Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    12. HO KA ETSOANG KA PELAELO

    Bongata, haholo ba sa leng bacha bophelong ba boKreste, hangata ba kgathatsoa ke dipctso tsa dipelaelo. Ho na le ntho tse ngata tseo ba sitoang ho di hlalosa Bibeleng, kapa ho di utloisisa, ‘me Satane a nke taba tsena ho sisinya tumelo ea bona mangolong joaleka ha eka ke tšenolo e tsoang ho Modimo.KHK 79.1

    Ba botse: “Na eo e leng tsela ke tla e tseba joang? Ha Bibele e le Lentsoe la Modimo ruri, na ke tla lokoloha joang dipelaelong le meferefereng ena?”KHK 79.2

    Modimo ha A re kope hore re dumele re sa utloisise bopaki ba sebele boo re ka theang tumelo ea rona ho bona.KHK 79.3

    Ho leng teng ha ‘Ona, tsohle di theiloe hodim’a bopaki bo bonahalang maikutlong a rona; ‘me bopaki boo bo boholo.KHK 79.4

    Leha ho le joalo, Modimo ha A ka A tlosa tšoanelo ea pelaelo. Tumelo ea rona e tšoanetse ho itšetleha hodim’a bopaki, e seng boiponahatsong; ba ratang pelaelo ba tla le sebaka, athe ba ratang ho tseba ‘nete ba tla fumana bopaki bo bongata boo ba ka theang tumelo ea bona ho bona.KHK 79.5

    Ho thata ho mehopolo e mekgutšoanyane ho utloisia matla le mosebetsi oa Ea phahameng.KHK 79.6

    Ho kelello e masene, ho mohopolo o hlalefileng, ka hofetisisa, hloleho ena e halalelang, eka kgona E ‘ne E apare sephiri. “Na ka ho botsisisa u ka fumana Modimo na? Na u utloisisa botebo ba hoba teng ha Ea matla ohle na? Ke bophahamo bo kang ba lehodimo; u ka etsa’ng? Bo tebile hofeta nqalo ea bafu u ka tseba eng?” (Jobo 11 : 7, 8.)KHK 79.7

    Moapostola Pauluse oa hooa o re: “Oho! bodiba ba monono le ba bohlale, le ba tsebo ea Modimo! Dikahlolo tsa ‘Ona ha di hlalohangoe hakaka’ng!” (ba-Rom. 11: 33.)KHK 79.8

    Empa leha maru le lefifi di Mo teetse hare, holoka le kahlolo ke motheo oa terone ea Hae.” (Pes. 97 : 2. R.V.) Ha ho le joalo re ka amohela mosebetsi oo A o etsang ho rona, le mekgoa eo A e sebeditseng hore re lemohe lerato le se nang ho boleloa, le mohau, tse kopaneng matleng a Modimo.KHK 79.9

    Re ka utloisisa matla a Hae ka mokgoa o lekaneng ho re hlahisetsa molemo, hofeta moo re ka ‘na ra tšepa letsoho le matla, pelo e tletseng lerato.KHK 79.10

    Lentsoe la Modimo le tšoana le Mohlodi ea Phahameng oa lona, le utloahatsa diphiri tse senang ho lemohisisoa ke dibu- puoa tse sa phethehang. Ho kena ha sebe lefatšeng, ho apara botho ha Jesu, tsoalo ea bobedi, tsoho, le taba tse ding tse ngata tse tebileng ho ka hlaloseha mehopolong ea ngoan’a motho, leha e le ho di lemohisisa.KHK 79.11

    Empa Modimo O re neile bopaki bo lekaneng Mangolong ba mesebetsi e phahameng ea tsona, ‘me ha re na sebaka sa ho belaela ka lentsoe la Hae ha re sitoa ho utloisisa diphiri tsa paballo ea Hae. Lefatšeng lena re potoa hangata ke diphiri tseo re sitoang ho di lekanya botebo.KHK 81.1

    Bona bophelo ba boikokobetso ba sebele, bo hlahisa lotho eo mohlalefisisi oa mangolo a se nang matla a ho e hlalosa.KHK 81.2

    Kahohle ho na le dimakatso tse fetang kelello ea rona. ‘Me na re ka makala ha re ka fumana hore le lefatšeng la meea ho na le diphiri tseo re sitoang ho di lekanya botebo na? Bothata bo phokolong, le patisanong ea mehopolo ea ngoan’a motho feela.KHK 81.3

    Moapostola Petrose o re, mangolong “ho na le tse thata ho utloisisoa, tseo ba sa rutehang le matetema ba di sokamisetsa tahlehong ea bona.” (2 Pet. 3 : 16.)KHK 81.4

    Ntho tsena ke tseo babelaedi ba ileng ba itšoarella ka tsona ho tsekisana le Bibele; empa he, ka tsona tsena, ba bonahatsa bopaki bo matla ho pakela Mong a eona. Hoja ha e bolele tsa Modimo, ha ese tseo re di utloisisang ka bonolo; hojane boholo le bophiri ba Hae di ne di ka utloisisoa ke mehopolo e mekgutšoanyane, e ne e tla ba Bibele ha e na ditokelo tse se nang phoso tsa matla a Modimo. Bona boholo boo, le bophiri, ba ditaba tse boletsoeng, di ne di tšoanetse ho hlahisa tumelo ho tsona kaha e le lentsoe la Modimo.KHK 81.5

    Bibele e phuthulla ‘nete ka bonolo le ka tšoanelo e phethehileng, ho hlokeng le hlolohelong ea pelo ea ngoan’a motho, e kileng ea makatsa le ho thabisa mehopolo e phahameng haholo, athe ho ba tlase le ba sa rutoang, e ba nea ho utloisisa tsela ea poloko. Leha ho le joalo, di’nete tsena tse hlalositsoeng ka bonolo hakaalo, di tšoere ditaba tse tebileng, tse lokileng, tse phahametseng matla a kgopolo ea ngoan’a motho, re ka di amohela feela hobane Modimo o di senotse.KHK 81.6

    Ka hoo morero oa poloko o hlalositsoe ho rona, hore moea omong le omong o bone mohlala oo o tšoanetseng ho ea ka oona ha o sokolohela ho Modimo, le tumelo ho Morena oa rona Jesu Kreste, hore re tie re bolokehe kamoo Modimo O kgethileng kateng; leha ho le joalo, di’neteng tsena tse utloahalang hantle hakaalo, ho na le botšabeho, e leng ho pateha ha kganya ea Hae botšabeho bo hlolang mohopolo nahanong ea oona, athe ke bona bo kgantšetsang ea batlang ‘nete ka lerato, ka hlompho, le ka tumelo. Ha a ntse a fuputsa Bibele O ntse a kgodisisoa hoba ke lentsoe la Modimo O phelang, ‘me tšoanelo ea ngoan’a motho ebe ho inama pel’a hlompheho ea tšenolo ea Ea phahameng.KHK 81.7

    Ho bolela hoba ha re na kutloisiso ea di’nete tse kgolo tsa Bibele, e se e le ho kgoloa hoba mehopoloana e mekgutsoanyane ha e lekane ho amohela tse phahameng, le hore motho ka tsebo e sa phethehang ea hae a ke ke a utloisisa merero ea Motseba tsohle.KHK 82.1

    Hobane ba ke ke ba utloisisa diphiri tsa eona tsohle, ‘melaedi le mokoenihi, ba nyefola lentsoe la Modimo; ‘me ha se bohle ba dumelang Bibele ba seng tsietsing tabeng ena, Moapostola o re: “Iponeleng banab’eso, esebe emong ho lona a ka ba le pelo e mpe ea hosedumele, e mo lahlisang Modimo O utloang.:’ (baHeb. 3:2.)KHK 82.2

    Ho nahantšisa le ho batlisisa ditaba tsa Bibele ho lokile, le ho batlisisa “tse tebileng tsa Modimo.” (1 baKor. 2 : 10.) Ka moo di senotsoeng kateng. Ha e le diphiri ke tsa Morena Modimo oa rona.” (Deut. 29 : 29.) Empa mosebetsi oa Satane ke ho sokanya mehopolo ea motho ea batlisisang ditaba.KHK 82.3

    Ho na le boikgohomoso be kopaneng le di’nete tsa Bibele, kahoo batho ba ikutloela bohloko, ha ba sitoa ho hlalosa dikarolo tsohle tsa mangolo ka mokgoa o ka ba kgodisang.KHK 82.4

    Ba ikutloa botlase hampe, ha ba sitoa ho utloisisa mantsoe a buduletsoeng. Ha ba rate ho lebella ka sebete, ho fihlela Modimo A bona tšoanelo ho ba senolela ‘nete.KHK 82.5

    Ba ikutloa hoba matla a bona a fokolang, a bohlale ba botho, A lekane ho ba nea kutloisiso ea Mangolo, ‘me ha ba sitoa ho fumana, tseo, ba iphe matla ho latola matla a eona.KHK 82.6

    Ke ‘nete hore dihlaloso tse ngata, le dithuto tseo batho ba kgoloang hore di tsoa Bibeleng, ha di na motheo dithutong tsa eona, ‘me di fapane ruri le eo e leng motheo oa pudulelo.KHK 82.7

    Ntho tsena ebile lebaka la dipelaelo le pherekano mehopolong e mengata.KHK 82.8

    Leha ho le joalo, ha di na ho belaelloa lentsoeng la Modimo, empa ke kamoo di fetotsoeng ke motho.KHK 82.9

    Hoja e ne e le ntho e ka etsoang hore ntho tse bopiloeng di fumane kutloisiso e phethehileng ea Modimo, le mosebetsi oa Hae, ha ba ne ba fihletse hoo, ho no ho ke ke ha hlola ho eba ‘nete eo ba ka hlolang ba e fumana, kapa ho hola tsebong, leha e le tsoelopele ea mehopolo, kapa pelo.KHK 82.10

    Modimo O no O ke ke oa hlola o eba le bophahamo; ‘me motho ka hore o se a fihletse phetheho, le tsebo e phethehileng, o n’a tla lesa ho tsoela pele.KHK 83.1

    A re leboheng Modimo, hobane ho se joalo. Modimo O Moholo: ho Eena ho na le matlotlo ‘ohle a bohlale, a tsebo.” (baKol. 2:3.)KHK 83.2

    ’Me ho ea ho ile eka kgona batho ba ‘ne ba batle, ba ‘ne ba ithute, leha ho le joalo, ba sa fokotse matlotlo a bohlale ba Hae, a molemo oa Hae, le matla a Hae.KHK 83.3

    Modimo O rata hore bophelong bona di’nete tsa lentsoe la Hae, e n’e sale dikoaholotsoe ho sechaba sa Hae. Ho na le mokgoa o le mong oo di ‘nete tsena di ka dumanoang ka oona. Re ka fihlela kutloisiso ea lentsoe la Modimo ka ponesetso ea moea oo Modimo A neng A le nee ka oona feela.KHK 83.4

    “Taba tsa Modimo ha ho motho ea di tse bang, ha e se Moea oa Modimo,” “hobane Moea o batlisisa tsohle, e, le tsa Modimo tse tebileng.” (1 baKor. 2 : 11, 10.) ‘Me pallo ea ‘Moloki ho balatedi ba Hae, ebile ena: “Etlare hobane Eo A tie, e leng Moea oa ‘nete, O tla le tsamaisa ‘neteng eohle hobane O tla nka tsa ka, ‘me O tla le bontša tsona.” (Johanne 16 : 13, 14.)KHK 83.5

    Modimo O rata hore motho a sebedise matla a mehopolo ea hae; ‘me nahano ea Bibele e tla matlafatsa, e lokise mehopolo hofetisa dithuto tsohle. Le teng re tšoanetse ho iponela dinthong tseo re di tšepileng, tse ka kenyang mefakolo, le tsiapo ea botho.KHK 83.6

    Ha mangolo a ne a ke ke a re thatafalla hore re be re sitoe ho utloisisa le tse bonolo hakaalo, re ne re tšoanetse ho ba le bonolo le tumelo ea ngoana e mo nyenyane, re lokele ho ithuta, ‘me re kope thuso ea Moea o Halalelang.KHK 83.7

    Maikutlo a matla, le bohlale ba Modimo, le a ho hloka matla ho rona, ho amohela boholo ba Hae, a tšoanetse ho re tlatsa ka baikokobetso, ‘me re tšoanetse ho phetla lentsoe la Hae joaleka ha e ka re hlaha pel’a sefahleho sa Hae, ka ho itiha ho halalelang.KHK 83.8

    Ha re fihla Bibeleng mehopolo e tšoanetse ho kgoloa ke matla a phahameng ho e feta, ‘me pelo le maikutlo di iname pel’a boholo ba EO e leng EEna.KHK 83.9

    Ho na le ntho tse ngata tse bonahalang di le thata, kapa disa utloisisoe, tseo Modimo A tla di hlalosa, A di etse bonolo ho ba batlang kutloisiso ea tsona. Empa kantle ho thuso ea Moea o halalelang, re tla ‘ne re sokanye mangolo le ho a hlalosa ka phoso. Hangata Bibele e baloa ka mokgoa o se nang thuso, me hangata ho be ho hlahise kotsi. Ha lentsoe la Modimo le phetliloe ho se hlonepho, ho se thapelo; ha mehopolo le maikutlo di sa ka tsa beoa ho Modimo, kapa kopanong le thato ea Hae, mehopolo e kgurumetsoa ke pelaelo, ‘Me ho nahaneng ha Bibele, pelaelo e ipha matla.KHK 83.10

    Sera se hapa mehopolo, ‘me se hlahise dikeletso tsa thuto tse sa lokang.KHK 84.1

    Ha batho ba sa etse hore ba kopane le Modimo ka lentsoe, le ka ketso, leha ekaba ba rutehileng joang le joang ba ntse ba tšoanetse ho lahleha kutlong ea Lengolo, ‘me ha ho na thuso ho mamela hlaloso tsa bona. Ba tadimang Bibeleng ho fumana ho se tšoane, ha ba na kelello ea moea. Ka pono e kgelohileng ba tla fumana tse ngata tse ba belaetsang, le ho se rumele nthong tse bonolo tse utloa’l’ang ka sebele.KHK 84.2

    Leha ba ka di phethola kamoo ba ka ratang, ha e le lebaka la ‘nete la dipelaelo tabeng tse ngata, ke lerato la sebe.KHK 84.3

    Dithuto le ho ema ha lentsoe la Modimo ha di amohelehe pelong e ikgohomosang, e ratang sebe, ‘me ba hanang ho utloa thato tsa lona, ba itokiseditse ho belaela ka matla a lona.KHK 84.4

    Ha re tla fihla ‘neteng, re tšoanetse ho ba le takatso ea sebele ea ho tseba ‘nete, le takatso ea pelo ea ho e utloa.KHK 84.5

    ’Me bohle ba tlang nahanong ea Bibele ka moea o joalo, ba tla fumana bopaki bo bongata ba hore ke lentsoe la Modimo, ‘me ba tla ruoa kutloisiso ea di ‘nete tsa eona e tla ba nea hlalefo ea polokeho.KHK 84.6

    Kreste O itse: “Ekare ha motho a rata ho etsa thato ea Hae, o tla tseba thuto ea Hae.” (Johanne 7 : 17, R.V.)KHK 84.7

    Bakeng sa ho arabisana, le ho ngangisana bakeng sa tseo le sa di utloisiseng, hlokomelang lesedi le kganya ho lona, ‘me le tla amohela kganya e kgoio, ka mohau oa Kreste, phethang ditšoanelo tse seng di hlalositsoe kelellong ea lona, le tla neoa matla a ho utloisisa le ho phetha tse le belaelang ka tsona joale.KHK 84.8

    Ho na le bopaki bo leseding ho bohle—ba rutiloeng ka ho fetisisa, le ba sa rutoang—bopaki ba kelello. Modimo O re mema hore re leke e le rona di’nete tsa lentsoe la Hae bo’nete ba dipallo tsa Hae. O re kopa O re: “Latsoang ‘me le bone hoba Jehova O molemo.” (Pes. 34 : 8.)KHK 84.9

    Bakeng sa ho tšepa lentsoe la emong, re tšoanetse ho itekela e le rona.KHK 84.10

    O hlalosa O re: Kopang ‘me le tla fuoa.” (Johanne 16 : 24.) Dipallo tsa Hae di tla phethoa. Ha di ke be di fetohe lefeela; di ka sitoa ho fetoha lefeela. ‘Me ha re atamela ho Jesu, ‘me re thaba ke botlalo ba lerato la Hae, dipelaelo tsa rona le lefifi, di tla nyamela leseding la sefahleho sa Hae.KHK 84.11

    Moapostola Pauluse o re: “Modimo O re lopolotse matleng a lefifi, ‘me A re fetolela ‘musong oa Mor’a Hae oa bohlokoa.” (baKol. 1 : 13.) “Me e mong le e mong ea tlohileng lefung ho kena bophelong o na le matla ho tiisa ka letšoao la hae hore Modimo ke oa ‘nete.” A ka paka, a re: Ke ne ke hloka thuso, ‘me ke e fumane ho Jesu. Takatso eohle e phethiloe, ho lapa ha moea oa ka ho kgorisitsoe; ‘me joale ho ‘na Bibele ke tšenolo ea Jesu Kreste.KHK 85.1

    Ke hobane Jesu e le Mopholosi oa ka. Ke dumetse Bibele ka baka la’ng? Ke hobane ke e fumane e le lentsoe la Modimo moeeng oa Ka.” Re ka ba le bopaki ka ho rona hore Bibele ke ‘nete, hore Kreste ke Mor’a Modimo. Kea tseba hore ha re latele ditšomo tse qapiloeng ka masene.KHK 85.2

    Petrose o kgothatsa banab’abo “holang mohaung, le tsebong ea Morena oa rona, le Moloki oa rona Jesu Kreste.” (2 Pet. 3 : 18.)KHK 85.3

    Chaba sa Modimo ha se hola mohaung, se tla ‘ne se fumane kutloisiso e hloekileng ea lentsoe la Hae; ba tla bontšisa lesedi le lecha, le bokgabane di ‘neteng tsa sephiri sa lona.KHK 85.4

    Tsena e ‘nile ea eba ‘nete tabeng tsa kereke melokong eohle, ‘me ho tla ‘ne ho be joalo ho isa qetellong. “Tsela ea ba lokileng e joaleka lesedi la hosasa le ntseng le eketseha ho fihlela motšeare.” (diProv. 4 : 18, R.V. Tadima hlaloso.)KHK 85.5

    Ka tumelo re tadima ho tse tlang, ‘me re tšoara pallo ea Modimo hore e be kgodiso ea rona, ha tšebetso ea ngoan’a motho e kopane le Modimo, ‘me matla ‘ohle a moea e tla ba a kopantsoe hantle le mohlodi oa lesedi. A re thabeng, hoba tsohle tse neng di re tsietsa paballong ea Modimo di tla hlalosoa; tse thata ho utloisisoa di tla fumana hlaloso; ‘me moo mehopolo ea rona e haelloang e fumaneng pherekano le merero e maharasoa, re tla bona kopano e ntle e hloekileng.KHK 85.6

    “Joale re bonela leroothong ka seipone; empa mohlang oo—re tla senola difahleho di tadimane, joale ke tseba ka nqa e le ngoe feela: mohlang oo ke tla tseba joaleka ha ke tsejoa.” (1 baKor. 13 : 12.)KHK 85.7

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents