Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    5. BOITELO

    Pallo ea Modimo ke hore: “Le tla mpatla ‘me le tla mphumana, ha le ka mpatla ka pelo eohle.” (Jer. 29 : 13.)KHK 33.1

    Pelo eohle eka kgona e inehele Modimo, ho seng joalo, phetoho e ke ke eaba ea etsahala ka ho rona, eo ka eona re ka busetsang setšoantšong sa Hae. Ka hlaho re arotsoe ho Modimo. Moea o Halalelang ha o bolela seo releng sona, o re: “Le ne le shoele melatong ea lona, le dibeng tsa lona,” ha ho moo ho pholohileng.” Hloho eohle e bothloko, le pelo eohle ea kula, re tšoasitsoe lerabeng la Satane, ea ba tšoasitseng hore ba etse kamoo a ratang kateng.” (ba-Efe. 2:1; Esa. 1:5, 6; 2 Tim. 2: 26.)KHK 33.2

    Modimo o rata ho re pholosa, ho re lokolla.KHK 33.3

    Empa ho batleha phetoho e phethahetseng nchafalo ea bophelo bohle ba rona, eka kgona re inehele borōna bohle ho Eena.KHK 33.4

    Ho itoantša ke ntoa e fetang tsohle. Boitelo, boinehelo bohle thatong ea Modimo, di batla ntoa; empa moea eka kgona o inehele Modimo, o ntoo nchafatsoa kgalalelong ‘Musong oa Modimo ha o joale ka ha Satane a o lekanya, hore o theiloe hodim’a boinehelo ba bofofu, pusong e senang merero. O itlhahisa kelellong le letsoalong.KHK 33.5

    “Tlong joale, re lokiseng ditaba.” (Esa. 1 : 18.) Ke eona pitso ea ‘Mopi ho babopuoa bao a ba entseng. Modimo ha O susutlelle thato ea babopuoa, O ke ke oa amohela nyehelo e sa tsoeng thatong le kutloisisong. Boinehelo bo susutlelloang, bo ka thibela tsoelopele ea ‘nete ea mehopolo, le ea mosebetsi. E ka etsa motho moitsamaisi.KHK 33.6

    Eo ha se kgopolo ea ‘Mopi. O rata hore motho, e leng mosebetsi oa matla a kganya ea Oona, a fihle tsoelopeleng e phahameng ka hofitisisa.KHK 33.7

    O beile pel’a rona lehlohonolo la bophahamo boo O ratang hore re bo fihlele ka mohau oa Oona. O re mema hore re inehele Eena, hore A etse thato ea Hae ho rona.KHK 33.8

    Ho ikgethele rona, hore na re lokolloe ditlamong tsa sebe, re be majalefa a tokoloho ea kganya ea bana ba Modimo.KHK 33.9

    Ha re inehela Modimo re tšoanetse ho tela tsohle tse ka re arohanyang le Eena. Ke mo ‘Moloki a reng: “E mong le e mong oa lona ea sa teleng tsohle tsee a nang le tsona, e ke ke ea eba morutuoa oa Ka.” (Luka 14 : 33.)KHK 33.10

    Tsohle tse ka tlosang pelo ea motho ho Modimo eka kgona di teloe. Eena mammona ke Modimo oa ba bangata.KHK 35.1

    Lerato la chelete, takatso ea leruo, ke ketane ea gauta e ba tlameletseng ho Satane. Botumo, hlompho ea lefatše, ke tse rapeloang ke ba bang.KHK 35.2

    Bophelo ba boithati le boiketlo, le tokoloho boikarabe — long, ke Modimo oa ba bang. Empa ditlamo tsena tsa bokgoba eka kgona di kgaoloe. Re ke ke ra ba ba Modimo ka nqengoe, ka nqengoe ba lefatše. Re ke ke ra ba bana ba Modimo, ha e se hore re bona ka sebele. Ho na le ba reng ba sebeletsa Modimo, athe ba ntse ba tšepile matla a bona a ho hlonepha molao oa Oona, ho etsa mesebetsi e lokileng ea ho fumana poloko.KHK 35.3

    Dipelo tsa bona ha dia sisingoa leha e le ke maikutlo afe a lerato la Kreste a tebileng, empa ba batla ho iketsetsa ditšoanelo tsa bophelo ba bo-Kreste, joale ka ha e ka Modimo O batla hore ba fumane lehodimo ka tsona. Tumelo e joalo ha ena thuso. Ha Kreste a le ka pelong, moea o tla tlala lerato la Hae, ka thabo ea ho kopana le Eena, hore o be o Mo kgomarele; ‘me ho Mo lemoheng ho joalo, boithati bo tla lebaleha, lerato ho Kreste e tla ba mohlodi oa mesebetsi.KHK 35.4

    Ba ikutloang lerato le susumetsang la Modimo ha ba botse hore na ho ka nt’oa bonyenyane bo bokae ho kgodisa thato ea Modimo; ha ba botse bonyenyane, empa ba tadima setšoantšong se phethehileng sa thato ea Molopolli oa bona. Ba ntša tsohle ka takatso e kgolo, ‘me ba bontša takatso e bonahatsang boholo ba seo ba se batlang.KHK 35.5

    Ho ipolela bo-Kreste kantle ho lerato lena le tebileng, ke puo feela, ke ponahalo e omeletseng, le tšebetso e boima.KHK 35.6

    Na u utloa eka ke boitelo bo fetisang ho hlahisa tsohle ho Kreste na? A k’o ipee potso ena: “Na Kreste O’neile eng?”KHK 35.7

    Mor’a Modimo O’neile tsohle—bophelo, lerato, le mahlomola ho re lopolla. ‘Me na ho ka etsoa hore rona nthoana tsa lefeela tse ratiloeng hakalo re mo hanele le pelo tsa rona na? Ka nako tsohle tsa bophelo ba rona re ‘nile ra ba ba nang le kabelo mahlomoleng a mohau oa Hae, ‘me ka baka lona leo re ke ke ra hla ra utloisisa botebo ba bothoto le tšenyeho tseo re pholositsoeng ho tsona.KHK 35.8

    Na re ka hla ra tadima ho Eena Eo dibe tsa rōna di Mo hlabileng, ‘me ra ‘na ra rata ho nyedisa lerato lohle le boitelo ba Hae na? Ha re tadima boikokobetso bo bokalo ba Morena oa kganya, na re tla belaela ka hore re kena bophelong ka mahlomola le ka boitheolo na?KHK 35.9

    Potso ea pelo tse ngata tse ikgohomosang e re: “Ke ka baka lang ha ke tšoanetse ho kena mahlomoleng le boitheolong ha ke tla kgoloa hore ke amohetsoe ke Modimo?”KHK 36.1

    Ke u supisa ho Kreste O’na a se na sebe, ‘me ho fela moo, e ne e le Morena oa lehodimo, empa ka baka la motho, A fetohela sechaba sebe. “O badiloe le dihlola, ‘me O jere dibe tsa ba bangata, ‘me O rapeletse batlodi.” (Esa. 53 : 12.)KHK 36.2

    Empa eba re tela eng ka ho neela tsohle? Ke pelo e tletseng dibe, hore Jesu A e hloekise, A e hlatsoe ka madi a Hae, A e boloke ka lerato la Hae le se nang tekanyo.KHK 36.3

    Leha ho le joalo, motho o hopola hore ho thata ho tela tsohle! Ke ee ke soabe ha ke utloa tseo di buoa, ke soabe le ho di ngola. Modimo ha O batle ha re tela letho la tseo re ka ithusang ka tsona ha re di ruile. Ho tsohle tseo A di etsang o tadima katleho ea bana ba Hae.KHK 36.4

    Hojane bohle ba esong ho ikgethele Kreste ba ka kgoloa hore, o na le ntho e kgolo eo A ka ba neang eona, ho feta ho ba ka ipatlelang hona e le bona. Motho o itlhahisetsa e le eena kotsi e kgolo, le hose loke moeeng oa hae, ha a nahana, a etsa tse fapaneng le thato ea Modimo. Ha ho thabo ea ‘nete e ka fumanoang tseleng eo O e nyatsitseng, oona o tsebang tse molemo, O batlelang dibupuoa tsa Oona ntho tse molemo.KHK 36.5

    Tsela ea bokgopo ke tsela ea ditsietsi le timelo. Ke phoso ho dumella kgopolo e reng Modimo O kgahloa ke dihloreho tsa bana ba Oona.KHK 36.6

    Lehodimo lohle le kgahloa ke thabo ea motho. Ntat’a rona ea mahodimong ha A koalle le a mong oa dibopuoa dikgoro tsa thabo. Thato ea Modimo ke hore re nyatse mekgoa e ka re hlahisetsang mahlomola le dipelaelo tse ka re koallang monyako oa thabo le oa lehodimo.KHK 36.7

    Molopolli oa lefatše. O amohela batho ba le seo ba leng sona, ka dithato tsa bona, ho se loke ha bona le mefokolo; me A ke ke A hloekisa dibe feela, le ho hlahisa topollo ka madi a Hae, empa o tla kgodisa le dithato tsa pelo tsa bohle ba dumelang ho jara joko ea Hae, le ho ipelesa phahlo ea Hae.KHK 36.8

    Thato ea Hae ke ho abela bohle ba tlang ho Eena kgotso le phomolo. Eena e leng bohobe ba bophelo. O rata hore re phethe tšoanelo tse ka re isang nyakallong e fetisang, ea tseo moikgantsi a se nang ho di fihlela.KHK 36.9

    Thabo ea ‘nete ke ho ba le Kreste pelong e leng Eena tšepo ea kganya.KHK 36.10

    Ba bangata ba botsa hore, “ana nka inehela joang ho Modimo?” Ua rata ho inehela Eena; ua fokola matleng a botho, dipelaelong tsa bokgoba, tse ileng tsa ‘na tsa u busa ka mekgoa ea hao, ea sebe.KHK 36.11

    Ditšepiso tsa hao, le boitokiso ba hao, di joaleka mehala ea lehlabathe. U sitoa ho hlola mehopolo ea hao, le diketso tsa hao Tsebo ea hao hore u sentse ditšepiso tsa hao, e fokodisa tšepo ea hao. E etsa hore u ikutloe hore Modimo o ke ke oa u amohela; empa u se ke oa fokola. Seo u se hlokang ke ho utloisisa tšutšumetso ea nete ea thato. Ke Oona matla a busang botho ba motho, matla a tumello kapa a ho ikgethela. Ntho tsohle di tsoa mosebetsing oa lerato. Modimo O neile batho matla a ho ikgethela; ho ka itšebeletsa bona.KHK 37.1

    Ha u na ho fetola pelo ea hao, uena ka sebele u ka sitoa ho nea Modimo tsa eona; empa ho Mo sebeletsa, u ka ikgethela, u ka Mo nea thato ea hao, ‘me o tla sebetsa ka ho uena, ho rata le ho etsa ha Hae. Ka mokgoa o joalo botho bohle ba hao bo tla beoa pusong ea Moea oa Kreste. Tsa hao di tla beoa ho Eena Mehopolo ea hao e tla ba le kopano le Eena.KHK 37.2

    Takatso ea holoka le kgalalelo, tsona di lokile; empa ha u ema ho tsona, di ke ke tsa u thusa letho. Ba bangata ba tla lahleha ba ntse ba tšepa le ho lakatsa ho ba ba-Kreste, empa ba hlile ba sa fihlele tabeng ea ho nehela thato ho Modimo. Ka hoo ha ba ikgethele ho ba ba Kreste. Ka mosebetsi o lokileng oa thato, phetoho ea sebele e ka etsoa bophelong ba hao.KHK 37.3

    Ka ho nehela thato ea hao ho Kreste, u ikopanya le matla a phahametseng mebuso eohle le borena bohle. U tla ba le matla a tsoang hodimo ho u tiisa, ‘me ka ho ‘na u inehela ho Modimo u tla fuoa ho phela bophelo bo bocha, e leng bophelo ba tumelo.KHK 37.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents