa kgalaletso, re fokole moeeng.KHK 76.2

    Kopanong ea rona re le baKreste, re lahleheloa haholo ka ho fokolla thatano le babang. Ea ikoallang e le eena, ha a thibe sebaka seo Modimo A neng A mo kgethetse ho se thiba. Taba ea sebele mosebetsing oa dikopano bophelong ba rona, e re hlahisetsa thatano le ba bang, ke ponahalo ea tsoelopele, le matla ho rona mosebetsing oa Modimo.KHK 76.3

    Ha baKreste ba ne ba ka kopana ha’moho, ba buisana ka tsa lerato la Modimo, le di’nete tsa bohlokoa tsa topollo, dipelo tsa bona di ne di ka nchafala ‘me ba ne ba tla nchafatsana.KHK 76.4

    Ka tsatsi le leng le le leng re ka ‘na ra ithuta ka hofitisa tsa Ntat’a rona ea mahodimong, ra ‘na ra neoa tsebo e ncha ea mohau oa Hae; ‘me ra lakatsa ho buoa tsa lerato la Hae, ‘me ka ho etsa tseo pelo tsa rona di tla futhumetsoa di matlafatsoe. ‘Me ha re ka buoa, ra hopola Jesu, re ne re tla tlala bo Eena ka hofetisisa. Ha re ne re ka nahana Modimo hangata kamoo re fumanang bopaki ba paballo ea Hae ho rona, re ne re ka ‘Moloka kamehla mehopolong ea rona, me re ne re ka nyakallela ho buoa ka Eena, le ho Mo rorisa.KHK 76.5

    Re buoa ka tsa mehla ea joale, hobane re kgodisoa ke tsona. Re buoa ka metsoalle ea rona, hobane rea e rata, thabo tsa rona mahlomola a rona, di tlamellane le tsona.KHK 76.6

    Athe re na le tšoanelo e phahameng ea ho rata Modimo ho ena le metsoalle ea rona ea lefatše, ‘me taba e kgolo ho motho lefatseng, me ekabe e le ho Mo etsa oa pele mehopolong eohle ea rona, ho buoa ka molemo oa Hae, le ho tsibisa matla a Hae. Matlotlo a leruo ao A re neileng oona, e ne e se ho omeletsa mehopolo ea rona le lerato la rona hore re be re sitoe ho nea Modimo letho; ke tse tšoanetseng ho re hopotsa Eena hangata, le ho re tlama ka ditlamo tsa lerato le tsa thabo ho Mohlohonolofatsi oa rona ea lehodimong.KHK 76.7

    Re ahile mefidibithing ea lefatše. A re phahamisetseng mahlo a rona monyakong o bulehileng oa kgaledisiso mahodimong, moo lesedi la kganya ea Modimo le kganyang sefahle- hong sa Kreste, e leng ea ka tsebang ho pholosa ka hofetisisa ba tlang ho Modimo ka Eena. (baHeb. 7 : 25.)KHK 76.8

    Re tšoanetse ho leboha Modimo ka hofetisisa, ka molemo oa Hae, le ka mehlolo ea Hae ho bana ba batho.” (Pes. 107 : 8.)KHK 77.1

    Mesebetsi ea boitelo ba rona ha ea tšoanela hore e hie e felle ho kopeng le ho amoheleng feela. Re se ke ra ‘na ra hopola tseo re di hlokang, leha e le mahlohonolo ao re a amohelang. Ha re rapele ho tlola tekanyo, empa re thata ho leboha. Re ba amohedi ba kamehla ba mehau ea Modimo, leha ho le joalo, teboho e nyenyane hakaka’ng, re Mo rorisa hanyenyane hakaka’ng ka tseo A re etseditseng tsona! Boholoholo Morena Ona A laetse balsraele ha ba phuthehela tšebeletso ea Hae hore: Le tla ja pel’a Jehova Modimo oa lona, ‘me le nyakalle ka tsohle tsa matsoho a lona, le ba matlo a lona, ‘me le thabe ka tseo Jehova Modimo oa lona A le hlohonolofatsang ka tsona.” (Deut. 12 : 7.)KHK 77.2

    Hore tse etsetsoang tlotiiso ea Jehova di etsoe ka ditlatse, le ka dipina tsa teboho, e seng ka masoabi le ka bofifi.KHK 77.3

    Modimo oa rona ke Ntate ea lereko, mosebetsi oa Hae o se ke oa tadingoa e le o soabisang o hlomodisang. Ho rapela Modimo e tšoanetse ho ba thabo, le ho ba le kabelo mosebetsing oa Hae. Modimo e ke ke eare bana ba Hae bao poloko e kaalo e etseditsoeng bona, A ba etsa joaleka ha eka ke morena oa bona ea thata, ea sa fayeng, oa pallo. Ke motsoalle oa bona ea fetisang; ‘me ha ba Mo rapela, O lebeletse hore a be le bona, ho ba hlohonolofatsa, le ho ba tšedisa, ho tlatsa dipelo tsa bona ka thabo le ka lerato. Morena o rata hore bana ba Hae ba be le matsidiso tšebeletsong ea Hae, ba fumane thabo hofetisa bothata mosebetsing oa Hae, o lakatsa hore ba tiang ho Mo rapela ba tlohe ba ena le maikutloa a bohlokoa a poloko, le lerato la Hae, hore ba nyakalle mesebetsing eohle ea bona ea letsatsi, hore ba be le mohau ho sebetsa ka botšepehi, le ka molemo nthong tsohle.KHK 77.4

    Re tšoanetse ho phutheha pel’a sefapano sa.KHK 77.5

    Kreste e leng Eena ea thakgisitsoeng, e tšoanetse hoba Eena lebaka mehopolong ea rona, dipuong, le maikutlong a rona a nyakallo. Re boloke mehopolong ea rona mahlohonolo ohle ao re a amohelang ho Modimo; ‘me ha re kgoloa ke lerato la Hae le leholo, re tšoanetse ho lebella tsohle letsohong le kgokgothetsoeng sefapanong ka baka la rona.KHK 77.6

    Moea o tla nyolohela haufi le lehodimo ka mapheo a teboho. Modimo O rapeloa ka pina le ka thomo makgotleng a lehodimo, ’me ha re hlahisa thabo ea rōna eba re phahamela merapelong ea makgotla a lehodimo. “Ea hlahisang pina o rorisa Modimo.” I (Pes. 50 : 23.) A re atameleng pel’a ‘Mopi oa rona ka hlompho e nang le nyakallo, ka “teboho, le ka lentsoe la nyakallo.” (Esa. 51 : 3.)KHK 77.7

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents